Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb19 March leq. 5
  • Ho Ntlafatsa Bokhoni Ba Rona Boboleling Ka Ho Ngola Mangolo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ntlafatsa Bokhoni Ba Rona Boboleling Ka Ho Ngola Mangolo
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Buisana ka Mangolo
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Na U Etsa Sohle Seo U ka se Khonang Hore U Sebelise Likarete Tsa Boitsebiso Tsa JW.ORG?
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2016
  • Re na le Kofuto e Ncha ea ho Qalisa Lithuto!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
mwb19 March leq. 5

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Ho Ntlafatsa Bokhoni Ba Rona Boboleling Ka Ho Ngola Mangolo

HOBANE’NG HO LE BOHLOKOA?: 1 Bakorinthe ke le leng la mangolo a 14 ao moapostola Pauluse a ileng a a ngolla Bakreste ’moho le eena ho ba khothatsa. Ha motho a ngola lengolo, o khona ho khetha mantsoe hantle hape motho ea le amohelang a ka le bala hangata. Re ka sebelisa mangolo ho ruta beng ka rona le metsoalle Bibele. Re ka boela ra ngolla batho bao re sa khoneng ho kopana le bona tšimong, ba kang ba bontšitseng thahasello molaetseng oa Bibele empa ho se bonolo ho ba fumana malapeng a bona. Ho ka etsahala hore e be tšimong ea rona ho na le matlo a sirelelitsoeng ka thata kapa ao ho leng thata ho fihla ho ’ona. Ke lintho life tseo u lokelang ho nahana ka tsona haholo-holo ha u ngolla motho eo u sa mo tsebeng?

Moapostola Pauluse o ngola lengolo

KAMOO RE KA HO ETSANG KATENG:

  • Morali’abo rona o ngola lengolo ka hloko

    Ngola lintho tseo u neng u tla li buoa ha le ne le shebane mahlong. Qalong ea lengolo, ipolele hore na u mang le hore na morero oa ho ngola lengolo leo ke ofe. Ka mor’a moo, u ka ’na oa ngola potso e fatang maikutlo, ebe u mo bolella hore a ka fumana karabo ea eona websaeteng ea rona. Mo bontše kamoo a ka ithutang Bibele le rona kateng kapa u ka mo bolella se seng sa lihlooho tse hlahang ka har’a lingoliloeng tseo re li sebelisang ho ithuta Bibele le batho. Ka har’a lengolo lena re ka kenya karete ea boitsebiso, memo kapa pampitšana

  • Toba taba. Lengolo la hao le lokela ho ba lekhutšoanyane ’me le tobe taba e le hore motho eo u mo ngoletseng a se ke a teneha ke ho le bala.​—Sheba mohlala oa lengolo

  • Ha u qeta ho le ngola, le bale e le hore u utloe hore na le baleha hantle. Etsa bonnete ba hore le utloahala le le botsoalle ebile le bontša hore u na le maikutlo a nepahetseng. Haeba u tla le romela ka poso, tiisa hore u beha setempe se nepahetseng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela