Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb23 May leq. 5
  • Lula U Itokiselitse Mathata a Moruo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lula U Itokiselitse Mathata a Moruo?
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na u se u Itokisitse?
    Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
  • Lula u Itokisitse Qetellong ea “Matsatsi a ho Qetela”
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
  • Liqeto Tse Bontšang Hore re Tšepa Jehova
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Na U se U Itokisitse Bakeng sa Merusu?
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
mwb23 May leq. 5

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Lula U Itokiselitse Mathata a Moruo?

Ha re makale ha re bona moruo o sa tsitse ka lebaka la lintho tse etsahalang lefatšeng. Hobane’ng? Hobane re phela mehleng ea bofelo ’me Bibele e re eletsa hore re se ke ra tšepa “maruo a ka felang.” (1Ti 6:17; 2Ti 3:1) Mohlala oa Morena Josafate o re ruta’ng ka ho itokisetsa mathata a moruo?

Ha Josafate a hlaseloa, o ile a tšepa Jehova. (2Kr 20:9-12) O ile a boela a sireletsa sechaba esale pele ka ho beha masole metseng eohle e sirelelitsoeng ka marako. (2Kr 17:1, 2, 12, 13) Joaloka Josafate, re lokela ho tšepa Jehova ’me re itokisetse maemo a boima.

KE JOANG RE KA ITOKISETSANG MATHATA A MORUO?

Matlafatsa setsoalle sa hao le Jehova: Khotsofalla lintho tseo u nang le tsona u be u tšepe hore Jehova o tla u fa lintho tseo u li hlokang bakeng sa letsatsi ka leng. (Mat 6:26; 1Ti 6:8) U se ke oa khaotsa ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ka lebaka la lintho tseo u li hlokang. (Bar 2:21) Nahana ka hore na u tla fumana lintho tse tla u thusa ho matlafatsa setsoalle sa hao le Jehova joang haeba motlakase kapa Inthanete e ka ba sieo. Lula u e-na le likopi tse hatisitsoeng tsa lingoloa tse thehiloeng Bibeleng ’me u daonloude lingoloa sesebelisoeng sa elektronike esale pele haeba ho khoneha.

Itokise esale pele bakeng sa lintho tseo u tla li hloka: Qoba likoloto le litšenyehelo tse sa hlokahaleng pele ho e-ba le mathata a moruo. (Pr 22:7) Boloka lijo tse ke keng tsa senyeha le lintho tse ling tse hlokahalang. Ba bang ba ka ’na ba bona ho le molemo ho lema meroho e le hore ba boloke chelete.

SHEBELLANG VIDEO EA NA U ITOKISELITSE LIKOLUOA TSA TLHAHO? EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

Video ea “Na U Itokiselitse Likoluoa Tsa Tlhaho?” Ho hlahile Bibele, go bag, fono le basebetsi ba kaho.
  • U ka etsa’ng ho itokisetsa koluoa?

Video ea “Na U Itokiselitse Likoluoa Tsa Tlhaho?” Bara ba bo rona ba thusa batho ba hlahetsoeng ke koluoa. Ba theola thepa koloing le ho thusa ka mosebetsi oa kaho.
  • Ke joang u ka itokisetsang ho thusa ba bang?

SEO U KA SE ETSANG

Nakong ea borapeli ba lelapa, hlahlobang Tsoha! No. 1 ea 2022. Buisanang ka lintho tse ling tseo le ka li etsang e le hore le lule le itokiselitse koluoa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela