MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | EXODA 8-9
Faro ea Ikhohomosang o Phetha Thato ea Molimo Le hoja a sa Hlokomele
Babusi ba Egepeta ba ne ba inka e le melimo. Joale rea utloisisa hore na ke hobane’ng ha Faro a ne a ikhohomosa a bile a sa batle ho mamela Moshe le Arone hammoho le baprista ba hae ba sebelisang boselamose.
Na oa mamela ha ba bang ba fana ka litlhahiso? Na u ananela keletso eo u e fuoang? Kapa u ikutloa eka u lula u nepile? “Boikakaso bo etella ho oa pele.” (Lipr 16:18) Ke ha bohlokoa hore re lule re loantša boikhomohoso!