Ho Bolela le ho Ruta Lefatšeng Lohle—Lipalo-kakaretso Tsa 2008
SELEMO se seng le se seng, bukeng ena re bala ka boiteko bo ntseng bo etsoa ho thusa batho hore ba tsebe Jehova Molimo le ho mo rata. Ha ho mohla mosebetsi ona o kileng oa etsoa ka tsela e pharaletseng le e finyellang batho ba bangata hakana. Ha ho na mokhatlo o neng o ka khona ho lefa batho ba limilione hore ba bolele molaetsa leha e le ofe, le hona ba o bolella batho ba bangata lichabeng tsohle. Leha ho le joalo, Lipaki Tsa Jehova ha li batle ho lefuoa ha li etsa mosebetsi ona oa ho ruta batho Bibele. Li latela taelo eo Jesu a ileng a e fa barutuoa ba hae lilemong tse ka bang likete tse peli tse fetileng, ha a ne a re: “Le amohetse ntle ho tefo, le fane ntle ho tefo.” (Mat. 10:8) Ha u ntse u nahanisisa ka se finyeletsoeng selemong se fetileng sa tšebeletso, u hopole hore se finyeletsoe ke batho bao ka boitelo le ka boithatelo ba fanang hobane ba susumetsoa ke hore Molimo oa ba rata.
Lipalo-kakaretso Tsa 2008
Makala a Lipaki Tsa Jehova: 115
Palo ea Linaha Tse Tlalehang: 236
Kakaretso ea Liphutheho: 103 267
Ba bileng Teng Sehopotsong Lefatšeng ka Bophara: 17 790 631
Ba Jeleng Sehopotsong Lefatšeng ka Bophara: 9 986
Tlhōrō ea Bahoeletsi ba Tšebeletsong ea ’Muso: 7 124 443
Karolelano ea Bahoeletsi ba Bolelang Khoeli le Khoeli: 6 829 455
Keketseho ea Liphesente ha e Bapisoa le ea 2007: 2,1
Kakaretso ea ba Kolobelitsoeng: 289 678
Karolelano ea Bahoeletsi ba Nkang Bopula-maliboho bo Thusang Khoeli le Khoeli: 321 986
Karolelano ea Bahoeletsi ba Bulang Maliboho Khoeli le Khoeli: 732 912
Kakaretso ea Lihora Tse Sebelitsoeng Tšimong: 1 488 658 249
Karolelano ea Lithuto Tsa Bibele Tsa Mahae ea Khoeli le Khoeli: 7 133 760
Selemong sa tšebeletso sa 2008, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa sebelisa chelete e ka holimo ho liranta tse limilione tse likete li 1,3 ho hlokomela bo-pula-maliboho ba khethehileng, baromuoa le balebeli ba tsamaeang likabelong tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo.
◼ Lefatšeng ka bophara, ka kakaretso ho na le basebeletsi ba khethiloeng ba 19 820 ba sebeletsang makaleng. Kaofela ha bona ke litho tsa Sehlopha sa Bahlanka ba Tšebeletsong e Khethehileng ea Nako e Tletseng Lefatšeng ka Bophara ba Lipaki Tsa Jehova.
[Chate leqepheng la 32-39]
TLALEHO EA SELEMO SA TŠEBELETSO SA 2009 EA LIPAKI TSA JEHOVA LEFATŠENG KA BOPHARA
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
[Limmapa leqepheng la 40-42]
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)