Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mrt sehlooho 72
  • Na ho Ntse ho le Bohlokoa ho Bua ’Nete?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho Ntse ho le Bohlokoa ho Bua ’Nete?
  • Lihlooho Tse Ling
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ’nete e sa ntse e fumaneha?
  • U ka tseba ’nete joang?
  • Leshano le qapiloe ke mang?
  • Ke hobane’ng ha batho ba rata leshano hakaale mehleng ee?
  • Ke hobane’ng ha ’nete e le bohlokoa?
  • Ke hobane’ng ha Molimo a batla hore ke tsebe ’nete?
  • Na Molimo o tla felisa leshano?
  • Ho Etsisa Molimo oa ’Nete
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Bakreste ba Rapela ka Moea le ka ’Nete
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Batla ’Nete?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • U se ke ua Tlohela ’Nete e U Phonyohe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Lihlooho Tse Ling
mrt sehlooho 72
Moeta-pele oa lipolotiki o bua le letšoele la batho sebokeng.

Na ho Ntse ho le Bohlokoa ho Bua ’Nete?

Na u bona eka ho ntse ho e-ba thata ho bona phapang pakeng tsa ’nete le leshano? Mehleng ena ho bonahala batho ba ea ka hore na ba ikutloa joang le hore na ba rata’ng ho e-na le hore na hoo e leng ’nete ke’ng. Batho ba bangata lefatšeng ba nahana hore ha ho sa na ’nete ho hang.

Maikutlo ana ha a macha hobane hoo e ka bang lilemo tse 2 000 tse fetileng ’Musisi Ponse Pilato oa Moroma o ile a re ho Jesu: “’Nete ke eng?” (Johanne 18:38) Potso ena ea Pilato e ne e le ea bohlokoa le hoja a sa ka a emela karabo. Ka Bibeleng u tla fumana karabo e khotsofatsang ea potso eo ebile e tla u thusa ho tseba phapang pakeng tsa ’nete le leshano.

Na ’nete e sa ntse e fumaneha?

E, ho joalo. Bibele e hlalosa ’nete e le taba ea sebele le e nepahetseng mahlong a Molimo. E boetse e ruta hore Jehovaa Molimo ke Mohloli oa ’nete ebile e mo bitsa “Molimo oa ’nete.” (Pesaleme ea 31:5) Ka Bibeleng ho na le ’nete e tsoang ho Molimo e ka bapisoang le leseli hobane ea re tataisa lefatšeng lena le ferekaneng.—Pesaleme ea 43:3; Johanne 17:17.

U ka tseba ’nete joang?

Molimo ha a batle hore re lumele lintho tseo re ithutang tsona ka Bibeleng ka hlooho e ntšo feela. Ho fapana le hoo, o batla hore re sebelise likelello tsa rona ha re hlahloba lintho tse ka Bibeleng ho e-na le hore re tšepe maikutlo a rona. (Baroma 12:1) O batla hore re mo tsebe le ho mo rata ka ‘likelello tsohle tsa rona’ hape re ikholise hore lintho tseo re ithutang tsona ka Bibeleng ke ’nete.—Matheu 22:37, 38; Liketso 17:11.

Leshano le qapiloe ke mang?

Bibele e re leshano le qalile ka sera sa Molimo se bitsoang Satane Diabolose ebile e mo bitsa “ntate oa leshano.” (Johanne 8:44) O ile a bua leshano ka Molimo ho Adama le Eva. (Genese 3:1-6, 13, 17-19; 5:5) Ho tloha ka nako eo, esale a hasa mashano le ho pata ’nete ka Molimo.—Tšenolo 12:9.

Ke hobane’ng ha batho ba rata leshano hakaale mehleng ee?

Mehleng ena eo Bibele e reng ke “matsatsi a ho qetela,” Satane o khelosa batho ho feta le ha e le neng pele. Batho ba se ba tloaetse ho bua leshano hore feela ba khelose batho ba bang le ho nka monyetla ka bona. (2 Timothea 3:1, 13) Leshano lena le atile hoo le rutoang le malumeling a mangata. Taba ena ha e makatse hobane Bibele e ile ea re batho ba tla ‘ipatlela mesuoe e tla ba bolella lintho tseo ba batlang ho li utloa’ ebe ha ba batle ho “mamela ’nete.”—2 Timothea 4:3, 4.

Moruti o tšoere Bibele o ntse a bua le batho ba opang liatla.

Ke hobane’ng ha ’nete e le bohlokoa?

Batho ba khona ho tšepana ha ba bolellana ’nete. Ha ba sa tšepane ha ba khone ho momahana ebang ke metsoalle kapa batho ka kakaretso. Bibele e re Molimo o batla re ‘mo rapele re tataisoa ke moea le ’nete.’ (Johanne 4:24) E le hore u ithute hore na ’nete e ka Bibeleng e ka u thusa joang ho bona phapang pakeng tsa bolumeli bo nepahetseng le bo fosahetseng le ho bo tlohela, bala lethathamo la lihlooho tse reng “Mashano a Etsang Hore Molimo a se ke a Rateha.”

Ke hobane’ng ha Molimo a batla hore ke tsebe ’nete?

Molimo o batla hore u pholohe. E le hore u pholohe u lokela ho tseba ’nete ka eena. (1 Timothea 2:4) Haeba u ithuta melao ea Molimo ea se nepahetseng le se fosahetseng ebile u phela tumellanong le eona, u tla ba motsoalle oa hae ea haufi. (Pesaleme ea 15:1, 2) Molimo o ile a romela Jesu lefatšeng e le ho thusa batho hore ba tsebe ’nete. Kahoo, o batla hore re mamele lithuto tseo Jesu a li rutang.—Matheu 17:5; Johanne 18:37.

Na Molimo o tla felisa leshano?

E, ho joalo. Molimo ha a batle ha batho ba thetsana ba bile ba nka monyetla ka ba bang. O tšepisa ho felisa batho bohle ba leshano. (Pesaleme ea 5:6) O boetse o tšepisa hore ha a se a ba felisitse, “melomo e buang ’nete e tla mamella ka ho sa feleng.”—Liproverbia 12:19.

Litemana tsa Bibele tse buang ka ’nete le leshano

Johanne 8:44: “[Diabolose] o leshano ebile ke ntate oa leshano.”

E bolela hore: Satane Diabolose ke motho oa pele oa ho bua leshano ’me ke eena mohloli o ka sehloohong oa leshano.

Liproverbia 12:22: “Jehova o nyonya batho ba leshano.”

E bolela hore: Batho ba ratang Molimo ba tlameha ho hloea leshano joaloka eena.

Johanne 4:24: “Ba rapelang [Molimo] ba tla rapela ba tataisoa ke moea le ’nete.”

E bolela hore: Molimo o batla hore re mo sebeletse re ipapisitse le ’nete eo re ithutileng eona ka eena.

Johanne 8:32: “’Nete e tla le lokolla.”

E bolela hore: ’Nete eo Jesu a re rutileng eona, e ka re thusa hore re be le tsebo ea ba ea re lokolla mashanong a rutoang bolumeling ba bohata, linthong tseo e leng litumela-khoela le tse ling tse ngata. Bala sehlooho se reng: “‘’Nete e Tla le Lokolla’—Ka Tsela Efe?”

1 Timothea 2:4: ‘Thato ea Molimo ke hore batho ba mefuta eohle ba pholohe le hore ba fumane tsebo e nepahetseng ea ’nete.’

E bolela hore: Molimo o batla hore re ithute ’nete ka eena e le hore re pholohe.

a Jehova ke lebitso la Molimo. (Pesaleme ea 83:18) Bala sehlooho se reng: “Jehova ke Mang?”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela