Ho Bolela le ho Ruta Lefatšeng ka Bophara—Lipalo-kakaretso Tsa 2007
TLALEHO e latelang ea selemo sa tšebeletso se fetileng hase letoto feela la lipalo tse sa reng letho. Ho fapana le hoo, ke pontšo ea lerato le boinehelo ba banna, basali le bana ba tšabang Molimo lefatšeng lohle. E, tlaleho ena e etsa hore re bone ka ho hlaka boitelo ba bara le barali babo rōna, ebile e bontša boiteko boo ba bo entseng le kamoo ba sebelisitseng lintho tseo ba nang le tsona kateng ha ba bolela litaba tse molemo “ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Lik. 1:8) Ho sa tsotellehe hore na boitelo bo joalo bo boholo kapa bo bonyenyane, ke ba bohlokoa haholo ho Jehova Molimo le Mora oa hae, Jesu Kreste. (Pes. 50:14; Luka 21:1-4) Tlaleho ena ea selemo e boetse e re hopotsa hore mosebetsi ona o pholosang bophelo o ka etsoa feela ka “matla ao Molimo a fanang ka ’ona.” (1 Pet. 4:11) Kahoo, ha u ntse u thuisa ka tlaleho ena hammoho le liphihlelo tse tla tla ka mor’a moo, e se eka u ka ‘tsoela pele ho fumana matla Moreneng le bonatleng ba matla a hae.’—Baef. 6:10.
Lipalo-kakaretso Tsa 2007
Makala a Lipaki Tsa Jehova: 113
Palo ea Linaha Tse Tlalehang: 236
Kakaretso ea Liphutheho: 101 376
Ba Bileng Teng Sehopotsong Lefatšeng ka Bophara: 17 672 443
Ba Jeleng Sehopotsong Lefatšeng ka Bophara: 9 105
Tlhōrō ea Bahoeletsi ba Tšebeletsong ea ’Muso: 6 957 854
Karolelano ea Bahoeletsi ba Bolelang Khoeli le Khoeli: 6 691 790
Keketseho e Bileng Teng Lekholong ho Feta ka 2006: 3,1
Kakaretso ea ba Kolobelitsoeng: 298 304
Karolelano ea Bahoeletsi ba Nkang Bopula-maliboho bo Thusang Khoeli le Khoeli: 312 741
Karolelano ea Bahoeletsi ba Bulang Maliboho Khoeli le Khoeli: 678 638
Kakaretso ea Lihora Tse Sebelitsoeng Tšimong: 1 431 761 554
Karolelano ea LithutoTsa Bibele Tsa Mahae ea Khoeli le Khoeli: 6 561 426
Selemong sa tšebeletso sa 2007, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa sebelisa chelete e ka holimo ho liranta tse limilione tse 792 ho hlokomela bo-pula-maliboho ba khethehileng, baromuoa le balebeli ba tsamaeang likabelong tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo.
◼ Lefatšeng ka bophara, ka kakaretso ho na le basebeletsi ba khethiloeng ba 19 581 ba sebeletsang makaleng. Kaofela ha bona ke litho tsa Sehlopha sa Bahlanka ba Tšebeletsong e Khethehileng ea Nako e Tletseng Lefatšeng ka Bophara ba Lipaki Tsa Jehova.
[Chate leqepheng la 32-39]
TLALEHO EA SELEMO SA TŠEBELETSO SA 2007 EA LIPAKI TSA JEHOVA LEFATŠENG KA BOPHARA
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
[Limmapa leqepheng la 40-42]
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)