Laboraro, la 10 September
Haeba ke li bolela ke sa batle, ke ntse ke fuoe boikarabelo ba ho li bolela.—1 Bakor. 9:17.
U ka etsa’ng haeba u hlokomela hore ha u sa rapela ho tsoa pelong le hore ha u sa sebeletsa Jehova joaloka pele? U se ke oa nahana hore Jehova ha a sa u fa moea oa hae o halalelang. U motho ea etsang liphoso ka linako tse ling, kahoo u ka ’na oa ikutloa ka tsela ena. Haeba u hlokomela hore ha u sa etsa lintho joaloka pele, nahana ka mohlala oa moapostola Pauluse. O ne a leka ho etsisa Jesu empa o ne a tseba hore ka linako tse ling o ne a ke ke a e-ba le matla a ho etsa lintho tseo a neng a lokela ho li etsa. Pauluse o ne a ikemiselitse ho etsa tšebeletso ea hae ka ho feletseng ho sa tsotellehe hore na o ne a ikutloa joang. Ka ho tšoanang u se ke oa etsa liqeto ho ea feela ka hore na u ikutloa joang. Ikemisetse ho etsa lintho tse nepahetseng ho sa tsotellehe tsela eo u ikutloang ka eona. Haeba u itloaetsa ho etsa lintho tse nepahetseng, tsela eo u ikutloang ka eona e tla fetoha.—1 Bakor. 9:16. w24.03 11-12 ¶12-13
Labone, la 11 September
Ba bontšeng hore lea ba rata.—2 Bakor. 8:24.
Re ka bontša bana ba bo rona hore rea ba rata ka hore re ba etse metsoalle ea rona. (2 Bakor. 6:11-13) Boholo ba rona re liphuthehong tse nang le bara le barali ba bo rona ba fapaneng le rona ka litsela tse ngata ebile ba e-na le botho bo sa tšoaneng. Ntho e tla re thusa hore re lule re ba rata kaofela ke hore re shebe makhabane a bona. Re bontša hore re rata bana ba bo rona haeba re ithuta ho ba sheba ka tsela eo Jehova a ba shebang ka eona. Re tla hloka ho ratana nakong ea mahlomola a maholo. Ha mahlomola ao a qala, re tla balehela hokae e le hore re sireletsehe? Ha Babilona ea mehleng ea khale e ne e hlaseloa, hlokomela hore na Jehova o ile a laela batho ba hae hore ba etse’ng: “E-ea, sechaba sa ka, kena likamoreng tsa hao tse ka hare, u koale mamati. Ipate ka nakoana ho fihlela khalefo e fetile.” (Esa. 26:20) Ho bonahala eka mantsoe ao a lebisitsoe le ho rona ba tla tobana le mahlomola a maholo. w23.07 6-7 ¶14-16
Labohlano, la 12 September
Boemo ba lefatše lena boa fetoha.—1 Bakor. 7:31.
Tsebahala u le motho ea sa tsitlelleng maikutlo a hao. Ipotse: ‘Na batho ba bona ke le motho ea sa tsitlelleng maikutlo a ka, ea fetohang le maemo ha ho hlokeha le ea hlomphang maikutlo a batho ba bang? Na ba bona ke le motho ea tšoarang batho ba bang ka thata kapa ea manganga? Na ke mamela batho ba bang le ho lumellana le maikutlo a bona ha ho loketse?’ Haeba re sa tsitlelle maikutlo a rona ’me re khona ho fetoha le maemo, re bontša hore re etsisa Jehova le Jesu. Re lokela ho fetoha le maemo ha ho e-ba le liphetoho. Liphetoho tsena li ka etsa hore re hlaheloe ke mathata ao re neng re sa a lebella. Re ka kula ka tšohanyetso, maemo a moruo a fetoha ka tšohanyetso kapa maemo a lipolotiki a moo re lulang teng a re thatafaletsa bophelo. (Moek. 9:11) Re ka thatafalloa ke ho amohela mosebetsi o mong oo re o fuoang ka hare ho mokhatlo oa Jehova. Re ka khona ho fetoha le maemo ha ho e-ba le liphetoho, hafeela re etsa lintho tsena tse ’nè: (1) amohela hore lintho ha li sa tšoana le pele, (2) nahana ka bokamoso, (3) nahana ka lintho tse khothatsang ’me (4) u thuse batho ba bang. w23.07 21-22 ¶7-8