Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwhf sehlooho 1
  • U ka Etsa’ng Hore u Tlohele Bohale?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Etsa’ng Hore u Tlohele Bohale?
  • Se ka Thusang Lelapa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U lokela ho tseba’ng
  • U lokela ho etsa’ng
  • Na ho Halefa ho Fosahetse ka Mehla?
    Tsoha!—1994
  • Bohale—Ke Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Bothata ba ho Halefa
    Tsoha!—2012
  • Ho Laola Bohale—Ba Hao le Ba Ba Bang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Se ka Thusang Lelapa
ijwhf sehlooho 1
’Mè o koatetse monna oa hae ha a sa mo thuse ha a hlatsoa lijana empa a shebelletse thelevishene

SE KA THUSANG LELAPA

U ka Etsa’ng Hore u Tlohele Bohale?

A re re molekane oa hao o etsa ntho e u koatisang joale u leka ho pata hore u koatile. Empa joale o oa hlokomela hore ha oa thaba ’me oa u botsa hore na u koatetse’ng. Taba ena e u utloisa bohloko le ho feta. U ka laola bohale joang boemong boo?

  • U lokela ho tseba’ng

  • U lokela ho etsa’ng

U lokela ho tseba’ng

  • Ho inehella bohale ho ka u kulisa. Liphuputso tse entsoeng li bontša hore ho se laole bohale ho ka baka mafu a kang, la phallo ea mali, lefu la pelo, khatello ea maikutlo le bothata ba tšilo ea lijo. Hape bohale bo ka etsa hore motho a hlobaele bosiu, ba etsa hore a lule a tšoenyehile, ba mo bakela mathata a letlalo kapa bo ka etsa hore a tšoaroe ke setorouku. Ke ka hoo Bibele e reng: “Tlohela bohale ’me u lese khalefo; U se ke ua iponahatsa u halefile hore feela u etse bobe.”​—Pesaleme ea 37:8.

  • Ho hatella bohale ho ka ba kotsi. Ha motho a itumella ho lula a halefile ho ka ba joalokaha eka o na le lefu le mo jellang ka likobong. Ka mohlala, a ka fetoha moithati a ba a tšoaea batho ba bang liphoso. Motho ea joalo a ka ithatafalletsa bophelo a ba a senya le lenyalo la hae.

U lokela ho etsa’ng

  • Sheba makhabane a molekane oa hao. Ngola lintlha tseo u li ratang ka eena, e le hore nakong e tlang ha a u koatisa u ka sheba makhabane ao u a ngotseng ka eena. Ho etsa joalo ho ka ’na ha u thusa ho laola bohale.

    Molao-motheo oa Bibele: “Le iponahatse le le ba lebohang.”​—Bakolose 3:15.

    ’Mè ea phathahaneng o nahana kamoo monna oa hae a mo thusang ka mosebetsi oa ka tlung, a mo mamelang ha a bua, le ho mo hlokomela ha a kula
  • Lula u ikemiselitse ho tšoarela. Leka ho sheba lintho ka tsela eo molekane oa hao a li shebang ka eona. Ha u etsa joalo, u ipeha boemong ba hae ’me u bontša hore u mo ‘utloela bohloko.’ (1 Petrose 3:8) Hape u ka ipotsa hore na molekane oa hao o u koatisitse hoo u ke keng oa mo tšoarela.

    Molao-motheo oa Bibele: ‘Ho hlokomoloha tlolo ke botle ho uena.’​—Liproverbia 19:11.

  • E ba mosa ha u ntša maikutlo a hao. U ka sebelisa mantsoe a kang “ke”, ka mohlala, ho e-na le hore, “Ha u ’nahanele hobane ha u lieha ho fihla ha u ntetsetse u mpolelle hore na u hokae,” u ka re, “Kea tšoenyeha ha ke bona u lieha ho fihla kea ipotsa hore na moo u leng teng u sireletsehile.” Ha u bua ka tsela ena u tla khona ho laola bohale.

    Molao-motheo oa Bibele: “Seo le se buang kamehla e ke e be se nang le mosa, se nokiloeng ka letsoai.”​—Bakolose 4:6.

  • Mamela ka tlhompho. Ha u qetile ho ntša maikutlo a hao lumella molekane oa hao hore le eena a bue u sa mo kene hanong. Ha a se a qetile ho bua, u ka leka ho pheta lintho tseo a li buileng ho bona hore na oa utloisisa. Ho mamela ho ka u thusa hore u laole bohale.

    Molao-motheo oa Bibele: “Motho e mong le e mong a potlakele ho utloa, a liehe ho bua.”​—Jakobo 1:19.

Ntate Tim le ’mè Jennifer

’Mè Jennifer o re ka mor’a hore a rarolle bothata le mohatsa oa hae Tim ba tloaetse hore, ‘Ha u leka ho pata hore u koatile, bothata bo ka mpefala le ho feta ebile ho ka ba bonolo hore u phatlohe ke bohale. Ke bohlale hore le rarolle bothata ba lona ka tlhompho. Leha ho le joalo, re ntse re le metsoalle.

’Mè Jade le ntate Corey

’Mè Jade o re “Ntho eo ke e ratang ka monna oa ka Corey ke hore kamehla oa ’mamela le haeba re sa lumellane ebile o ananela tsela eo ke ikutloang ka eona. Ha ho mohla a etsang hore ke ikutloe eka ha kea tlala ka lebaka la tsela eo ke nahanang ka eona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela