PHELA JOALOKA MOKRESTE
Boinehelo ba Bomolimo ha bo Bapisoa le Koetliso ea ’Mele
Na koetliso ea ’mele e ka re tsoela molemo? E, empa ho ba le kamano e ntle le Molimo ho molemo ho feta boikoetliso ba ’mele. (1Ti 4:8) Ka lebaka leo, Bakreste ba lokela ho leka-lekanya lintho.
SHEBELLANG VIDEO EA LIPOPAE EA SEO U LOKELANG HO SE TSEBA KA LIPAPALI. EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:
1. Lipapali li re thusa ho ba le litsebo life?
2. Ke lintho life tse tharo tse ka re thusang ho khetha hore na papali e itseng e re loketse kapa che?
3. Pesaleme ea 11:5 e ka re thusa joang ho khetha hore na ke lipapali life tseo re ka li shebellang le ho li bapala?
4. Bafilipi 2:3 le Liproverbia 16:18 li ka re thusa joang ho tseba hore na re ka bapala lipapali joang?
5. Bafilipi 1:10 e ka re thusa joang hore re qobe ho qeta nako e ngata re shebelletse kapa re bapala lipapali?