Liketso Tsa Lipaki Tsa Jehova Mehleng ea Kajeno
Russia
Pale ea Lipaki Tsa Jehova tsa Russia e bontša tumelo le sebete, ke pale ea batho ba ileng ba tšepahala ka tieo ho Molimo le hoja ba ne ba thulana le khanyetso e sehlōhō le e sa eeng moriting. Ebang li ne li lelekoa ha habo tsona, li kenngoa chankaneng kapa li qobelloa ho etsa mosebetsi o boima—ho ne ho se letho le ka khutsisang Lipaki kapa la li khoehlisa mangole.
Ena hase pale e bohloko. Ba neng ba e-na le tumelo ho Jehova ba ne ba lebeletse ho hlorisoa. Ba ne ba sa iqenehele, empa ba ne ba nka mahlomola e le monyetla oa ho bontša hore ba tšepahala ho Molimo. Mor’abo rōna e mong o ile a re: “Ha ho lihuoa kahlolo ea rōna, ha ho le ea mong oa batho bao ke neng ke ithuta Bibele le bona ea ileng a tšoha. Seo se ile sa nthabisa haholo! Ka bone ba bona ba ile ba ahloleloa ho hlola lilemo tse 25 likampong tsa mosebetsi o boima. Ke ile ka fuoa kahlolo e boima ho feta moo . . . Re ile ra khefutsa eaba re leboha Jehova ha a re tšehelitse. Balebeli ba ne ba hloletsoe, ba ipotsa hore na re thabetse’ng.”
Bala ka ngoanana ea ileng a ithuta ’nete ka mangolo a faselelitsoeng majoeng a akhetsoeng ka ntle ho terata ea chankana. Utloa kamoo batšoaruoa ba neng ba khona ho lula ba le matla kateng moeeng. Bona hore na ho ile ha etsahala’ng ha batsoali ba Lipaki ba etselletsoa ka hore ba khaotse morali oa bona tsebe.
Pale ea Russia ha e felle feela lilemong tse mashome tsa ha mosebetsi o ne o thibetsoe. Lilemong tse 20 tse fetileng, Lipaki li ile tsa eketseha ka sekhahla ho pholletsa le naha ena e sabaletseng. Bona kamoo barab’abo rōna ba ileng ba sebetsana le mathata a macha a amanang le khōlo ena e hlollang le kamoo ba ileng ba a hlōla kateng. Re thabela ho u tsebisa hore re tla tšohla naha ea Russia feela karolong eohle e buang ka histori khatisong ena ea Buka ea Selemo.