Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb22 May leq. 7
  • Na U se U Itokisitse Bakeng sa Merusu?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U se U Itokisitse Bakeng sa Merusu?
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na u se u Itokisitse?
    Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
  • Lula u Itokisitse Qetellong ea “Matsatsi a ho Qetela”
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
  • Lula U Itokiselitse Mathata a Moruo?
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rona Boboleling​—⁠Ho Ruta Liithuti Tsa Rona ho Lokisetsa
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2018
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
mwb22 May leq. 7
Lelapa le shebelletse litaba tsa merusu ea moo le lulang teng thelevisheneng. Le na le mekotla ea tšohanyetso pel’a lona.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Na U se U Itokisitse Bakeng sa Merusu?

Ha bofelo bo ntse bo atamela re ka lebella hore ho be le merusu, bokhukhuni le lintoa tse eketsehileng. (Tše 6:4) Re ka itokisa joang bakeng sa mathata a ka re hlahelang nakong e tlang?

  • Matlafatsa setsoalle sa hao le Jehova: Ithute melao-motheo ea Bibele le litlaleho tse ka u thusang hore u tšepe Jehova le mokhatlo oa hae le e tla u thusa hore u lule u sa nke lehlakore. (Lipr 12:5; jr 125-126 ¶23-24) Ena ke nako ea hore u matlafatse setsoalle sa hao le bara le barali babo rona ka phuthehong.​—1Pe 4:​7, 8

  • Lokisa lintho tseo u tla li hloka: Etsa bonnete ba hore u na le leano le tla u thusa hore u lule u bolokehile haeba u sa khone ho tsamaea le hore u be le lijo le metsi a lekaneng. U lokela ho etsa leano la hore na u tla etsa joang haeba u tlameha ho tsamaea moo u lulang teng. Sheba hore na ho na le eng ka mokotleng oa hao oa tšohanyetso ’me u etse bonnete ba hore u na le lintho tsa thuso ea pele le chelete. Etsa bonnete ba hore u na le mokhoa oa ho buisana le baholo le hore le bona ba na le mokhoa oa ho buisana le uena.​—Esa 32:2; g17.5 3-7

Nakong ea morusu, tsoela pele ho etsa lintho tseo u tloaetseng ho li etsa ho rorisa Jehova joaloka ho rapela, ho ithuta Bibele le ho ea libokeng. (Fil 1:​10) Lula sebakeng se le seng ntle le ha ho hlokahala hore u ee sebakeng se seng. (Mat 10:​16) Arolelana le ba bang lijo le lintho tse ling.​—Bar 12:13.

SHEBELLANG VIDEO EA U KA ETSA’NG HO ITOKISETSA LIKOLUOA? EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Jehova a ka re thusa joang nakong ea likoluoa?

  • Re ka itokisa joang bakeng sa mathata a ka hlahang?

  • Re ka etsa’ng ho thusa ba hlahetsoeng ke likoluoa?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela