Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

Labobeli, la 11 November

Ke [boleletse] baprofeta ba ka lekunutu la ka.—Amose 3:7.

Ha re tsebe hore na boprofeta bo bong ba Bibele bo tl’o phethahala joang. (Dan. 12:​8, 9) Taba ea hore ha re tsebe hantle hore na boprofeta bo itseng bo tla phethahala joang ha e bolele hore bo ke ke ba phethahala. Re kholisehile hore Jehova o tla re thusa ho utloisisa lintho tseo re hlokang ho li tseba ka nako e loketseng feela joalokaha a ile a etsa nakong e fetileng. Ho na le nako eo ho tla etsoa phatlalatso ea “khotso le tšireletseho.” (1 Bathes. 5:3) Ka mor’a moo, mebuso ea lefatše e tla hlasela bolumeli ba bohata ebe ea bo felisa. (Tšen. 17:​16, 17) Mebuso ena e tla boela e hlasele batho ba Molimo. (Ezek. 38:​18, 19) Liketsahalo tsena li tla etsa hore ntoa ea ho qetela e leng ea Armagedone e qale. (Tšen. 16:​14, 16) Re kholisehile hore liketsahalo tsena li tl’o etsahala haufinyane. Hona joale a re bontšeng hore re ananela boprofeta boo Ntate oa rona ea re ratang a re fileng bona ka hore re ithute bona le ho thusa batho ba bang hore ba bo tsebe. w23.08 13 ¶19-20

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Laboraro, la 12 November

A re luleng re ratana hobane lerato le tsoa ho Molimo.—1 Joh. 4:7.

Ha Moapostola Pauluse a bua ka tumelo, tšepo le lerato, o ile a re “ea bohlokoa ho li feta ke lerato.” (1 Bakor. 13:13) Ke hobane’ng ha a ne a cho joalo? Nakong e tlang ho ke ke ha hlokahala hore re be le tumelo litšepisong tsa Molimo tsa lefatše le lecha kapa hore re be le tšepo ea hore li tla phethahala hobane li tla be li se li phethahetse. Empa re tla lula re tlameha ho rata Jehova le batho. Ha e le hantle, lerato leo re ba ratang ka lona le tla lula le eketseha ka ho sa feleng. Hape, ha re ratana, rea bontša hore re Bakreste ba ’nete. Jesu o ile a re ho baapostola ba hae: “Haeba le ratana, bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka.” (Joh. 13:35) Hape ho ratana ho etsa hore re lule re momahane. Pauluse o ile a re “lerato le etsa hore batho ba utloane.” (Bakol. 3:14) Moapostola Johanne o ile a ngolla Bakreste-’moho le eena a re: “Ea ratang Molimo o lokela ho rata le ngoan’abo.” (1 Joh. 4:21) Ha re ratana, rea bontša hore re rata Molimo. w23.11 8 ¶1, 3

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Labone, la 13 November

A re lahleng lintho tsohle tse ka re imelang.—Baheb. 12:1.

Bibele e tšoantša bophelo ba Bakreste le peiso. Limathi tse fihlang qetellong ea peiso li tla fumana bophelo bo sa feleng. (2 Tim. 4:​7, 8) Re lokela ho sebetsa ka thata hore re ’ne re mathe peisong ena hobane re se re le haufi le ho e qeta. Moapostola Pauluse o ile a bua ka lintho tse ka re thusang hore re hlole peisong. O ile a re khothaletsa hore ‘re lahle lintho tsohle tse ka re imelang ’me . . . re mathe ka mamello peisong e ka pel’a rona.’ Na Pauluse o ne a bolela hore ha ho na lintho tseo Mokreste a lokelang ho li etsa? Che empa o ne a bolela hore re lokela ho tlohela ho etsa lintho tse ka re imelang ho sa hlokahale. Lintho tsena li ka re sitisa ’me tsa etsa hore re khathale. E le hore re mamelle, re lokela ho sheba hore na ho na le lintho tseo re ikimetsang ka tsona ho sa hlokahale ebe re tlohela ho li etsa. Leha ho le joalo, ha re batle ho lebala lintho tseo re lokelang ho li etsa, ho seng joalo re ke ke ra fihla qetellong ea peiso ena.—2 Tim. 2:5. w23.08 26 ¶1-2

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela