Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

Labobeli, la 16 September

Rea lumela ebile rea tseba hore u Mohlanka ea Halalelang oa Molimo.—Joh. 6:68.

Moapostola Petrose o ne a tšepahalla Jesu. Ha aa ka a lumella letho ho mo sitisa hore a lule a latela Jesu. O ile a bontša hore o tšepahalla Jesu nakong eo a neng a bua ntho eo barutuoa ba bang ba neng ba sa e utloisise. (Joh. 6:68) Barutuoa ba bangata ba ile ba khaotsa ho latela Jesu ba sa mo botsa le ho mo botsa hore na o ne a bolela’ng. Petrose eena ha aa ka a khaotsa ho mo latela. O ile a hlokomela hore ke Jesu feela ea nang le ‘mantsoe a fanang ka bophelo bo sa feleng.’ Jesu o ne a tseba hore Petrose le baapostola ba bang ba hae ba ne ba tl’o mo lahla. Leha ho le joalo, o ile a bolella Petrose hore ka mor’a hore a mo lahle, o ne a tla khutla ’me a tsoele pele a tšepahala. (Luka 22:​31, 32) Jesu o ne a utloisisa hore “pelo e na le tabatabelo empa nama ea fokola.” (Mar. 14:38) Kahoo, le ka mor’a hore Petrose a latole hore o tseba Jesu, Jesu ha aa ka a mo lahla. Ka mor’a hore a tsosoe bafung, o ile a hlaha ho Petrose moo a neng a le mong. (Mar. 16:7; Luka 24:34; 1 Bakor. 15:5) E tlameha ebe ntho eo e ile ea khothatsa Petrose haholo nakong eo a neng a nyahame. w23.09 22 ¶9-10

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Laboraro, la 17 September

Ho thaba bao liketso tsa bona tse sa eeng ka molao li tšoaretsoeng le bao libe tsa bona li koahetsoeng. Ho thaba motho eo Jehova a ke keng a hopola sebe sa hae ho hang.—Bar. 4:7.

Molimo o tšoarela libe tsa batho ba lumelang ho eena kapa re ka re oa li koahela. O ba tšoarela ka ho feletseng ebile a ke ke a hopola libe tsa bona ho hang. (Pes. 32:​1, 2) O nka batho ba joalo ba se na molato ebile ba lokile hobane ba e-na le tumelo. Le hoja Abrahama, Davida le bahlanka ba bang ba Molimo ba ne ba nkoa ba lokile, e ne e ntse e le baetsalibe. Empa ka lebaka la tumelo ea bona, Molimo o ile a ba nka ba se na molato, haholo-holo ha ba bapisoa le batho ba sa mo sebeletseng. (Baef. 2:12) Lengolong la hae le eang ho Baroma, moapostola Pauluse o re re lokela ho ba le tumelo e le hore re be metsoalle ea Molimo. Joalokaha Abrahama le Davida e ne e le metsoalle ea Molimo hobane ba ne ba e-na le tumelo, le rona re tla ba metsoalle ea Molimo ha re e-na le tumelo. w23.12 3 ¶6-7

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Labone, la 18 September

Re lokela ho lula re rorisa Molimo. Ho etsa joalo ho tšoana le ho mo etsetsa sehlabelo. Re bolela lebitso la hae phatlalatsa ka melomo ea rona.—Baheb. 13:15.

Mehleng ena Bakreste bohle ba na le monyetla oa ho sebelisa nako ea bona, matla le lintho tseo ba nang le tsona ho sebeletsa Molimo. Re ananela monyetla oo re nang le oona oa ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle. Moapostola Pauluse o ile a bua ka lintho tseo re sa lokelang ho khaotsa ho li etsa. (Baheb. 10:​22-25) Lintho tsena li akareletsa ho rapela Jehova, ho bolela litaba tse monate tsa Bibele, ho ea libokeng le ho khothatsana. Re lokela ho etsa “lintho tsena le ho feta hobane rea bona hore letsatsi [la Jehova] le ntse le atamela.” Likhaolong tsa ho qetela tsa lengolo la Tšenolo, ka makhetlo a mabeli lengeloi la Jehova le ile la re: “Rapela Molimo” ho bontša hore ke habohlokoa hore re rapele Jehova. (Tšen. 19:10; 22:9) E se eka re ka lula re hopola lintho tse tebileng tseo re ithutileng tsona ka tempele ea Jehova e kholo ea tšoantšetso ’me re lule re ananela monyetla oo re nang le oona oa ho rapela Molimo oa rona ea matla. w23.10 29 ¶17-18

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela