Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

Labone, la 11 September

Ba bontšeng hore lea ba rata.—2 Bakor. 8:24.

Re ka bontša bana ba bo rona hore rea ba rata ka hore re ba etse metsoalle ea rona. (2 Bakor. 6:​11-13) Boholo ba rona re liphuthehong tse nang le bara le barali ba bo rona ba fapaneng le rona ka litsela tse ngata ebile ba e-na le botho bo sa tšoaneng. Ntho e tla re thusa hore re lule re ba rata kaofela ke hore re shebe makhabane a bona. Re bontša hore re rata bana ba bo rona haeba re ithuta ho ba sheba ka tsela eo Jehova a ba shebang ka eona. Re tla hloka ho ratana nakong ea mahlomola a maholo. Ha mahlomola ao a qala, re tla balehela hokae e le hore re sireletsehe? Ha Babilona ea mehleng ea khale e ne e hlaseloa, hlokomela hore na Jehova o ile a laela batho ba hae hore ba etse’ng: “E-ea, sechaba sa ka, kena likamoreng tsa hao tse ka hare, u koale mamati. Ipate ka nakoana ho fihlela khalefo e fetile.” (Esa. 26:20) Ho bonahala eka mantsoe ao a lebisitsoe le ho rona ba tla tobana le mahlomola a maholo. w23.07 6-7 ¶14-16

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Labohlano, la 12 September

Boemo ba lefatše lena boa fetoha.—1 Bakor. 7:31.

Tsebahala u le motho ea sa tsitlelleng maikutlo a hao. Ipotse: ‘Na batho ba bona ke le motho ea sa tsitlelleng maikutlo a ka, ea fetohang le maemo ha ho hlokeha le ea hlomphang maikutlo a batho ba bang? Na ba bona ke le motho ea tšoarang batho ba bang ka thata kapa ea manganga? Na ke mamela batho ba bang le ho lumellana le maikutlo a bona ha ho loketse?’ Haeba re sa tsitlelle maikutlo a rona ’me re khona ho fetoha le maemo, re bontša hore re etsisa Jehova le Jesu. Re lokela ho fetoha le maemo ha ho e-ba le liphetoho. Liphetoho tsena li ka etsa hore re hlaheloe ke mathata ao re neng re sa a lebella. Re ka kula ka tšohanyetso, maemo a moruo a fetoha ka tšohanyetso kapa maemo a lipolotiki a moo re lulang teng a re thatafaletsa bophelo. (Moek. 9:11) Re ka thatafalloa ke ho amohela mosebetsi o mong oo re o fuoang ka hare ho mokhatlo oa Jehova. Re ka khona ho fetoha le maemo ha ho e-ba le liphetoho, hafeela re etsa lintho tsena tse ’nè: (1) amohela hore lintho ha li sa tšoana le pele, (2) nahana ka bokamoso, (3) nahana ka lintho tse khothatsang ’me (4) u thuse batho ba bang. w23.07 21-22 ¶7-8

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Moqebelo, la 13 September

U motho ea ratoang haholo.—Dan. 9:23.

Moprofeta Daniele e ne e sa le mocha ha Bababilona ba mo isa hole le habo hore e e’o ba motšoaruoa ’me ba ile ba mo rata. Ba ile ba “bona se bonoang ke mahlo feela.” Ba ile ba bona feela hore Daniele o ‘phetse hantle ebile o shebahala hantle’ hape o tsoa lelapeng la borena. (1 Sam. 16:7) Kahoo, Bababilona ba ile ba mo ruta hore a sebeletse phaleising ea morena. (Dan. 1:​3, 4, 6) Jehova o ne a rata Daniele ka lebaka la makhabane a hae. E ka ’na eaba Daniele o ne a le lilemo li 20 ha Jehova a ne a re o tšoana le Noe le Jobo. Jehova o ne a nka Daniele a lokile joaloka Noe le Jobo ba ileng ba mo tšepahalla ka lilemo tse ngata. (Gen. 5:32; 6:​9, 10; Jobo 42:​16, 17; Ezek. 14:14) Jehova o ile a lula a rata Daniele bophelo bohle ba hae.—Dan. 10:​11, 19. w23.08 2 ¶1-2

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela