Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwhf sehlooho 30
  • Ho Shebella Pornography ho ka Senya Lenyalo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Shebella Pornography ho ka Senya Lenyalo
  • Se ka Thusang Lelapa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo u lokelang ho se tseba
  • Seo u ka se etsang
  • U ka Etsa’ng ha Molekane oa Hao a Shebella Pornography?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Nka Qoba Litšoantšo Tse Manyala Tse Hlephisang Boitšoaro Joang?
    Tsoha!—2007
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Qoba Litšoantšo Tse Tsosang Takatso?
    Bacha Baa Botsa
  • Likotsi Tse Bakoang ke Litšoantšo Tse Manyala Tse Hlephisang Boitšoaro
    Tsoha!—2003
Bala Tse Ling
Se ka Thusang Lelapa
ijwhf sehlooho 30
Monna ea soabileng o inamisitse hlooho ’me o itšoere phatleng, mosali oa hae eena o shebile ka ntle a le fensetereng.

SE KA LELAPA | LENYALOTHUSANG

Ho Shebella Pornography ho ka Senya Lenyalo

Mosali o ile a fumana ntho eo monna oa hae a neng a e etsa lekunutung. Monna oa hae o ile a kopa tšoarelo ka tieo. O ile a tšepisa hore o tla emisa ’me o ile a khona ho emisa ka nakoana. Leha ho le joalo o ile a etsa ntho eo hape eaba mosali oa hae oa fumana hore o qaleletse. A kopa tšoarelo ’me a tšepisa hore o tla emisa.

Na le uena u boemong bo tšoanang? Haeba ho joalo, u lokela ho hlokomela hore na tloaelo ea hao ea ho shebella pornography e ama molekane oa hao joang le hore na u ka etsa’ng ho tlohella mokhoa oo ka ho feletseng.a

Seo re tl’o ithuta sona sehloohong sena

  • Seo u lokelang ho se tseba

  • Seo u ka se etsang

  • Haeba monna oa hao a shebella pornography

Seo u lokelang ho se tseba

Pornography e ka senya lenyalo la hao. E ka etsa hore molekane ea se nang molato a jare molekane oa hae ka pelo le hore a khaotse ho mo tšepa.b

Mosali eo monna oa hae a shebellang pornography a ka ’na a ba le maikutlo a latelang:

  • Ho ikutloa a fetohetsoe. Mosali ea bitsoang Sarah o re: “Ke ne ke utloa eka monna oa ka o entse bofebe hangata.”

  • Ho ikutloa a se na thuso. Mosali e mong o re o ne a ikutloa “a le mobe a bile a tlotlolotsoe” hobane monna oa hae a shebella pornography.

  • Ho se mo tšepe. Mosali ea bitsoang Helen o re: “Ke belaella ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo monna oa ka a e etsang.”

  • Ho tšoenyeha. Mosali e mong ea bitsoang Catherine o re: “Ntho feela eo ke neng ke lula ke nahana ka eona e ne e le hore monna oa ka o shebella pornography.”

Seo u ka nahanang ka sona: Bibele e re monna o lokela ho rata mosali oa hae. (Baefese 5:25) Na o tla be a bontša hore oa mo rata haeba a etsa hore a ikutloe ka litsela tse boletsoeng ka holimo?

Seo u ka se etsang

Ha ho bonolo ho tlohella ho shebella pornography. Mosali ea bitsoang Stacey o re: “Monna oa ka o tlohetse ho tsuba sakerete, matekoane le ho noa joala, empa ha a khone ho tlohella ho shebella pornography.”

Haeba u boemong bo tšoanang, litlhahiso tse latelang li ka u thusa hore u emise mokhoa ’ona ka ho feletseng.

  • Utloisisa hore na ke hobane’ng ha ho shebella pornography ho fosahetse. Ho shebella pornography ho khotsofatsa litakatso tsa boithati ’me ho etsa hore lerato, ho tšepana le ho tšepahallana li fele, e leng lintho tse etsang hore lenyalo e be le thabileng. Hape ho bontša hore motho ha a hlomphe Moqapi oa lenyalo e leng Jehova Molimo.

    Molao-motheo: “Batho bohle ba hlomphe lenyalo.”—Baheberu 13:4.

  • Nka boikarabelo bakeng sa liketso tsa hao. U se ke oa re: ‘Ho ne ho ke ke ha hlokahala hore ke shebelle pornography hoja mosali oa ka o ne a mpontša lerato.’ Ho beha mosali oa hao molato ke ho mo hlokela toka ebile ho etsa hore u iphe lebaka la hore u shebelle pornography hape hobane o nahana hore ha a u bontše lerato.

    Molao-motheo: “E mong le e mong o lekoa ke ho hoheloa ke litakatso tsa hae.”—Jakobo 1:14.

  • Buisana le molekane oa hao ’me u mo bolelle ’nete. Monna ea bitsoang Kevin o re: “Ke bua le mosali oa ka letsatsi le leng le le leng. Kea mo bolella haeba ke ile ka sheba ntho e neng e ka etsa hore ke qalelle ho shebella pornography le haeba ke sa e sheba. Ka lebaka leo, ha a utloe eka ho na le lintho tseo ke mo patelang tsona.”

    Molao-motheo: “Re lakatsa ho etsa lintho tsohle ka botšepehi.”—Baheberu 13:18.

  • Lula u le hlokolosi. U ka shebella pornography hape esita le ka mor’a lilemo tse ngata u se u nahana hore u e tlohetse. Kevin eo ho builoeng ka eena pejana o re: “Ke ile ka khona ho tlohella ho shebella pornography ka lilemo tse leshome ’me ke ne ke itjoetsitse hore bothata boo bo felile empa bo ne bo e-so fele.”

    Molao-motheo: “Ea nahanang hore o eme a hlokomele hore a se ke a oa.”—1 Bakorinthe 10:12.

  • Ha u lekeha, ema hanyane. Le hoja u ke ke oa khona ho thibela takatso e fosahetseng, u ka khona ho khetha hore na u inehela ho eona kapa che. Ha u ithuta ho nahana ka lintho tse ling ha takatso e fihla, mohlomong e tla fela kapele ho feta kamoo u nahanang kateng.

    Molao-motheo: ‘E mong le e mong a tsebe ho laola ’mele oa hae e le hore o lule o halalela ebile o hlompheha. Le se ke la laoloa ke litakatso tse feteletseng tsa ho etsa thobalano.’—1 Bathesalonika 4:4, 5.

  • Qoba maemo a ka etsang hore u shebelle pornography hape. Buka e bitsoang Willpower’s Not Enough e re: “Ha u le boemong bo kotsi ho tšoana le ha eka u laeta thutsoana ea mollo, ho se ho hlokahala parafine e seng kae feela . . . hore ho tuke.”

    Molao-motheo: “U se ke oa lumella ntho leha e le efe e mpe ho ntaola.”—Pesaleme ea 119:133.

  • U se ke oa lahla tšepo. Ho ka nka nako e telele kapa lilemo hore molekane oa hao a u tšepe hape. Empa banyalani ba bangata ba ile ba khona ho tšepana hape.

    Molao-motheo: “Motho ea lerato o na le mamello.”—1 Bakorinthe 13:4.

Monna le mosali ba lutse fatše ba tšoarane ka matsoho baa bua.

a Le hoja sehlooho sena se ngoletsoe banna, melao-motheo e hlahang mona e ka boela ea sebelisoa ke basali ba shebellang pornography.

b Banyalani ba bang ba re ho shebella pornography hammoho ho ntlafatsa kamano ea bona. Leha ho le joalo, mokhoa ona o hanyetsana le melao-motheo ea Bibele.—Liproverbia 5:15-20; 1 Bakorinthe 13:4, 5; Bagalata 5:22, 23.

Haeba monna oa hao a shebella pornography

U se ke oa ipeha molato. U se ke oa nka hore ha u ratehe, ha u motle kapa ho na le ntho e haellang ka uena. Ha ho na mosali ea ka khotsofatsang litakatso tse meharo tseo batho ba shebellang pornography ba bang le tsona.

Na u ka tšepa monna oa hao hape? Mohlomong u ka khona, haholo haeba a etsa boiteko ba hore a khaotse ho shebella pornography. Mosali ea bitsoang Felicia o thusa monna oa hae hore a hlokomele hore na ke lintho life tse mo behang tekong ea ho shebella pornography le hore na a ka li qoba joang. O re: “Kea tseba hore bothata bona ke ba monna oa ka eseng ba ka empa ho mo thusa ho entse hore re lokise lenyalo la rona.”—Moeklesia 4:9-12.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela