LITEMANA TSA BIBELE LIA HLALOSOA
Johanne 3:16—“Molimo o Ratile Lefatše Haholo”
“Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea mong e le hore e mong le e mong ea bontšang hore o lumela ho eena a se ke a timetsoa empa a fumane bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16, Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha.
“Etsoe Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16, Phetolelo ea Lefatše le Lecha.
Tlhaloso ea Johanne 3:16
Molimo oa re rata ebile o batla re phele ka ho sa feleng. Ke kahoo a ileng a romela Mora oa hae Jesu Kreste lefatšeng. Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a etsa mosebetsi o mongata oa bohlokoa. Ntho e ka sehloohong e ne e le ho ruta balateli ba hae ka Molimo, e leng Ntate oa hae. (1 Petrose 1:3) O ile a boela a fana ka bophelo ba hae bakeng sa batho. E le hore re fumane bophelo bo sa feleng, re lokela ho ba le tumelo ho Jesu.
Re bona lerato la Molimo ha re bala mantsoe a reng, “a fana ka Mora oa hae ea mong.”a Jesu ke Mora ea ikhethang oa Molimo hobane ke eena feela eo Molimo a mo bopileng ka ho toba. (Bakolose 1:17) Hape ke “letsibolo la popo eohle.” (Bakolose 1:15) Lintho tse ling tsohle tse leholimong joaloka mangeloi, li ile tsa boptjoa ho sebelisoa Jesu. Leha ho le joalo, Jehovab Molimo o ne a ikemiselitse ho romela Mora oa hae ea ratoang ho tla “sebeletsa le ho fana ka bophelo ba hae e le tefo bakeng sa ho lopolla batho ba bangata.” (Matheu 20:28) Jesu o ile a utloa bohloko ’me a shoa e le ho re lopolla lefung le sebeng seo re se futsitseng ho Adama.—Baroma 5:8, 12.
Jehova ke lebitso la Molimo.—Pesaleme ea 83:18.
Ha re lumele feela hore seo Jesu a re etselitseng sona se bohlokoa empa re bontša tumelo ho Mora oa Molimo ka hore re mo mamele le ho mo etsisa linthong tsohle. (Matheu 7:24-27; 1 Petrose 2:21) Bibele e re: “Ea bontšang hore o lumela ho Mora o tla fumana bophelo bo sa feleng. Ea sa mo mameleng a ke ke a bo fumana.”—Johanne 3:36.
Litaba Tse Potolohileng Johanne 3:16
Jesu o ile a bua mantsoe a hlahang temaneng eo ha a ne a bua le moeta-pele oa bolumeli oa Mojuda ea bitsoang Nikodemase. (Johanne 3:1, 2) Puisanong eo, Jesu o ile a bua ka ’Muso oa Molimoc le ka ho ‘tsoaloa hape.’ (Johanne 3:3) O ile a boela a bolela hore na o tla shoa joang. “Mor’a motho o tla phahamisoa [a khokhotheloe thupeng] e le hore bohle ba lumelang ho eena ba ka fumana bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:14, 15) O ile a boela a hlakisa hore batho ba tla fumana bophelo bo sa feleng hobane Molimo a ba rata. Jesu o ile a phethela ka ho hlalosa hore, e le hore re fumane bophelo re lokela ho bontša tumelo ho eena le ho etsa lintho tse thabisang Molimo.—Johanne 3:17-21.
a Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ea mong” ke monogenes, le bolelang “a ’notši, . . . eo ho sa tšoanoeng le eena, ea ikhethang.”—A Greek-English Lexicon of the New Testament and Other Early Christian Literature, p. 658.
b Jehova ke lebitso la Molimo.—Pesaleme ea 83:18.
c ’Muso oa Molimo o boetse o bitsoa “’Muso oa maholimo,” ke puso e busang e le leholimong. (Matheu 10:7; Tšenolo 11:15) Molimo o khethile Kreste hore ebe Morena oa ’Muso oo. ’Muso oa Molimo o tla etsa hore thato ea Molimo e etsoe lefatšeng. (Daniele 2:44; Matheu 6:10) Bakeng sa lintlha tse eketsehileng, bala sehlooho se reng “’Muso oa Molimo ke Eng?”