Labohlano, la 19 September
A re luleng re ratana.—1 Joh. 4:7.
Kaofela re batla ho ‘lula re ratana.’ Leha ho le joalo, ke habohlokoa ho hopola hore Jesu o ile a re lemosa hore “batho ba bangata ha ba sa tla ratana.” (Mat. 24:12) Jesu o ne a sa re bongata ba barutuoa ba hae ha bo sa tla ratana. Ho ntse ho le joalo, re lokela ho lula re le hlokolosi hore re se ke ra tšoana le batho ba lefatše lena eaba le rona ha re sa ratana. Re sa le tabeng eo, a re hlahlobeng potso ena ea bohlokoa: Ke’ng e tla re thusa ho bona hore na re rata bana ba bo rona haholo? Ntho e ’ngoe e tla re thusa ho bona hore na re batho ba lerato hakae, ke ho sheba hore na re itšoara joang ha ho hlaha maemo a itseng bophelong. (2 Bakor. 8:8) Boemo bo bong ke bo boletsoeng ke moapostola Petrose ha a re: “Ka holimo ho tsohle, le ratane haholo hobane motho ea lerato o lula a itokiselitse ho tšoarela.” (1 Pet. 4:8) Kahoo, tsela eo re itšoarang ka eona ha bana ba bo rona ba etsa liphoso kapa ba re utloisa bohloko e tla re thusa ho bona hore na re ba rata hakae. w23.11 10-11 ¶12-13
Moqebelo, la 20 September
Le ratane.—Joh. 13:34.
Re ke ke ra khona ho mamela taelo ea Jesu ea hore re ratane haeba re rata batho ba itseng feela ka phuthehong. Ke ’nete hore joaloka Jesu re ka ’na ra tloaela batho ba itseng haholo ho feta ba bang. (Joh. 13:23; 20:2) Empa moapostola Petrose o re hopotsa hore re lokela ho ‘rata bana ba bo rona kaofela’ hobane re lelapa. (1 Pet. 2:17) Petrose o ile a re khothaletsa hore re ‘ratane ka pelo eohle.’ (1 Pet. 1:22) Mantsoe ana a bolela hore re lokela ho rata batho ba bang le hoja ho ka ba thata ho etsa joalo. Ka mohlala, re ka etsa’ng haeba Mokreste-’moho le rona a bua kapa a etsa ntho e re utloisang bohloko? Le rona re ka ’na ra batla ho mo utloisa bohloko. Petrose o ile a ithuta ho Jesu hore ho etsa joalo ha ho thabise Molimo. (Joh. 18:10, 11) Petrose o ile a re: “Le se ke la etsa ba bang hampe hobane ba le entse hampe kapa la ba rohaka hobane ba le rohakile. Ho e-na le ho etsa joalo, le ba etsetse lintho tse molemo.” (1 Pet. 3:9) Haeba u rata Bakreste-’moho le uena haholo, u tla ba bontša mosa u be u ba nahanele. w23.09 28-29 ¶9-11
Sontaha, la 21 September
Basali le bona . . . ba be le teka-tekano linthong tsohle tseo ba li etsang hape ba tšepahale linthong tsohle.—1 Tim. 3:11.
Rea hlolloa ha re bona tsela eo ngoana a holang kapele ka eona. Ho bonahala tsela eo a holang ka eona e iketsahalla feela. Leha ho le joalo, ha ho iketsahalle feela hore re be le tumelo e matla. (1 Bakor. 13:11; Baheb. 6:1) Re hloka ho ba metsoalle ea Jehova. Re boetse re hloka moea oa hae o halalelang, makhabane a mo thabisang, re ithute ho etsa lintho tse tla re thusa bophelong ’me re itokisetse boikarabelo boo re ka bang le bona nakong e tlang. (Liprov. 1:5) Jehova o bopile monna le mosali. (Gen. 1:27) Ho bonolo ho hlokomela hore monna le mosali ha ba tšoane ka lebaka la tsela eo ba bopiloeng ka eona. Empa ba fapane le ka litsela tse ling. Ka mohlala, Jehova o file banna le basali boikarabelo bo itseng boo ba lokelang ho bo phetha. Kahoo, ho na le makhabane ao ba lokelang ho ba le ’ona le lintho tseo ba lokelang ho li tseba tse tla ba thusa hore ba phethe boikarabelo ba bona.—Gen. 2:18. w23.12 18 ¶1-2