Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb18 April leq. 8
  • Ke ha Bohlokoa ho Bolela le ho Ruta e le Hore re Etse Barutuoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke ha Bohlokoa ho Bolela le ho Ruta e le Hore re Etse Barutuoa
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2018
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rona Boboleling ka ho Thusa ba Nang le ‘Tsekamelo e Nepahetseng’ Hore Ebe Barutuoa
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2018
  • U ka Khona ho Etsa Batho Barutuoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Lihlooho Tsa Litaba Tsa Bibele Tsa Puisano
    Lihlooho Tsa Bibele Tsa Puisano
  • Ho Bolela ka Ntlo le Ntlo—Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa Hona Joale?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2018
mwb18 April leq. 8

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Ke Habohlokoa ho Bolela le ho Ruta e le Hore re Etse Barutuoa

Jesu o laetse balateli ba hae hore ba etse barutuoa. (Mat. 28:19) Sena se akareletsa ho bolela le ho ruta. Nako le nako re lokela ho ipotsa hore na re ka ntlafatsa joang likarolong tsena tsa mosebetsi oa ho etsa barutuoa.

HO BOLELA

Ho e-na le hore re emele hore batho batle ho rona, re lokela ho chesehela ho batla ba “tšoanelehang.” (Mat. 10:11) Na ha re le tšebeletsong re malala-a-laotsoe ho buisana le batho bohle bao re kopanang le bona? (Lik. 17:17) Lydia e ile ea e-ba morutuoa ka lebaka la hore Pauluse o ne a bolela ka cheseho.​—Lik. 16:13-15.

Samuele o fa Ezekiele makasine; Solomone le Maria ba bua le Ezekiele le Abigaile ka Molimo

“Jala peō ea hao hoseng ’me u se ke ua lumella letsoho la hao hore le phomole ho fihlela ka shoalane” (Moek. 11:6)

SHEBELLANG VIDEO EA “HO PAKA RE SA KHAOTSE”​—NENG LE NENG HA MONYETLA O HLAHA LE KA NTLO LE NTLO ’ME LE ARABE LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Retšelisitsoe o ne a bontša joang hore letsatsi le letsatsi o ikemiselitse ho bolela litaba tse molemo ka cheseho?

  • Ke hobane’ng ha re lokela ho tsoela pele re etsa mefuta eohle ea ho bolela?

  • Ke bo-mang bao u ka ba bolellang litaba tse molemo, mohlomong e le batho bao u kopanang le bona letsatsi le letsatsi?

HO RUTA

E le hore re etse barutuoa, ha rea lokela ho ba siela lingoliloeng feela. E le hore kamano ea bona le Molimo e hole, re lokela ho khutlela ho bona le ho ba khannela lithuto. (1 Bakor. 3:6-9) Re lokela ho etsa’ng haeba le ka mor’a ho etsa boiteko ba ho ba ruta re bona ho se nko ho tsoa lemina? (Mat. 13:19-22) Re lokela ho tsoela pele re batla bao lipelo tsa bona li leng joaloka ‘mobu o motle.’​—Mat. 13:23, Lik. 13:48.

Solomone le Maria ba ithuta Bibele le Ezekiele le Abigaile; Ezekiele le Abigaile ba etsa bopaki ba phatlalatsa

“Ke ile ka lema, Apolose a nosetsa, empa Molimo a ’na a hōlisa” (1 Bakor. 3:6)

SHEBELLANG VIDEO EA HO PAKA RE SA KHAOTSE” —PHATLALATSA LE KA HO ETSA BARUTUOA ’ME LE ARABE LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Sekonyela le ’Masello ba ile ba thusa Poloko le ’Marethabile joang hore lerato la bona ho Molimo le hole?

  • Morero oa rona e lokela ho ba ofe ha re etsa mefuta e fapaneng ea tšebeletso ho akareletsa le bopaki ba phatlalatsa?

  • Ke joang re ka etsang sohle se matleng a rona ho ruta ba bang Lentsoe la Molimo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela