Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w23 August maq. 14-17
  • U ka Etsa’ng ha Molekane oa Hao a Shebella Pornography?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Etsa’ng ha Molekane oa Hao a Shebella Pornography?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MOLEKANE EA SE NANG MOLATO A KA ETSA’NG?
  • NA U KA KHONA HO MO THUSA?
  • U KA ETSA’NG HAEBA MONNA OA HAO A TSOELA PELE HO SHEBELLA PORNOGRAPHY?
  • Ho Shebella Pornography ho ka Senya Lenyalo
    Se ka Thusang Lelapa
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Qoba Litšoantšo Tse Tsosang Takatso?
    Bacha Baa Botsa
  • Nka Qoba Litšoantšo Tse Manyala Tse Hlephisang Boitšoaro Joang?
    Tsoha!—2007
  • Likotsi Tse Bakoang ke Litšoantšo Tse Manyala Tse Hlephisang Boitšoaro
    Tsoha!—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
w23 August maq. 14-17
Morali oa bo rona o lutse fatše pel’a bethe o ntse a lla. Moraonyana ho na le foto ea lechato la hae pel’a bethe.

U ka Etsa’ng ha Molekane oa Hao a Shebella Pornography?

  • “Ke ne ke ikutloa joalokaha eka monna oa ka o entse bofebe hangata.”

  • “Ke ile ka utloa ke tlotlolotsoe, ke sa ratehe ebile ke se na thuso.”

  • “Ke ne ke sa khone ho bua le mang kapa mang ka eona. Ke ne ke utloile bohloko haholo empa ke se na motho ea ka ntšelisang.”

  • “Ke ne ke utloa eka Jehova ha a ntsotelle.”

Mantsoe ana a ka holimo a bontša kamoo mosali a utloang bohloko kateng ha monna oa hae a shebella pornography. Joale haeba a nkile likhoeli kapa lilemo a ntse a e shebella lekunutung, mosali a ka ’na a utloa eka a ke ke a khona ho mo tšepa hape. Mosali e mong o ile a re: “Ke utloa eka ha ke tsebe monna oa ka ho hang. Ebe ho na le lintho tse ling hape tseo a mpatetseng tsona?”

Sehlooho sena se ngoletsoe mosali eo monna oa hae a shebellang pornography.a Se na le melao-motheo ea Bibele e tla mo tšelisa le e tla mo kholisa hore Jehova oa mo rata ebile o tla mo thusa. Hape se tla mo thusa hore a be le khotso le hore a lule a e-na le kamano e ntle le Jehova.b

MOLEKANE EA SE NANG MOLATO A KA ETSA’NG?

Le hoja u ke ke oa laola ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo monna oa hao a e etsang, ho na le lintho tseo u ka li etsang e le hore u se ke oa tšoenyeha haholo le hore u be le khotso. Leka ho etsa lintho tse latelang.

U se ke oa ipeha molato. Mosali a ka ’na a utloa eka ke molato oa hae hore ebe monna oa hae o shebella pornography. Alicec o ne a utloa eka ho na le ntho eo monna oa hae a nkang e haella ho eena joaloka mosali. O ne a ipotsa hore na ke hobane’ng ha monna oa hae a ne a batla ho sheba basali ba bang eseng eena. Basali ba bang ba ipeha molato ka liketso tsa banna ba bona ’me ba nahana hore ke bona ba etsang hore lintho li senyehe le ho feta. Danielle o re: “Ke ne ke bona eka ke ’na ea qhalang lenyalo la rona hobane joale ke ne ke halefile haholo.”

Haeba le uena u ikutloa joalo, tseba hore Jehova ha a nke u ikarabella ka liketso tsa monna oa hao. Jakobo 1:14 e re: “E mong le e mong o lekoa ke ho hoheloa ke litakatso tsa hae.” (Bar. 14:12; Bafil. 2:12) Jehova ha a u nke u le molato. Ho e-na le hoo, o u nka u le motho oa bohlokoa hobane oa mo tšepahalla.—2 Likron. 16:9.

Ntho e ’ngoe ea bohlokoa eo mosali a lokelang ho e utloisisa ke hore taba ea hore ebe monna oa hae o shebella pornography ha e bolele hore ho na le ntho e itseng e haellang ho eena joaloka mosali. Litsebi li bontša hore ha monna a shebella pornography, o ba le litakatso tsa thobalano tseo ho seng mosali ea ka khonang ho li khotsofatsa.

U se ke oa tšoenyeha haholo. Catherine o re ntho feela eo a neng a lula a nahana ka eona e ne e le hore monna oa hae o shebella pornography. Frances o re: “Kea tšoenyeha ha ke sa tsebe hore na monna oa ka o hokae. Ke lula ke tšoenyehile haholo letsatsi lohle.” Basali ba bang ba ikutloa ba hlajoa ke lihlong ha ba e-na le bara le barali ba bo rona ba tsebang hore banna ba bona ba shebella pornography. Ba bang ba re ba ikutloa e le metoai-toai hobane ba nahana hore ha ho na motho ea utloisisang boemo ba bona.

Ke ha tlhaho ho ikutloa joalo. Empa haeba u lula u nahana ka lintho tsena, u tla tšoenyeha le ho feta. Ho e-na le hoo, leka ho nahana haholo ka kamano ea hao le Jehova. Ho etsa joalo ho tla u thusa hore u khone ho mamella.—Pes. 62:2; Baef. 6:10.

Ho bala le ho nahanisisa ka mehlala e tsoang ka Bibeleng ea basali ba neng ba e-na le mathata ba ileng ba tšelisoa ke ho rapela Jehova ho ka u thusa. E ne e se kamehla a tlosang mathata a bona empa o ne a ba fa khotso. Ka mohlala, Anna o ne a “utloile bohloko haholo” ka lebaka la boemo ba hae. Empa ka mor’a ho “rapela ka nako e telele ka pel’a Jehova,” o ile a ba le khotso le hoja a ne a sa tsebe hore na ho tla etsahala’ng.—1 Sam. 1:10, 12, 18; 2 Bakor. 1:3, 4.

Morali oa bo rona ea hlahileng holimo o ntša maikutlo a hae ’me monna oa hae le baholo ba babeli ba mo mametse ka hloko.

Monna le mosali ba ka ’na ba tlameha ho kopa thuso ea baholo ba le babeli

Kopa baholo hore ba u thuse. Ba ka ba joaloka “sebaka sa ho ipatela moea le setšabelo sa ho ipatela pula e nang ka sefefo.” (Esa. 32:2, nal.) Mohlomong ba ka ba ba etsa tlhahiso ea hore u bue le morali oa bo rona ea itseng ea tla u tšelisa.—Liprov. 17:17.

NA U KA KHONA HO MO THUSA?

Na u ka khona ho thusa monna oa hao hore a tlohele ho shebella pornography? Mohlomong. Bibele e re “ba babeli ba molemo ho feta a le mong” ha ho loantšoa sera se matla. (Moek. 4:9-12) Litsebi li bontša hore ha banyalani ba sebetsa hammoho, ho ka ba bonolo hore monna a tlohele ho shebella pornography le hore mosali oa hae a ithute ho mo tšepa hape.

Ke ’nete hore ho itšetlehile haholo ka hore na molekane oa hao o ikemiselitse hakae ho sebetsa ka thata e le hore a tlohele ho shebella pornography. Na o kopile Jehova ka tieo hore a mo fe matla a ba a kopa thuso ea baholo? (2 Bakor. 4:7; Jak. 5:14, 15) Na o se a tlile ka leano le tla mo thusa ho tlohela ho shebella pornography? Ka mohlala, na o ipehetse meeli ha a sebelisa sesebelisoa sa hae sa elektronike, hona na o qoba maemo a ka etsang hore a shebe pornography? (Liprov. 27:12) Na o ikemiselitse ho amohela hore u mo thuse, hona na o u bolella ’nete kamehla? Haeba ho joalo, u ka ’na oa khona ho mo thusa.

