Ho Bolela Eng ho Tsoaloa Hape?
Karabo ea Bibele
Poleloana e re’ng “ho tsoaloa hape” e bolela qaleho ea kamano e ncha eo motho ea tsoetsoeng hape a bang le eona le Molimo. (Johanne 3:3, 7) Molimo o nka bana ba tsoetsoeng hape ebe o ba etsa bana ba hae. (Baroma 8:15, 16; Bagalata 4:5; 1 Johanne 3:1) E ba karolo ea lelapa la Molimo, joaloka bana bao motsoali a ba etsang ba hae ka molao.—2 Bakorinthe 6:18.
Ke hobane’ng ha motho a tsoaloa hape?
Jesu o ile a re: “Ha motho a sa tsoaloe hape a ke ke a bona ’Muso oa Molimo.” (Johanne 3:3) Ho tsoaloa hape ho lokisetsa motho hore a buse le Kreste ’Musong oa Molimo. ’Muso ona o busa o le leholimong, kahoo Bibele e hlalosa ho “tsoaloa bocha” e le se tla ba thusa ho fumana lefa leo ba ‘le boloketsoeng leholimong.’ (1 Petrose 1:3, 4) Bana ba tsoetsoeng hape ba fuoe kholiseho ea hore ba tla ‘busa e le marena’ le Kreste.—2 Timothea 2:12; 2 Bakorinthe 1:21, 22.
Motho o tsoaloa hape joang?
Ha Jesu a bua ka taba ena, o ile a re batho ba tsoaloang hape ba tla “tsoaloa ka metsi le ka moea.” (Johanne 3:5) Polelo ena e bolela ho kolobetsoa ka metsi, ka mor’a moo ebe o kolobetsoa ka moea o halalelang.—Liketso 1:5; 2:1-4.
Jesu ke motho oa pele oa hore a tsoaloe hape. O ile a kolobetsoa Nokeng ea Jordane, ka mor’a moo Molimo o ile a mo tlotsa (kapa a mo kolobetsa) ka moea o halalelang. Kahoo, o ne a se a tsoetsoe hape ka moea o halalelang e le mora oa Molimo ’me a e-na le tšepo ea ho khutlela leholimong. (Mareka 1:9-11) Molimo o ile a phethahatsa tšepo ena ka ho tsosa Jesu e le sebopuoa sa moea.—Liketso 13:33.
Ba bang ba tsoetsoeng hape ba kolobetsoa ka metsi pele ba ka amohela moea o halalelang.a (Liketso 2:38, 41) Ka mor’a moo ba ba le kholiseho eo Molimo a tla e phethahatsa ea hore ba tla phela leholimong ha a ba tsosa.—1 Bakorinthe 15:42-49.
Maikutlo a fosahetseng ka ho tsoaloa hape
Maikutlo a fosahetseng: Motho o lokela hore a tsoaloe hape e le hore a pholohe kapa hore e be Mokreste.
’Nete: Sehlabelo sa Kreste ha se etse hore ho pholohe batho ba tsoetsoeng hape feela, e leng ba tla e’o busa le Kreste leholimong empa hape se bohlokoa bakeng sa batho ba tl’o busoa ke ’Muso oa Molimo lefatšeng. (1 Johanne 2:1, 2; Tšenolo 5:9, 10) Sehlopha sena sa bobeli sa Bakreste se na le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng mona lefatšeng.—Pesaleme ea 37:29; Matheu 6:9, 10; Tšenolo 21:1-5.
Maikutlo a fosahetseng: Motho a ka ikhethela hore o batla ho tsoaloa hape.
’Nete: Batho bohle ba na le monyetla oa ho ba le setsoalle le Molimo le ho pholosoa. (1 Timothea 2:3, 4; Jakobo 4:8) Leha ho le joalo, Molimo ke eena ea khethang hore na ke bo-mang ba tla tsoaloa hape kapa ba tlotsoe ka moea o halalelang. Bibele e re ho tsoaloa hape ha hoa “itšetleha ka hore na motho o batla’ng kapa o sebetsa ka thata hakae empa [ho] itšetlehile ka mohau oa Molimo.” (Baroma 9:16) Poleloana e re’ng “ho tsoaloa hape” e bolela hore motho o khethiloe ke Molimo.—Johanne 3:3.
a Ntle le Korneliase le ba bang ba neng ba e-na le eena.—Liketso 10:44-48.