Mantaha, la 15 September
Bana beso, latelang mohlala oa baprofeta ba neng ba bua lebitsong la Jehova. Ba ile ba utloisoa bohloko ka litsela tse ngata empa ba ile ba mamella.—Jak. 5:10.
Ka Bibeleng ho na le mehlala e mengata ea batho ba neng ba e-na le mamello. Ho ithuta ka bona ho ka u tsoela molemo. Ka mohlala, le hoja Davida a ile a khethoa hore e be morena oa Iseraele a sa le monyenyane, o ile a tlameha ho ema lilemo tse ngata pele a ka qala ho busa. Simeone le Anna ba ile ba sebeletsa Jehova ka botšepehi ha ba ntse ba emetse hore Mesia a fihle. (Luka 2:25, 36-38) Ha u ntse u ithuta ka batho ba kang bana, batla likarabo tsa lipotso tsena: E ka ’na eaba motho eo o ile a thusoa ke eng ho ba le mamello? Ho ba le mamello ho ile ha mo thusa joang? Nka mo etsisa joang? Ntho e ’ngoe e ka u thusang ke ho ithuta ka mehlala ea batho ba neng ba se na mamello. (1 Sam. 13:8-14) U ka ipotsa lipotso tsena: ‘E ka ’na eaba ke eng e entseng hore ba se ke ba e-ba le mamello? Litla-morao e ile ea e-ba life?’ w23.08 25 ¶15
Labobeli, la 16 September
Rea lumela ebile rea tseba hore u Mohlanka ea Halalelang oa Molimo.—Joh. 6:68.
Moapostola Petrose o ne a tšepahalla Jesu. Ha aa ka a lumella letho ho mo sitisa hore a lule a latela Jesu. O ile a bontša hore o tšepahalla Jesu nakong eo a neng a bua ntho eo barutuoa ba bang ba neng ba sa e utloisise. (Joh. 6:68) Barutuoa ba bangata ba ile ba khaotsa ho latela Jesu ba sa mo botsa le ho mo botsa hore na o ne a bolela’ng. Petrose eena ha aa ka a khaotsa ho mo latela. O ile a hlokomela hore ke Jesu feela ea nang le ‘mantsoe a fanang ka bophelo bo sa feleng.’ Jesu o ne a tseba hore Petrose le baapostola ba bang ba hae ba ne ba tl’o mo lahla. Leha ho le joalo, o ile a bolella Petrose hore ka mor’a hore a mo lahle, o ne a tla khutla ’me a tsoele pele a tšepahala. (Luka 22:31, 32) Jesu o ne a utloisisa hore “pelo e na le tabatabelo empa nama ea fokola.” (Mar. 14:38) Kahoo, le ka mor’a hore Petrose a latole hore o tseba Jesu, Jesu ha aa ka a mo lahla. Ka mor’a hore a tsosoe bafung, o ile a hlaha ho Petrose moo a neng a le mong. (Mar. 16:7; Luka 24:34; 1 Bakor. 15:5) E tlameha ebe ntho eo e ile ea khothatsa Petrose haholo nakong eo a neng a nyahame. w23.09 22 ¶9-10
Laboraro, la 17 September
Ho thaba bao liketso tsa bona tse sa eeng ka molao li tšoaretsoeng le bao libe tsa bona li koahetsoeng. Ho thaba motho eo Jehova a ke keng a hopola sebe sa hae ho hang.—Bar. 4:7.
Molimo o tšoarela libe tsa batho ba lumelang ho eena kapa re ka re oa li koahela. O ba tšoarela ka ho feletseng ebile a ke ke a hopola libe tsa bona ho hang. (Pes. 32:1, 2) O nka batho ba joalo ba se na molato ebile ba lokile hobane ba e-na le tumelo. Le hoja Abrahama, Davida le bahlanka ba bang ba Molimo ba ne ba nkoa ba lokile, e ne e ntse e le baetsalibe. Empa ka lebaka la tumelo ea bona, Molimo o ile a ba nka ba se na molato, haholo-holo ha ba bapisoa le batho ba sa mo sebeletseng. (Baef. 2:12) Lengolong la hae le eang ho Baroma, moapostola Pauluse o re re lokela ho ba le tumelo e le hore re be metsoalle ea Molimo. Joalokaha Abrahama le Davida e ne e le metsoalle ea Molimo hobane ba ne ba e-na le tumelo, le rona re tla ba metsoalle ea Molimo ha re e-na le tumelo. w23.12 3 ¶6-7