November
Moqebelo, la 1 November
U etsa hore masea le bana ba banyenyane ba u rorise.—Mat. 21:16.
Haeba u motsoali, thusa bana ba hao hore ba lokisetse likarabo ho latela lilemo tsa bona. Ka linako tse ling ha re le libokeng, re ka ithuta lintlha tse buang ka lenyalo kapa boitšoaro empa ho ka ’na ha e-ba le lirapa tseo ngoana a ka khonang ho arabela ho tsona. Thusa bana ba hao ho utloisisa hore ha se kamehla ba ka khethoang ha ba batla ho arabela. Ha ba utloisisa taba ena ba ke ke ba utloa bohloko haeba ba sa khethoe. (1 Tim. 6:18) Kaofela ha rona re ka lokisetsa ho fana ka likarabo tse tla khothatsa Bakreste-’moho le ho tlotlisa Jehova. (Liprov. 25:11) Ka linako tse ling re ka ’na ra bua ka lintho tse re etsahalletseng bophelong ha re arabela empa re lokela ho qoba ho bua haholo ka rona. (Liprov 27:2; 2 Bakor. 10:18) Re lokela ho loanela ho bua ka Jehova, Lentsoe la hae le batho ba hae.—Tšen. 4:11. w23.04 24-25 ¶17-18
Sontaha, la 2 November
A re se keng ra robala joalokaha ba bang ba robetse empa re lule re falimehile ebile re e-na le likelello tse hlaphohetsoeng.—1 Bathes. 5:6.
Ke habohlokoa hore re be le lerato e le hore re lule re falimehile le ho hlaphoheloa kelellong. (Mat. 22:37-39) Ho rata Molimo ho re thusa hore re mamelle ha re ntse re etsa mosebetsi oa boboleli le hoja re ka hlaheloa ke mathata. (2 Tim. 1:7, 8) Kaha re rata le batho ba sa sebeletseng Jehova, re lula re ba bolella litaba tse monate ebile rea ba founela le ho ba ngolla mangolo ho ba bolella molaetsa oo. Re lula re e-na le tšepo ea hore ka le leng batho bao ba tla fetoha, ba etse lintho tse nepahetseng. (Ezek. 18:27, 28) Re rata Bakreste-’moho le rona. Re bontša hore rea ratana ka “ho khothatsana le ho matlafatsana.” (1 Bathes. 5:11) Rea khothatsana joaloka masole a loanang ntoeng. Re ke ke ra utloisa bara le barali ba bo rona bohloko ka boomo kapa ra iphetetsa ha ba re utloisitse bohloko. (1 Bathes. 5:13, 15) Hape re bontša hore re rata bara ba bo rona ba etellang pele phutheho ka ho ba hlompha.—1 Bathes. 5:12. w23.06 10 ¶6; 11 ¶10-11
Mantaha, la 3 November
Ha [Jehova] a buile ntho, na a ke ke a e etsa?—Num. 23:19.
Tsela ea pele ea kamoo re ka matlafatsang tumelo ea rona ke ho nahana ka sehlabelo sa Jesu. Sehlabelo sena sea re kholisa hore litšepiso tsa Molimo li tla phethahala. Ha re nahana ka hore na ke hobane’ng ha Jesu a ile a re shoela le hore na Jehova o tetse’ng, seo se matlafatsa tumelo ea rona le ho re kholisa hore Jehova o tla phethahatsa tšepiso ea hae ea ho re fa bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha. Ke hobane’ng ha re ka cho joalo? Jehova o ile a tela’ng? Jehova o ile a romela Mora oa hae oa letsibolo eo a mo ratang hore a tlohe leholimong a tl’o phela mona lefatšeng e le motho ea phethahetseng. Ha a le mona lefatšeng, o ile a mamella maemo a thata. O ile a hlorisoa a ba a bolaoa ka sehloho. Jehova o tetse ntho e kholo e le kannete. Molimo oa rona ea lerato a ka be a sa fana ka Mora oa hae hore a hlorisoe le ho bolaoa ka sehloho hore feela re phele ka nakoana. (Joh. 3:16; 1 Pet. 1:18, 19) Kaha Jehova o ile a fana ka Mora oa hae eo a mo ratang ho re thusa, o tla etsa bonnete ba hore re fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha. w23.04 27 ¶8-9
Labobeli, la 4 November
Lefu, metsu ea hao e hlabang e hokae?—Hos. 13:14.
Na Jehova o batla ho tsosa bafu? Kannete o batla ho ba tsosa. O ile a susumeletsa batho ba ’maloa hore ba ngole ka tšepiso ena ka Bibeleng. (Esa. 26:19; Tšen. 20:11-13) Jehova o lula a phethahatsa lintho tseo a li tšepisitseng. (Josh. 23:14) Ha e le hantle Jehova o labalabela ho tsosa bafu. Nahana ka seo Jobo a ileng a se bua. O ne a kholisehile hore le haeba a ne a ka shoa, Jehova o ne a tla hloloheloa ho mo bona hape. (Jobo 14:14, 15, nal.) Jehova o ikutloa ka tsela e tšoanang ka bahlanka bohle ba hae ba hlokahetseng. O labalabela ho ba tsosa ba phetse hantle ebile ba thabile. Empa ho tla etsahala’ng ka batho ba libilione ba hlokahetseng ba sa ka ba fumana monyetla oa ho ithuta ka Jehova? Le bona Molimo oa rona ea lerato o batla ho ba tsosa. (Lik. 24:15) O batla ho ba fa monyetla oa hore e be metsoalle ea hae le oa hore ba phele ka ho sa feleng lefatšeng.—Joh. 3:16. w23.04 9 ¶5-6
Laboraro, la 5 November
Molimo o tla re fa matla.—Ps. 108:13.
U ka etsa’ng e le hore tšepo ea hao e be matla le ho feta? Haeba u na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng, bala litemana tsa Bibele tse buang ka Paradeise ’me u nahanisise ka tsona. (Esa. 25:8; 32:16-18) Nahana ka hore na bophelo bo tla ba joang lefatšeng le lecha. Ipone u le moo. Haeba re lula re nahanisisa ka tšepo eo re nang le eona ea lefatše le lecha, mathata a rona e tla ba ‘a nakoana ’me a be bobebe.’ (2 Bakor. 4:17) Tšepo eo Jehova a u fileng eona e tla u matlafatsa. O se a ntse a u file lintho tseo u li hlokang e le hore u fumane matla a tsoang ho eena. Kahoo, ha u hloka matla e le hore u etse mosebetsi o itseng, u mamelle mathata kapa u lule u thabile, rapela Jehova ho tsoa pelong ’me u ithute Bibele le lingoloa tse thehiloeng Bibeleng e le hore u fumane tataiso ea hae. Amohela likhothatso tseo Bakreste-’moho le uena ba u fang tsona. Lula u nahanisisa ka tšepo eo u nang le eona ka bokamoso. Ha u etsa joalo, Molimo o tla u ‘matlafatsa ka matla a hae a maholo, e le hore u tle u mamelle lintho tsohle u tiiselitse ebile u thabile.’—Bakol. 1:11. w23.10 17 ¶19-20
Labone, la 6 November
Le lebohele lintho tsohle.—1 Thess. 5:18.
Re na le mabaka a mangata a ho leboha Jehova ha re mo rapela. Re ka mo leboha bakeng sa eng kapa eng e molemo eo re nang le eona hobane mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo e tsoa ho eena. (Jak. 1:17) Ka mohlala, re ka mo leboha ka lefatše le letle leo a le bopileng le lintho tse ling tse hlollang tseo a li entseng. Re ka boetse ra mo leboha bakeng sa bophelo, malapa a rona, metsoalle ea rona le tšepo ea bokamoso eo re nang le eona. Hape re lokela ho leboha Jehova hore ebe o re lumeletse ho ba metsoalle ea hae. Re ka ’na ra lokela ho etsa boiteko bo khethehileng ba ho nahana ka mabaka a ho leboha Jehova. Batho ba bangata mehleng ena ha ba na teboho. Ba nahana haholo ka hore na ba ka fumana lintho tseo ba li batlang joang ho e-na le ho nahana hore na ba ka etsa’ng ho bontša teboho bakeng sa lintho tseo ba nang le tsona. Haeba re tšoaetsoa ke mokhoa ona, lithapelo tsa rona e tla lula e le likopo feela. Ho qoba hore seo se re etsahalle, re lokela ho itloaetsa ho lula re bontša kananelo bakeng sa lintho tsohle tseo Jehova a re etsetsang tsona.—Luka 6:45. w23.05 4 ¶8-9
Labohlano, la 7 November
U kope [u] e-na le tumelo, [u] sa belaele ho hang.—Jak. 1:6.
Kaha Jehova ke Ntate oa rona ea lerato, ha a batle ho bona re utloa bohloko. (Esa. 63:9) Leha ho le joalo, ha a thibele hore re se ke ra hlaheloa ke mathata ’ohle a tšoanang le linoka kapa malakabe. (Esa. 43:2) Empa o re tšepisa hore o tla re thusa hore re fete mathateng ao. Hape a ke ke a lumella hore mathata a re hlahelang a etse hore re se ke ra khona ho mo sebeletsa. Jehova o boetse o re fa moea oa hae o halalelang ho re thusa hore re mamelle. (Luka 11:13; Bafil. 4:13) Kahoo, re ka kholiseha hore o tla lula a re fa lintho tseo re li hlokang e le hore re mamelle le hore re lule re mo tšepahalla Jehova o batla hore re mo tšepe. (Baheb. 11:6) Ka linako tse ling, re ka bona eka mathata a re hloele setha. Re ka ’na ra belaella le hore Jehova o tla re thusa. Empa Bibele ea re tiisetsa hore Molimo a ka re fa matla a hore re khone ho “tlola lerako.” (Pes. 18:29) Kahoo, ho e-na le hore re be le lipelaelo re lokela ho rapela Jehova ’me re tšepe hore o tla araba lithapelo tsa rona.—Jak. 1:6, 7. w23.11 22 ¶8-9
Moqebelo, la 8 November
Malakabe a lerato ke mollo o chesang, lelakabe la Jah. Metsi a mangata a ke ke a tima lerato, le linoka li ke ke tsa le hohola.—Sefela 8:6, 7.
Ena ke tsela e monate eo Bibele e hlalosang lerato la ’nete ka eona. Mantsoe ana a khothatsa banyalani hore ba ka khona ho ratana le ho feta. Banyalani ba lokela ho sebetsa ka thata e le hore ba lule ba ratana hafeela ba ntse ba phela. Ka mohlala, mollo o besitsoeng o ka tuka ka nako e telele hafeela ho ntse ho kenngoa patsi. Haeba ho se na motho ea ntseng a kenya patsi mollo oo o tla tima. Ka ho tšoanang, lerato leo banyalani ba ratanang ka lona le ka lula le le matla hafeela ba le matlafatsa. Ka linako tse ling, banyalani ba ka bona eka ha ba sa ratana joaloka pele, haholo-holo ha ba e-na le mathata a lichelete, ba kula kapa ba holisa bana. Banyalani e lokela ho ba metsoalle ea Jehova e le hore “lelakabe la Jah” le lule le tuka. w23.05 20-21 ¶1-3
Sontaha, la 9 November
U se ke oa tšoha.—Dan. 10:19.
Re lokela ho etsa’ng e le hore re be sebete? Batsoali ba rona ba ka ’na ba re khothaletsa hore re be sebete empa ba ke ke ba etsa hore re be sebete joaloka bona. Ho ba sebete ho tšoana le ho ithuta ntho e ncha. Tsela e ’ngoe eo u ka ithutang ntho e ncha ke ka hore u shebe lintho tseo motho ea u rutang a li etsang ’me u mo etsise. Ka ho tšoanang, le rona re ba sebete ka hore re ithute mohlaleng oa batho ba bontšang sebete. Le rona re lokela ho tseba Lentsoe la Molimo hantle joaloka Daniele. Re lokela ho ba metsoalle ea Jehova ka hore re lule re bua le eena ’me re mo bolelle hore na re ikutloa joang. Hape re lokela ho tšepa Jehova le ho kholiseha hore o tla lula a re thusa. Ha re etsa joalo, re tla ba sebete ha re hlaheloa ke mathata. Hangata batho ba hlompha batho ba sebete. Hape batho ba sebete ba ka thusa batho ba bang hore ba tsebe Jehova. Kahoo, re na le mabaka a utloahalang a hore re be sebete. w23.08 2 ¶2; 4 ¶8-9
Mantaha, la 10 November
Etsang bonnete ba hore lintho tsohle li nepahetse.—1 Bathes. 5:21.
Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “etsang bonnete” le ne le sebelisoa ha ho hlahlojoa hore na lintho tsa bohlokoa tse kang khauta le silevera ke tsa ’nete. Kahoo, re lokela ho lula re hlahloba hore na lintho tseo re li utloang kapa tseo re li balang ke ’nete. Ke habohlokoa le ho feta hore re etse joalo kaha mahlomola a maholo a ntse a atamela. Ho e-na le hore re lumele ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo batho ba bang ba e buang, re bapisa lintho tseo re li balang le tseo re li utloang le seo Bibele le mokhatlo oa Jehova o se buang. Ha re etsa joalo, re ke ke ra khelosoa ke lipolelo tse susumetsoang ke bademona. (Liprov. 14:15; 1 Tim. 4:1) Rea tseba hore bahlanka ba Molimo ba tla pholoha nakong ea mahlomola a maholo. Leha ho le joalo, ha re tsebe hore na ho tla etsahala’ng ka e mong le e mong oa rona nakong e tlang. (Jak. 4:14) Haeba re lula re tšepahala, re tla fumana bophelo bo sa feleng, ebang re tla phela ho fihlela mahlomola a maholo a fihla kapa re tla shoa pele ho ’ona. E se eka kaofela ha rona re ka lula re nahana ka tšepo eo re nang le eona le ho itokisetsa letsatsi la Jehova. w23.06 13 ¶15-16
Labobeli, la 11 November
Ke [boleletse] baprofeta ba ka lekunutu la ka.—Amose 3:7.
Ha re tsebe hore na boprofeta bo bong ba Bibele bo tl’o phethahala joang. (Dan. 12:8, 9) Taba ea hore ha re tsebe hantle hore na boprofeta bo itseng bo tla phethahala joang ha e bolele hore bo ke ke ba phethahala. Re kholisehile hore Jehova o tla re thusa ho utloisisa lintho tseo re hlokang ho li tseba ka nako e loketseng feela joalokaha a ile a etsa nakong e fetileng. Ho na le nako eo ho tla etsoa phatlalatso ea “khotso le tšireletseho.” (1 Bathes. 5:3) Ka mor’a moo, mebuso ea lefatše e tla hlasela bolumeli ba bohata ebe ea bo felisa. (Tšen. 17:16, 17) Mebuso ena e tla boela e hlasele batho ba Molimo. (Ezek. 38:18, 19) Liketsahalo tsena li tla etsa hore ntoa ea ho qetela e leng ea Armagedone e qale. (Tšen. 16:14, 16) Re kholisehile hore liketsahalo tsena li tl’o etsahala haufinyane. Hona joale a re bontšeng hore re ananela boprofeta boo Ntate oa rona ea re ratang a re fileng bona ka hore re ithute bona le ho thusa batho ba bang hore ba bo tsebe. w23.08 13 ¶19-20
Laboraro, la 12 November
A re luleng re ratana hobane lerato le tsoa ho Molimo.—1 Joh. 4:7.
Ha Moapostola Pauluse a bua ka tumelo, tšepo le lerato, o ile a re “ea bohlokoa ho li feta ke lerato.” (1 Bakor. 13:13) Ke hobane’ng ha a ne a cho joalo? Nakong e tlang ho ke ke ha hlokahala hore re be le tumelo litšepisong tsa Molimo tsa lefatše le lecha kapa hore re be le tšepo ea hore li tla phethahala hobane li tla be li se li phethahetse. Empa re tla lula re tlameha ho rata Jehova le batho. Ha e le hantle, lerato leo re ba ratang ka lona le tla lula le eketseha ka ho sa feleng. Hape, ha re ratana, rea bontša hore re Bakreste ba ’nete. Jesu o ile a re ho baapostola ba hae: “Haeba le ratana, bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka.” (Joh. 13:35) Hape ho ratana ho etsa hore re lule re momahane. Pauluse o ile a re “lerato le etsa hore batho ba utloane.” (Bakol. 3:14) Moapostola Johanne o ile a ngolla Bakreste-’moho le eena a re: “Ea ratang Molimo o lokela ho rata le ngoan’abo.” (1 Joh. 4:21) Ha re ratana, rea bontša hore re rata Molimo. w23.11 8 ¶1, 3
Labone, la 13 November
A re lahleng lintho tsohle tse ka re imelang.—Baheb. 12:1.
Bibele e tšoantša bophelo ba Bakreste le peiso. Limathi tse fihlang qetellong ea peiso li tla fumana bophelo bo sa feleng. (2 Tim. 4:7, 8) Re lokela ho sebetsa ka thata hore re ’ne re mathe peisong ena hobane re se re le haufi le ho e qeta. Moapostola Pauluse o ile a bua ka lintho tse ka re thusang hore re hlole peisong. O ile a re khothaletsa hore ‘re lahle lintho tsohle tse ka re imelang ’me . . . re mathe ka mamello peisong e ka pel’a rona.’ Na Pauluse o ne a bolela hore ha ho na lintho tseo Mokreste a lokelang ho li etsa? Che empa o ne a bolela hore re lokela ho tlohela ho etsa lintho tse ka re imelang ho sa hlokahale. Lintho tsena li ka re sitisa ’me tsa etsa hore re khathale. E le hore re mamelle, re lokela ho sheba hore na ho na le lintho tseo re ikimetsang ka tsona ho sa hlokahale ebe re tlohela ho li etsa. Leha ho le joalo, ha re batle ho lebala lintho tseo re lokelang ho li etsa, ho seng joalo re ke ke ra fihla qetellong ea peiso ena.—2 Tim. 2:5. w23.08 26 ¶1-2
Labohlano, la 14 November
Botle ba lona e se ke ea e-ba ba lintho tseo batho ba li bonang.—1 Pet. 3:3.
Ho fetoha le maemo ho re thusa hore re hlomphe tsela eo batho ba bang ba etsang lintho ka eona. Ka mohlala, barali ba bo rona ba bang ba rata ho itlotsa ka makeup, ha ba bang bona ba sa rate. Bakreste ba bang ba noa joala empa ba bang ba khetha ho se noe ho hang. Bakreste bohle ba batla ho phela hantle ’meleng empa ba khetha mekhoa e sa tšoaneng ea ho ba le bophelo bo botle. Haeba re nahana hore re lula re nepile ebile re khothaletsa bara le barali ba bo rona ho etsa lintho tseo re li etsang, re ka qetella re ba khopisa le ho etsa hore ho se ke ha e-ba le khotso ka hare ho phutheho. (1 Bakor. 8:9; 10:23, 24) Ka mohlala, Jehova ha a re laele hore na re apare’ng empa o re file melao-motheo e re thusang hore re apare le ho itokisa hantle. Re lokela ho apara ka tsela e bontšang hore re bahlanka ba Molimo, re nahanela batho ba bang, rea itlhompha ebile ‘re na le kelello.’ (1 Tim. 2:9, 10) Kahoo, ha re batle hore tsela eo re aparang ka eona e re bitsetse mahlo a batho ho sa hlokahale. Melao-motheo ea Bibele e boetse e thusa baholo hore ba qobe ho behela batho melao ea hore na ba apare le ho lokisa moriri joang. w23.07 23-24 ¶13-14
Moqebelo, la 15 November
’Mameleng ka hloko ’me le je lijo tse nang le phepo. Le tla thaba haholo ka lebaka la lijo tse matlafatsang e le kannete.—Esa. 55:2.
Jehova o re bontšitse hore na re ka etsa’ng e le hore re be le bokamoso bo chabileng. Batho ba amohelang memo ea “mosali ea se nang kelello” ba leka ho ithabisa ka ho etsa boitšoaro bo bobe. Lintho tseo ba li etsang li lebisa lefung. (Liprov. 9:13, 17, 18) Batho ba amohelang memo ea mosali ea tšoantšetsang “bohlale” bona ba tla ba le bokamoso bo chabileng. (Liprov. 9:1) Re ithuta ho rata lintho tseo Jehova a li ratang le ho hloea tseo a li hloileng. (Pes. 97:10) Re thabile hobane re mema batho ba bang hore ba rutoe ke Jehova. Re tšoana le basebetsi ‘ba hoeletsang ba le qhooeng ea motse ba re: “Mang kapa mang ea se nang tsebo a ke a fapohele mona.”’ Melemo eo re tla e fumana hammoho le batho ba amohelang memo ena ha se ea hona joale feela. Ke ea nako e telele e tla re thusa hore re “phele” ka ho sa feleng ha re “tsoela pele ho tsamaea tseleng ea kutloisiso.”—Liprov. 9:3, 4, 6. w23.06 24 ¶17-18
Sontaha, la 16 November
Ea liehang ho halefa o molemo ho feta monna ea matla ’me ea laolang bohale ba hae o molemo ho feta motho ea hapang motse.—Liprov. 16:32.
U ikutloa joang ha motho eo u sebetsang le eena kapa eo u kenang sekolo le eena a u botsa ka lintho tseo u li lumelang? Na oa tšoha? Bongata ba rona rea tšoha. Empa lipotso tse joalo li re thusa ho utloisisa hore na batho ba bang ba nahana’ng le hore na ba lumela’ng. Hape li re fa monyetla oa hore re ba bolelle litaba tse monate tse tsoang ka Bibeleng. Ka linako tse ling, motho a ka re botsa potso hobane a batla ho ngangisana le rona. Ha rea lokela ho makala ha seo se etsahala hobane batho ba bang ba boleletsoe lintho tseo e seng ’nete ka lintho tseo re li lumelang. (Lik. 28:22) Taba e ’ngoe hape ke hore re phela “mehleng ea bofelo” eo batho “ba sa batleng ho lumellana le batho ba bang ka ntho efe kapa efe” ebile ba le “bohale bo tšosang.” (2 Tim. 3:1, 3) U ka ’na oa ipotsa: ‘Nka ba mosa le ho bontša temoho joang ha ke bua le motho ea ngangisanang le ’na ka lintho tseo ke li lumelang?’ U ka thusoa ke hore u be bonolo. Motho ea bonolo ha a halefe kapele ebile o khona ho laola maikutlo a hae haeba batho ba bang ba mo halefisa. w23.09 14 ¶1-2
Mantaha, la 17 November
U tla ba beha hore e be likhosana lefatšeng lohle.—Pes. 45:16.
Ka linako tse ling, re fuoa keletso e re sireletsang linthong tse kang ho rata chelete le ho etsa lintho tse ka etsang hore re tlole melao ea Molimo. Re fumana melemo haeba re mamela tataiso eo Jehova a re fang eona linthong tsena. (Esa. 48:17, 18; 1 Tim. 6:9, 10) Ha ho pelaelo hore Jehova o tla tsoela pele a ntse a sebelisa batho ho re fa tataiso nakong ea mahlomola a maholo ho fihlela nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete. Na re tla lula re latela tataiso eo re e fuoang? Re tla nolofalloa ke ho etsa joalo haeba re latela tataiso ea Jehova hona joale. Kahoo, a re luleng re latela tataiso ea Jehova ho akareletsa le eo re e fuoang ke bara ba bo rona ba behiloeng hore ba re hlokomele. (Esa. 32:1, 2; Baheb. 13:17) Ha re etsa joalo, re ba le mabaka a mangata a ho tšepa Jehova ea re tataisang hobane o re thusa hore re se ke ra etsa lintho tse tla senya kamano ea rona le eena le ho re sitisa hore re fumane bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha. w24.02 25 ¶17-18
Labobeli, la 18 November
O le pholositse hobane a le mosa.—Baef. 2:5.
Moapostola Pauluse o ne a thabela ho sebeletsa Jehova le hoja a ne a kopana le mathata a mangata. Ka linako tse ling Pauluse o ne a nka maeto a malelele ’me ho ne ho se bonolo ho nka maeto ka nako eo. Ha a ntse a tsamaea, o ile a “tobana le likotsi linokeng” le “likotsi tsa masholu.” Ka linako tse ling lira tsa hae li ne li mo otla. (2 Bakor. 11:23-27) Hape ka linako tse ling Bakreste-’moho le Pauluse ba ne ba sa ananele lintho tseo a neng a ba etsetsa tsona. (2 Bakor. 10:10; Bafil. 4:15) Pauluse o ile a thusoa ke’ng hore a tsoele pele a sebeletsa Jehova? O ile a ithuta ka Jehova haholoanyane ha a bala Mangolo le ho bona kamoo Jehova a mo thusitseng kateng tšebeletsong ea hae. Pauluse o ne a kholisehile hore Jehova Molimo oa mo rata. (Bar. 8:38, 39; Baef. 2:4, 5) Sena se ile sa etsa hore a rate Jehova le ho feta. Pauluse o ile a bontša hore o rata Jehova ka ho sebeletsa balumeli-’moho le eena.—Baheb. 6:10. w23.07 9 ¶5-6
Laboraro, la 19 November
Motho e mong le e mong a hlomphe balaoli ba phahameng.—Bar. 13:1.
Batho ba bangata ba lumellana le taba ea hore re hloka mebuso le hore re lokela ho mamela e meng ea melao ea “balaoli ba phahameng.” Leha ho le joalo, bona batho bao ba ka ’na ba e-ba leqe ho mamela molao oo ba sa o rateng kapa oo ba utloang eka ha o na toka. Bibele ea bontša hore mebuso ea lefatše e sotla batho, e laoloa ke Satane le hore haufinyane e tla felisoa. (Pes. 110:5, 6; Moek. 8:9; Luka 4:5, 6) E boetse e re “ea hanyetsang bolaoli o hanyetsa seo Molimo a se thehileng.” Hona joale Jehova o ntse a lumeletse balaoli ba phahameng hore ba buse e le hore lintho li ’ne li be taolong ’me o lebeletse hore re ba mamele. Ka hona, re lokela ho ‘fa bohle tse ba lokelang.’ Lintho tseo li akareletsa lekhetho, tlhompho le ho mamela. (Bar. 13:1-7) Re ka ’na ra utloa ho le thata ho mamela molao o itseng, ra bona o se na toka kapa o re hloka chelete e ngata hore re o mamele. Empa re mamela Jehova ’me ke eena ea reng re mamele balaoli bana ba phahameng hafeela ba sa re re tlole melao ea hae.—Lik. 5:29. w23.10 8 ¶9-10
Labone, la 20 November
Moea o halalelang oa Jehova o mo fa matla.—Baahl. 15:14.
Samsone o hlahile nakong eo Bafilista ba neng ba busa Baiseraele ba bile ba ba hatella. (Baahl. 13:1) Baiseraele ba ne ba sotlehile haholo ka lebaka la khatello eo. Jehova o ile a khetha Samsone hore e be eena “ea etellang pele ho pholosa Baiseraele ho Bafilista.” (Baahl. 13:5) E le hore Samsone a khone ho phetha mosebetsi oo, o ne a tla lokela ho tšepa Jehova. Ka le leng lebotho la Bafilista le ile la tla motseng oa Lehi ho tla tšoara Samsone. E ka ’na eaba Lehi e ne e le motse oa Juda. Banna ba Juda ba ne ba tšohile eaba ba etsa qeto ea ho fana ka Samsone ho ba lireng. Batho ba habo Samsone ba ile ba mo tlama ka liropo tse peli tse ncha eaba ba mo isa ho Bafilista. (Baahl. 15:9-13) Leha ho le joalo, ‘moea o halalelang oa Jehova oa mo fa matla’ eaba o khaola liropo tseo. Ka mor’a moo, “a fumana lesapo la mohlahare oa tonki e tona e sa tsoa shoa,” a le nka eaba o bolaea banna ba Bafilista ba 1 000 ka lona.—Baahl. 15:14-16. w23.09 2 ¶3-4
Labohlano, la 21 November
Taba ena e lumellana le morero oa hae o lulang o le teng ka ho sa feleng oo a ileng a o etsa, o amanang le Kreste Jesu Morena oa rona.—Baef. 3:11.
Jehova o senotse “morero oa hae o lulang o le teng ka ho sa feleng” ka Bibeleng hanyane ka hanyane. Kamehla merero ea Molimo ea phethahala hobane “o etsa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phethe morero oa hae.” (Liprov. 16:4) Lintho tseo Jehova a li etsang li tla lula li le teng ka ho sa feleng. Morero oa Jehova ke ofe ’me o ile a etsa liphetoho life hore a o phethahatse? Molimo o ile a bolella Adama le Eva morero oa hae. O ile a re: “Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse, le laole . . . liphoofolo” tse lefatšeng. (Gen. 1:28) Ha Adama le Eva ba fetohela Molimo ’me ba etsa hore batho e be baetsalibe, morero oa Jehova ha oa ka oa sitiseha. Jehova o ile a fetola tsela eo a tla phethahatsa morero oa hae ka eona. Hang-hang o ile a rera hore ho be le ’Muso o leholimong o tla phethahatsa morero oa hae bakeng sa batho le lefatše.—Mat. 25:34. w23.10 20 ¶6-7
Moqebelo, la 22 November
Haeba Jehova a ne a sa nthusa, nkabe ke shoele.—Pes. 94:17.
Jehova a ka re thusa hore re tsoele pele re mo sebeletsa. Ho ka ba thata hore re tsoele pele re sebeletsa Jehova, haholo haeba re lula re etsa phoso e tšoanang. Ka linako tse ling bothata boo re nang le bona bo ka bonahala bo le boima ho feta boo moapostola Petrose a neng a e-na le bona. Empa Jehova a ka re thusa hore re se ke ra lula re nyahame. (Pes. 94:18, 19) Ka mohlala, mor’abo rona e mong o ne a ratana le banna ba bang ka lilemo tse ngata pele e e-ba Paki ea Jehova. Ka mor’a hore a hlokomele hore tsela eo a phelang ka eona e fosahetse, o ile a etsa qeto ea ho fetoha. Leha ho le joalo, o ntse a loantšana le litakatso tseo tse fosahetseng. Ke’ng e ileng ea mo thusa hore a se ke a nyahama? O re: “Jehova ke eena ea re thusang. O sebelisa moea oa hae o halalelang ho nthusa hore ke phele ka tsela eo a e batlang. Jehova o ntse a mpha monyetla oa hore ke sebelisoe ka phuthehong ebile o mpha matla a hore ke tsoele pele ke mo sebeletsa ho sa tsotellehe bothata bona boo ke ntseng ke loantšana le bona.” w23.09 23 ¶12
Sontaha, la 23 November
Motho ea ikokobelitseng a bile a tšaba Jehova o tla fumana maruo, tlhompho le bophelo.—Liprov. 22:4.
Bara ba bo rona ba bacha, le tla lokela ho sebetsa ka thata hore le be banna ba Bakreste ba nang le tumelo e matla. Le lokela ho khetha mehlala e metle eo le ka e etsisang, le be batho ba nang le kelello, ba ka tšeptjoang, le ithute ho etsa mesebetsi e itseng le be le itokisetse boikarabelo boo le tla ba le bona nakong e tlang. Ha le nahana ka lintho tsena le ka utloa eka le na le mosebetsi o mongata empa le ka atleha. Hopolang hore Jehova o ikemiselitse ho le thusa. (Esa. 41:10, 13) Hape Bakreste-’moho le lona ba ikemiselitse ho le thusa. Ha u se u le monna oa Mokreste ea nang le tumelo e matla u tla thabela bophelo le Jehova o tla u hlohonolofatsa. Re le rata haholo lona bara ba bo rona ba bacha. E se eka Jehova a ka le hlohonolofatsa ha le ntse le sebetsa ka thata hore le be banna ba Bakreste ba nang le tumelo e matla. w23.12 29 ¶19-20
Mantaha, la 24 November
Iphapanyets[e] phoso.—Liprov. 19:11.
A re re u na le bana beno moketeng ’me ho monate. ebile le nka foto le le sehlopha. Ka mor’a moo, le nka lifoto tse ling tse peli e le hore le be le tse ling haeba ea pele e sa tsoa hantle. U qetella u se u e-na le lifoto tse tharo empa ha u sheba e ’ngoe oa bona hore mor’abo rona e mong o sosobantse sefahleho. U tl’o e hlakola hobane u ntse u e-na le lifoto tse ling tse peli moo batho bohle ba bososetseng hammoho le mor’abo rona eo. Hangata re hopola linako tse monate tseo re ileng ra ba le tsona le bana ba bo rona. Empa a re re ka nako e ’ngoe Mokreste-’moho le uena o ile a bua kapa a etsa ntho e ileng ea u utloisa bohloko. Re lokela ho etsa’ng haeba re hopola nako eo? Re lokela ho e hlakola ka hloohong, feela joalokaha re ne re tla hlakola foto e seng hantle. (Baef. 4:32) Re ka khona hobane re hopola linako tse ngata tse monate tseo re ileng ra ba le tsona le eena. Ke tsona lintho tseo re lokelang ho li hopola le ho li ananela. w23.11 12-13 ¶16-17
Labobeli, la 25 November
Basali le bona ba ikhabise ka ho apara hantle, . . . ba ikhabise ka liketso tse lokileng e leng eona tsela ea ho ikhabisa e tšoanelang basali ba ipolelang hore ba hlompha Molimo.—1 Tim. 2:9, 10.
Mantsoe a Segerike a sebelisitsoeng litemaneng tsena a bontša hore basali ba Bakreste ba lokela ho apara ka tsela e hlomphehang le e bontšang hore ba nahanela maikutlo a batho ba bang. Kannete re motlotlo ka barali ba bo rona ba aparang ka tsela e hlomphehang. Barali ba bo rona kaofela ba boetse ba lokela ho bontša hore ba na le tumelo e matla ka hore ba be le temoho. Temoho ke’ng? Ke bokhoni ba ho tseba hore na ntho e nepahetseng le e fosahetseng ke efe ebe u khetha ho etsa ntho e nepahetseng. Nahana ka mohlala oa Abigaile. Monna oa hae o ile a etsa qeto e fosahetseng e neng e tla tlisetsa eena le ba lelapa la hae mathata. Ho na le ntho eo Abigaile a ileng a e etsa hang-hang ho lokisa boemo boo. Kaha o ne a e-na le temoho, o ile a etsa ntho e nepahetseng eaba o pholosa ba lelapa la hae. (1 Sam. 25:14-23, 32-35) Temoho e ka boela ea re thusa ho tseba nako e loketseng ea ho bua le ea ho thola. E re thusa ho bontša hore re khathalla batho ba bang ntle le ho etsa hore ba se ke ba phutholoha.—1 Bathes. 4:11. w23.12 20 ¶8-9
Laboraro, la 26 November
A re thabeng hobane re na le tšepo ea hore re tla tlotlisoa ke Molimo.—Bar. 5:2.
Moapostola Pauluse o ile a ngolla phutheho ea Roma mantsoe ao. Bara le barali ba bo rona ba Roma ba ile ba ithuta ka Jehova le Jesu, ba ba le tumelo eaba e e-ba Bakreste. Ka lebaka leo, Molimo o ile a ba ‘nka ba lokile ka lebaka la tumelo’ eaba o ba tlotsa ka moea o halalelang. (Bar. 5:1) Ba ile ba e-ba le tšepo e tiileng ea hore ba tla fumana moputso o thabisang oo ba neng ba tla o fuoa. Hamorao Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba tlotsitsoeng ba Efese ka tšepo eo Molimo a ba khethetseng eona. Ba ne ba tla fumana “litlhohonolofatso . . . tseo [Molimo] a li tšepisitseng balumeli.” (Baef. 1:18) Pauluse o ile a boela a bolella Bakolose hore na ba tla fumana litlhohonolofatso tseo ba le hokae. O ile a re litlhohonolofatso tseo ke “moputso oo le o behetsoeng leholimong.” (Bakol. 1:4, 5) Ka hona, batlotsuoa ba na le tšepo ea hore ba tla tsosoa ’me ba e’o phela ka ho sa feleng leholimong moo ba tla busa le Kreste.—1 Bathes. 4:13-17; Tšen. 20:6. w23.12 9 ¶4-5
Labone, la 27 November
Molimo o tla lebela lipelo tsa lona le menahano ea lona ka ho le fa khotso eo batho ba ke keng ba e utloisisa.—Bafil. 4:7.
Ka Segerike, lentsoe “lebela” e ne e le lentsoe le sebelisoang litabeng tsa sesole ha ho ne ho buuoa ka masole a neng a lebela motse e le hore o se ke oa hlaseloa. Baahi ba motse o neng o e-na le masole a katileng motse ba ne ba robala ka khotso joaloka masea hobane ba tseba hore masole a ba sirelelitse. Ka tsela e tšoanang, ha khotso eo Molimo a re fang eona e lebela lipelo le menahano ea rona, re khoba matšoafo hobane re tseba hore re sireletsehile. (Pes. 4:8) Joaloka Anna, re ka ikutloa re e-na le khotso le haeba maemo a rona a sa fetohe hang-hang. (1 Sam. 1:16-18) Ha re khobile matšoafo, hangata ho ba bonolo hore re nahane hantle le ho etsa liqeto tse nepahetseng. Re ka etsa’ng? Ha u e-na le mathata, balehela ho molebeli oa rona. Joang? Ka hore u rapele ho fihlela u utloa Molimo a u fa khotso. (Luka 11:9; 1 Bathes. 5:17) Ha u e-na le bothata, u se ke oa khaotsa ho rapela ’me u tla utloa ha Jehova a u fa khotso e tla lebela pelo le kelello ea hao.—Bar. 12:12. w24.01 21 ¶5-6
Labohlano, la 28 November
Ntate oa rona ea maholimong, lebitso la hao le halaletsoe.—Mat. 6:9.
Jesu o ile a mamella ho hlokofatsoa, ho rohakoa le ho senngoa lebitso e le hore a halaletse lebitso la Ntate oa hae. O ne a tseba hore o ne a mametse Ntate oa hae linthong tsohle ’me ho se na letho le neng le ka mo hlabisa lihlong. (Baheb. 12:2) O ne a bile a tseba hore Satane o ne a mo hlasela ka ho toba nakong eo e thata. (Luka 22:2-4; 23:33, 34) Satane o ne a nahanne hore o tla etsa hore Jesu a se ke a tšepahala empa o ile a hloleha ka ho feletseng. Jesu o ile a paka ka ho feletseng hore Satane ke raleshano ea sehloho le hore Jehova o na le bahlanka ba hae ba mo tšepahallang le tlas’a liteko tse boima ka ho fetisisa. Na u batla ho thabisa Morena oa hao ea busang? Lula u rorisa lebitso la Jehova le ho thusa batho ba bang hore ba mo tsebe hore na ke Molimo ea joang. Ha u etsa joalo, u tla be u etsisa Jesu. (1 Pet. 2:21) Joaloka Jesu, u thabisa Jehova ’me u paka hore sera sa hae Satane ke raleshano ea se nang lihlong. w24.02 11-12 ¶11-13
Moqebelo, la 29 November
Ke tla patala Jehova ka eng bakeng sa lintho tsohle tse molemo tseo a nketselitseng tsona?—Pes. 116:12.
Lilemong tse hlano tse fetileng, batho ba ka holimo ho milione ba ile ba kolobetsoa ’me ea e-ba Lipaki Tsa Jehova. Ha u inehela ho Jehova, u khetha ho ba e mong oa barutuoa ba Jesu Kreste ebile u khetha hore ho etsa thato ea Molimo e be ntho ea bohlokoa bophelong ba hao. U lokela ho etsa’ng ha u se u inehetse ho Jehova? Jesu o itse: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a se ke a hlola a iphelela.” (Mat. 16:24) Ha u se u inehetse ho Jehova, u lokela ho qoba ntho leha e le efe e sa lumellaneng le thato ea hae. (2 Bakor. 5:14, 15) Seo se akareletsa ho qoba ho etsa “liketso tse mpe” joaloka “boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano.” (Bagal. 5:19-21; 1 Bakor. 6:18) Na ho mamela melao ea Jehova ho tla etsa hore u phele ka thata? Haeba u rata Jehova ebile u mamela melao ea hae, u tla hlokomela hore e u tsoela molemo.—Pes. 119:97; Esa. 48:17, 18. w24.03 2 ¶1; 3 ¶4
Sontaha, la 30 November
U Mora . . . ea nkhahlisang.—Luka 3:22.
Jehova o fana ka moea o halalelang oa hae ho batho ba mo thabisang. (Mat. 12:18) Re ka ipotsa: ‘Na ke khona ho bontša tse ling tsa litholoana tse behoang ke moea o halalelang bophelong ba ka?’ Na u bona eka u se u e-na le mamello haholoanyane ha u sebetsana le batho ba bang ho feta pele u ithuta ka Jehova? Ha u ntse u bontša litholoana tse behoang ke moea o halalelang haholoanyane, u lokela ho kholiseha le ho feta hore Jehova oa u amohela. Batho bao Jehova a ba amohelang ba fumana melemo ea sehlabelo sa Jesu seo Jehova a faneng ka sona. (1 Tim. 2:5, 6) Empa ho thoe’ng haeba re ntse re utloa eka Jehova ha a re amohele le hoja re lumela sehlabelong sa Jesu re bile re kolobelitsoe? Re lokela ho hopola hore ha se kamehla re lokelang ho tšepa tsela eo re ikutloang ka eona empa re ka tšepa Jehova. O nka batho ba nang le tumelo sehlabelong sa Jesu ba lokile ebile o tšepisa ho ba hlohonolofatsa.—Pes. 5:12; Bar. 3:26. w24.03 30 ¶15; 31 ¶17