Ntoa e a Nyarosa
Ntoa e bakela batho tlokotsi e kholo. Masole le batho ba kileng ba e-ba sebakeng seo ho nang le ntoa teng, ba tseba hantle hore e tšosa hakae.
MASOLE
“Nakong ea ntoa, batho ba bolaoa nako e kholo le e nyane kapa ba lemala hampe-mpe. U ke ke oa ikutloa u sireletsehile.”—Gary, oa Britain
“Ke ile ka otloa ke likulo ka mokokotlong le sefahlehong ’me ke ile ka bona batho ba bangata ba bolaoa ho akarelletsa le bana le ba holileng. Ntoa e etsa hore motho a be pelo-thata.”—Wilmar,oa Colombia
“Ha motho a thunngoa ka pel’a hao, ho thata hore u lebale ketsahalo eo. Sello sa hae se bohloko u lula u se utloa ka kelellong ea hao. Ha ho mohla u lebalang ka motho eo.”—Zafirah, oa America
BAAHI
“Ke ile ka utloa eka nkeke ka boela ke thaba hape. U oa tšoha hore u ka ’na oa bolaoa empa u tšoha le ho feta ha u nahana ka hore ba lelapa leno le metsoalle ea hao le bona ba ka ’na ba bolaoa.”—Oleksandra,oa Ukraine
“Re ne re tšohile haholo ka lebaka la hore re ne re tlameha ho ema moleng ho tloha ka hora ea bobeli mesong ho fihlela ka 11 bosiu re emetse lijo le hore re ne re tseba hore neng kapa neng re ka tsoa kotsi ke likulo tse hlahang moo ho ntseng ho loanoa teng haufinyane.”—Daler, oa Tajikistan
“Batsoali ba ka ba ile ba bolaoa nakong ea ntoa. Ke ile ka sala ke le khutsana ’me ho se na motho ea ntšelisang kapa ho ntlhokomela.”—Marie, oa Rwanda
Le hoja batho bana ba utloisitsoe bohloko ke ntoa, ba se ba fumane matšeliso ’me ba kholisehile hore ntoa le liketso tse sehloho tse etsahalang li tla felisoa e se khale. Molula-Qhooa ona o tla sebelisa Bibele ho hlalosa hore na seo se tla etsa joang.