U ka mo thusa joang? Nahana ka mohlala ona. Felicia o ile a nyalana le Ethan ea neng a tloaetse ho shebella pornography ho tloha ha a sa le monyenyane. Felicia o mo nolofaletsa hore a bue le eena ha a utloa a batla ho shebella pornography. Ethan o re: “Ke bolella mosali oa ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe. O nthusa hore ke qobe ho ipeha tekong ea ho shebella pornography hape o mpotsa hangata hore na ke ntse ke ea joang. Ebile oa nthusa hore ke se ke ka sebelisa Inthanete haholo.” Felicia o utloisoa bohloko ke taba ea Ethan ea ho shebella pornography. O re: “Empa ho halefa le ho utloa bohloko ha ho thuse Ethan ho tlohela mokhoa ona o mobe. Ha re qeta ho buisana ka mathata a hae, le ’na o khona ho nthusa hore bohloko ba ka bo kokobele.”

Ho buisana ka tsela ena ho ka thusa monna hore a tlohele ho shebella pornography, hape ho ka thusa mosali hore a boele a mo tšepe. Ha monna a ikemiselitse ho bua ka bofokoli ba hae, hore na o hokae le hore na o ntse a etsa’ng, mosali o khona ho mo tšepa hobane ha a sa mo patela letho.

Na u nahana hore u ka khona ho thusa monna oa hao ka tsela eo? Haeba ho joalo, mohlomong le ka bala sehlooho sena hammoho ’me la buisana ka sona. Sepheo sa hae e tla be e le ho khaotsa ho shebella pornography le ho etsa hore u mo tšepe. Monna oa hao o lokela ho utloisisa hore na bothata bona bo etsa hore u ikutloe joang ho e-na le hore a halefe hobane u batla ho bua ka bona. U lokela ho mo tšehetsa ha a etsa boiteko ba ho tlohela mokhoa ona u be u mo fe monyetla oa hore a u bontše hore u ka mo tšepa hape. Bobeli ba lona le lokela ho ithuta hore na ke eng e etsang hore motho a batle ho shebella pornography le hore na bothata boo bo ka hloloa joang.d

Haeba le tšaba hore le ke ke la khona ho buisana le khobile matšoafo, ka nakoana le ka kopa moholo eo bobeli ba lona le tla phutholoha ha a le teng hore a be teng ha le buisana ka bothata bona. Elelloa hore le haeba molekane oa hao a se a khaolitse ho shebella pornography ka ho feletseng, ho ka nka nako e telele hore u boele u mo tšepe. U se ke oa tela. Sheba lintho tse nyenyane tse bontšang hore kamano ea lona e ntse e ntlafala. U se ke oa lahla tšepo ea hore ka mor’a nako lenyalo la lona le tla ba matla hape haeba le mamella.—Moek. 7:8; 1 Bakor. 13:4.

Baholo ba ka Thusa Joang?

  • Lokisetsang hore le buisane le banyalani ka bobeli khafetsa haeba mosali a se na bothata. Fang mosali monyetla oa hore a le bolelle hore na o ikutloa joang.—Esa. 32:1, 2; 1 Bathes. 5:14; 1 Pet. 5:2, 3.

  • Utloisisang hore motho a ka lemalla ho sheba pornography le hore na o lokela ho etsa’ng e le hore a e tlohele ka ho feletseng.

  • Le haeba ho ka bonahala eka motho o tlohetse ho sheba pornography, hlokomelang hore o lokela ho tsoela pele a thusoa e le hore a se ke a khutlela ho eona hape.

  • E-bang hlokolosi hore le se ke la emela boitšoaro ba monna kapa la fana ka maikutlo a hore ka tsela e itseng mosali o molato.

  • Khothaletsang mosali hore a ipone ka tsela eo Jehova a mo bonang ka eona le hore a tsoele pele ho ithuta ka Jehova le ho rapela kamehla.

  • Kholisang mosali hore o ratoa ke Jehova, sehlopha sa baholo le phutheho ebile baa mo hlompha le ho mo nka e le motho oa bohlokoa.

U KA ETSA’NG HAEBA MONNA OA HAO A TSOELA PELE HO SHEBELLA PORNOGRAPHY?

Haeba monna oa hao a shebella pornography hape ka mor’a nako e itseng a se a sa e shebe, na see se bolela hore ha aa baka le hore a ke ke a hlola a tlohela mokhoa oo? Ha se kamehla ho leng joalo. Haeba a se a tloaetse ho shebella pornography, a ka ’na a tlameha ho loantša mokhoa ona bophelo bohle ba hae. A ka ’na a shebella pornography hape esita le ka mor’a lilemo tse ngata a tlohetse ho e sheba. E le hore seo se se ke sa etsahala, o tla lokela ho ipehela meeli e eketsehileng a be a itšoare ka thata esita leha ho se ho fetile nako ho bonahala eka o hlotse bothata boo. (Liprov. 28:14; Mat. 5:29; 1 Bakor. 10:12) O tla lokela ho sebetsa ka thata ho ‘nchafatsa tsela eo a nahanang ka eona’ le ho ithuta ho ‘hloea lintho tse mpe’ tse akareletsang pornography le mekhoa e meng e sa hloekang e kang ho ipholla litho tsa botona kapa tsa botšehali. (Baef. 4:23; Pes. 97:10; Bar. 12:9) Na o ikemiselitse ho etsa joalo? Haeba ho joalo, a ka ’na a qetella a hlotse mokhoa ona ka ho feletseng.e

Morali eo oa bo rona o bala Bibele.

Nahana haholo ka kamano ea hao le Jehova

Empa u ka etsa’ng haeba molekane oa hao a sa batle ho loantša bothata ba hae? Ke taba e utloahalang hore hangata u ka ’na oa ikutloa u halefile, u phoqehile u bile u soetsehile. Siea lintho matsohong a Jehova e le hore u be le khotso. (1 Pet. 5:7) Tsoela pele u atamela haufi le Jehova ka hore u ithute, u rapele u be u nahanisise. Kholiseha hore le eena o tla atamela ho uena. Esaia 57:15 e re o lula le “ba nyahameng le ba oeleng moea” ’me o ba thusa ho thaba hape. Leka sohle seo u ka se khonang hore u be Mokreste ea molemo. Kopa thuso ea baholo. Lula u e-na le tšepo ea hore ho na le nako eo monna oa hao a tla fetoha.—Bar. 2:4; 2 Pet. 3:9.

a Sehloohong sena re tla bua ka monna e le eena ea shebellang pornography. Empa melao-motheo e mengata eo ho buuoang ka eona, e ka thusa le monna eo mosali oa hae a shebellang pornography.

b Ho shebella pornography ha se lebaka la Mangolo la hore motho a hlale molekane oa hae.—Mat. 19:9.

c Mabitso a fetotsoe.

d Likeletso tse ka thusang tabeng ena lia fumaneha ho jw.org le lingoloeng tsa rona. Ka mohlala, sheba sehlooho se reng “Ho Shebella Pornography ho ka Senya Lenyalo” ho jw.org/st, se reng “U ka Hlola ho Hoheleha!” ho Molula-Qhooa oa April 1, 2014, leq. 10-12 le se reng “Litšoantšo Tsa Bootsoa—Na li Kotsi Kapa Che?” ho Molula-Qhooa oa August 1, 2013, leq. 3-7.

e Kaha motho a ka tloaela ho shebella pornography, banyalani ba bang ba entse qeto ea ho bona litsebi kapa lingaka e le hore li ba thuse ka bothata boo ha ba ntse ba boetse ba thusoa ke baholo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela