Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwyp sehlooho 75
  • Ke Tla Etsa’ng Haeba Mokhotsi oa ka a Nkutloisitse Bohloko?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Tla Etsa’ng Haeba Mokhotsi oa ka a Nkutloisitse Bohloko?
  • Bacha Baa Botsa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo u lokelang ho se tseba
  • Seo u ka se etsang
  • Ke Hobane’ng ha Motsoalle a Nkutloisitse Bohloko?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Ke Hobane’ng ha Motsoalle oa Ka a Nkutloisitse Bohloko?
    Tsoha!—2000
  • Qoba ho Utloisa “ba Banyenyane Bana” Bohloko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Ke Hobane’ng ha ke sa Khone ho Boloka Metsoalle?
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Bacha Baa Botsa
ijwyp sehlooho 75
Ngoanana e mong o bua lintho tse koatisang ho e mong

BACHA BAA BOTSA

Ke Tla Etsa’ng Haeba Motsoalle oa ka a Nkutloisitse Bohloko?

  • Seo u lokelang ho se tseba

  • Seo u ka se etsang

  • Seo bacha ba bang ba se buang

Seo u lokelang ho se tseba

  • Ntoa ke ea malula-’moho. Kaha ha rea phethahala, motsoalle oa hao kapa esita le motho eo u mo nkang e le motsoalle oa hlooho ea khomo, a ka bua kapa a etsa ntho e ka u utloisang bohloko. ’Nete ke hore le uena ha oa phethahala. Kahoo, u nahanne ka taba eo, na u ka hopola nako eo ka eona u ileng oa utloisa motho e mong bohloko?​—Jakobo 3:2.

  • Inthanete e ka etsa hore u utloisoe bohloko habonolo feela. Mohlala, mocha e mong ea bitsoang David o re: “Ha e re u le Inthaneteng ebe u bona mokhotsi oa hao a behile lifoto tsa hae a intšitse le ba bang, u ka ’na oa qala ho ipotsa hore na ke hobane’ng ha uena u sa mengoa. U ka ’na oa qala ho utloa eka u soetsitsoe u be u koate.”

  • U ka ithuta ho hlola bothata bona.

Seo u ka se etsang

Itlhahlobe. Bibele e re “U se ke oa potlaka moeeng oa hao hore u khopehe, etsoe ho khopeha ho lula lifubeng tsa ba hlokang kelello.”​—Moeklesia 7:9.

“Ka linako tse ling, u hlokomela hamorao hore ntho eo u e koatetseng ha se le ntho e kaalo.”​—Alyssa.

Nahana ka taba ena: Na u tloaetse ho nka lintho ka maikutlo? Na u ka ithuta ho se nkele liphoso tsa batho ba bang hloohong?​—Moeklesia 7:​21, 22.

Nahana ka melemo ea ho tšoarela ba bang. Bibele e re: “Ho hlokomoloha tlolo ke botle.”​—Liproverbia 19:11.

“Esita le haeba u na le lebaka le utloahalang la ho koata, ke ntho e ntle hore u tšoarele ba bang ho tsoa pelong, ’me taba ena e bolela hore u se ke oa lula u mo hopotsa phoso eo a ileng a e etsa nakong e fetileng hoo u ka etsang hore a lule a kopa tšoarelo nako le nako ha u bua ka eona. Hang feela ha u mo tšoaretse, lebala ka taba eo.”​—Mallory.

Nahana ka taba ena: Na ho koata ho bohlokoa hakaalo? Na u ka tšoarela ba bang molemong oa khotso?​—Bakolose 3:13.

Ho bula lemati hore moea o batang o kene ka tlung e futhumetseng

Ha le lula le bua ka bothata bo bong le bo bong setsoalleng sa lona, ho ka tšoana le ha u besitse ka tlung hore ho futhumale ebe u boetse u bulela moea o batang hore u kene

Nahanela motho e mong. Bibele e re: “Le sa hlokomele lithahasello tsa litaba tsa lona feela, empa hape le hlokomela lithahasello tsa ba bang.”​—Bafilipi 2:4.

“Haeba uena le metsoalle ea hao le ratana le bile le hlomphana, le na le lebaka le utloahalang la hore le lokise liqabang tsa lona kapele hobane le tsoa hole ka setsoalle sa lona. Le se ntse le entse boiteko ’me ha lea lokela ho tlohela feela.”​—Nicole.

Nahana ka taba ena: Na bonyane u ka khona ho bona ntho e ntle eo motho e mong a e etsang?​—Bafilipi 2:3.

Taba ea bohlokoa ke ena: Ho tseba hore na u lokela ho etsa’ng ha u utloisitsoe bohloko ke bokhoni bo tla u thusa haholo ha u se u le moholo. Ithute ho ba le bokhoni boo esale hona joale.

Seo bacha ba bang ba se buang

Kiana

“Ha se ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hlokang hore le e lulele fatše. Haeba ke khona ho e lokisa ke le mong ’me ke e tlohele, ke etsa joalo. Ntho eo e ka boloka khotso ho feta hore re bue le ka lintho tse fokolang tse re koatisitseng.”​—Kiana.

Treigh

“Boemong bofe kapa bofe, ke ee ke ipotse, ‘Na taba ee e kholo hoo e ka etsang hore ke lahleheloe ke motsoalle?’ Maemong a mangata, karabo ke che.​—Treigh.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela