Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb17 November leq. 3
  • Ho ntlafatsa bokhoni ba rona boboleling ka ho etsa leeto la ho boela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho ntlafatsa bokhoni ba rona boboleling ka ho etsa leeto la ho boela
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ka ho Lokisetsa Leeto la ho Boela
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Ntlafatsa Bokhoni Ba Hao Boboleling​—⁠Lokisetsa Potso eo U Tla e Araba Leetong la ho Boela
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2016
  • Ho Lokisetsa ho re Thusa ho Etsa Maeto a ho Boela a Atlehang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Karolo ea 11: Ho Thusa Liithuti ho Etsa Maeto a ho Boela
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
mwb17 November leq. 3

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rona Boboleling​—Ka ho Khutlela ho Batho ba Ileng ba Thahasella Molaetsa

KE HOBANE’NG HA HO LE BOHLOKOA: Batho ba bangata ba thahasellang molaetsa oa Bibele ba batla ho tseba Molimo. (Esa. 55:6) Re lokela ho lula re khutlela ho bona e le ho ba thusa hore ba ’ne ba ithute ka Molimo. Batho ba hlaheloa ke mathata a fapaneng. Kahoo, le tsela eo re ba thusang ka eona e tla fapana. Empa re tla atleha haeba nako le nako pele re khutlela ho bona re lokisetsa hore na re tla buisana ka’ng le bona, ka sepheo sa hore re qetelle re se re ithuta Bibele le bona.

RE KA HO ETSA JOANG?:

  • Khutlela ho motho eo u mo fumaneng kapele kamoo u ka khonang, mohlomong ka mor’a matsatsi a seng makae.—Mat. 13:19

  • E-ba botsoalle, mo hlomphe ’me u phutholohe

  • Qala ka ho mo lumelisa u bososela ’me u mo bitse ka lebitso. Mo hopotse hore na ke hobane’ng ha u tlile, mohlomong ho tl’o araba potso e itseng, ho mo fa sengoliloeng sa morao-rao, ho mo bontša websaete, video kapa hore na re ithuta Bibele joang le batho. Haeba a bua ka taba e ’ngoe e fapaneng le eo u neng u tl’o bua le eena ka eona, bua ka eona taba eo.—Bafil. 2:4

  • Mo thuse hore a lule a thahasella ka hore u mo balle Lengolo, mohlomong u be u mo fe le sengoliloeng. (1 Bakor. 3:6) Leka ho etsa hore a phutholohe ha u le teng

  • Mo bolelle hore na le tla bua ka’ng nakong e tlang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela