Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

Labobeli, la 9 September

Mosali ea se nang kelello o lerata. Ke sethoto.—Liprov. 9:13.

Batho ba utloang ha “mosali ea se nang kelello” a ba hoeletsa ba ka khetha hore na baa fapohela kapa ha ba fapohele. Re na le mabaka a utloahalang a ho qoba boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano. “Mosali ea se nang kelello” o re: “Metsi a utsoitsoeng a monate.” (Liprov. 9:17) “Metsi a utsoitsoeng” ke eng? Bibele e bapisa thobalano pakeng tsa monna le mosali ba nyalaneng le metsi a pholileng. (Liprov. 5:​15-18) Monna le mosali ba nyalaneng ka molao ba lumeletsoe ho thabela ho etsa thobalano. “Metsi a utsoitsoeng” oona ke eng? Oona ke thobalano eo Molimo a sa e lumellang e leng e etsoang ke batho ba sa nyalanang. Hangata batho ba e etsang baa ipata joalokaha lesholu le ipata ha le il’o utsoa. “Metsi a utsoitsoeng” a ka utloahala a le monate haeba batho ba nahana hore ba khonne ho pata ntho eo ba e entseng. Baa ithetsa hobane Jehova o bona lintho tsohle. Ha ho na ntho e bohloko joaloka ho lahleheloa ke setsoalle sa rona le Jehova. Kahoo, ha ho na ntho e “monate” ka taba eo.—1 Bakor. 6:​9, 10. w23.06 22 ¶7-9

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Laboraro, la 10 September

Haeba ke li bolela ke sa batle, ke ntse ke fuoe boikarabelo ba ho li bolela.—1 Bakor. 9:17.

U ka etsa’ng haeba u hlokomela hore ha u sa rapela ho tsoa pelong le hore ha u sa sebeletsa Jehova joaloka pele? U se ke oa nahana hore Jehova ha a sa u fa moea oa hae o halalelang. U motho ea etsang liphoso ka linako tse ling, kahoo u ka ’na oa ikutloa ka tsela ena. Haeba u hlokomela hore ha u sa etsa lintho joaloka pele, nahana ka mohlala oa moapostola Pauluse. O ne a leka ho etsisa Jesu empa o ne a tseba hore ka linako tse ling o ne a ke ke a e-ba le matla a ho etsa lintho tseo a neng a lokela ho li etsa. Pauluse o ne a ikemiselitse ho etsa tšebeletso ea hae ka ho feletseng ho sa tsotellehe hore na o ne a ikutloa joang. Ka ho tšoanang u se ke oa etsa liqeto ho ea feela ka hore na u ikutloa joang. Ikemisetse ho etsa lintho tse nepahetseng ho sa tsotellehe tsela eo u ikutloang ka eona. Haeba u itloaetsa ho etsa lintho tse nepahetseng, tsela eo u ikutloang ka eona e tla fetoha.—1 Bakor. 9:16. w24.03 11-12 ¶12-13

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Labone, la 11 September

Ba bontšeng hore lea ba rata.—2 Bakor. 8:24.

Re ka bontša bana ba bo rona hore rea ba rata ka hore re ba etse metsoalle ea rona. (2 Bakor. 6:​11-13) Boholo ba rona re liphuthehong tse nang le bara le barali ba bo rona ba fapaneng le rona ka litsela tse ngata ebile ba e-na le botho bo sa tšoaneng. Ntho e tla re thusa hore re lule re ba rata kaofela ke hore re shebe makhabane a bona. Re bontša hore re rata bana ba bo rona haeba re ithuta ho ba sheba ka tsela eo Jehova a ba shebang ka eona. Re tla hloka ho ratana nakong ea mahlomola a maholo. Ha mahlomola ao a qala, re tla balehela hokae e le hore re sireletsehe? Ha Babilona ea mehleng ea khale e ne e hlaseloa, hlokomela hore na Jehova o ile a laela batho ba hae hore ba etse’ng: “E-ea, sechaba sa ka, kena likamoreng tsa hao tse ka hare, u koale mamati. Ipate ka nakoana ho fihlela khalefo e fetile.” (Esa. 26:20) Ho bonahala eka mantsoe ao a lebisitsoe le ho rona ba tla tobana le mahlomola a maholo. w23.07 6-7 ¶14-16

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela