Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

Labone, la 13 November

A re lahleng lintho tsohle tse ka re imelang.—Baheb. 12:1.

Bibele e tšoantša bophelo ba Bakreste le peiso. Limathi tse fihlang qetellong ea peiso li tla fumana bophelo bo sa feleng. (2 Tim. 4:​7, 8) Re lokela ho sebetsa ka thata hore re ’ne re mathe peisong ena hobane re se re le haufi le ho e qeta. Moapostola Pauluse o ile a bua ka lintho tse ka re thusang hore re hlole peisong. O ile a re khothaletsa hore ‘re lahle lintho tsohle tse ka re imelang ’me . . . re mathe ka mamello peisong e ka pel’a rona.’ Na Pauluse o ne a bolela hore ha ho na lintho tseo Mokreste a lokelang ho li etsa? Che empa o ne a bolela hore re lokela ho tlohela ho etsa lintho tse ka re imelang ho sa hlokahale. Lintho tsena li ka re sitisa ’me tsa etsa hore re khathale. E le hore re mamelle, re lokela ho sheba hore na ho na le lintho tseo re ikimetsang ka tsona ho sa hlokahale ebe re tlohela ho li etsa. Leha ho le joalo, ha re batle ho lebala lintho tseo re lokelang ho li etsa, ho seng joalo re ke ke ra fihla qetellong ea peiso ena.—2 Tim. 2:5. w23.08 26 ¶1-2

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Labohlano, la 14 November

Botle ba lona e se ke ea e-ba ba lintho tseo batho ba li bonang.—1 Pet. 3:3.

Ho fetoha le maemo ho re thusa hore re hlomphe tsela eo batho ba bang ba etsang lintho ka eona. Ka mohlala, barali ba bo rona ba bang ba rata ho itlotsa ka makeup, ha ba bang bona ba sa rate. Bakreste ba bang ba noa joala empa ba bang ba khetha ho se noe ho hang. Bakreste bohle ba batla ho phela hantle ’meleng empa ba khetha mekhoa e sa tšoaneng ea ho ba le bophelo bo botle. Haeba re nahana hore re lula re nepile ebile re khothaletsa bara le barali ba bo rona ho etsa lintho tseo re li etsang, re ka qetella re ba khopisa le ho etsa hore ho se ke ha e-ba le khotso ka hare ho phutheho. (1 Bakor. 8:9; 10:​23, 24) Ka mohlala, Jehova ha a re laele hore na re apare’ng empa o re file melao-motheo e re thusang hore re apare le ho itokisa hantle. Re lokela ho apara ka tsela e bontšang hore re bahlanka ba Molimo, re nahanela batho ba bang, rea itlhompha ebile ‘re na le kelello.’ (1 Tim. 2:​9, 10) Kahoo, ha re batle hore tsela eo re aparang ka eona e re bitsetse mahlo a batho ho sa hlokahale. Melao-motheo ea Bibele e boetse e thusa baholo hore ba qobe ho behela batho melao ea hore na ba apare le ho lokisa moriri joang. w23.07 23-24 ¶13-14

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Moqebelo, la 15 November

’Mameleng ka hloko ’me le je lijo tse nang le phepo. Le tla thaba haholo ka lebaka la lijo tse matlafatsang e le kannete.—Esa. 55:2.

Jehova o re bontšitse hore na re ka etsa’ng e le hore re be le bokamoso bo chabileng. Batho ba amohelang memo ea “mosali ea se nang kelello” ba leka ho ithabisa ka ho etsa boitšoaro bo bobe. Lintho tseo ba li etsang li lebisa lefung. (Liprov. 9:​13, 17, 18) Batho ba amohelang memo ea mosali ea tšoantšetsang “bohlale” bona ba tla ba le bokamoso bo chabileng. (Liprov. 9:1) Re ithuta ho rata lintho tseo Jehova a li ratang le ho hloea tseo a li hloileng. (Pes. 97:10) Re thabile hobane re mema batho ba bang hore ba rutoe ke Jehova. Re tšoana le basebetsi ‘ba hoeletsang ba le qhooeng ea motse ba re: “Mang kapa mang ea se nang tsebo a ke a fapohele mona.”’ Melemo eo re tla e fumana hammoho le batho ba amohelang memo ena ha se ea hona joale feela. Ke ea nako e telele e tla re thusa hore re “phele” ka ho sa feleng ha re “tsoela pele ho tsamaea tseleng ea kutloisiso.”—Liprov. 9:​3, 4, 6. w23.06 24 ¶17-18

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela