Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

Labone, la 18 September

Re lokela ho lula re rorisa Molimo. Ho etsa joalo ho tšoana le ho mo etsetsa sehlabelo. Re bolela lebitso la hae phatlalatsa ka melomo ea rona.—Baheb. 13:15.

Mehleng ena Bakreste bohle ba na le monyetla oa ho sebelisa nako ea bona, matla le lintho tseo ba nang le tsona ho sebeletsa Molimo. Re ananela monyetla oo re nang le oona oa ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle. Moapostola Pauluse o ile a bua ka lintho tseo re sa lokelang ho khaotsa ho li etsa. (Baheb. 10:​22-25) Lintho tsena li akareletsa ho rapela Jehova, ho bolela litaba tse monate tsa Bibele, ho ea libokeng le ho khothatsana. Re lokela ho etsa “lintho tsena le ho feta hobane rea bona hore letsatsi [la Jehova] le ntse le atamela.” Likhaolong tsa ho qetela tsa lengolo la Tšenolo, ka makhetlo a mabeli lengeloi la Jehova le ile la re: “Rapela Molimo” ho bontša hore ke habohlokoa hore re rapele Jehova. (Tšen. 19:10; 22:9) E se eka re ka lula re hopola lintho tse tebileng tseo re ithutileng tsona ka tempele ea Jehova e kholo ea tšoantšetso ’me re lule re ananela monyetla oo re nang le oona oa ho rapela Molimo oa rona ea matla. w23.10 29 ¶17-18

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Labohlano, la 19 September

A re luleng re ratana.—1 Joh. 4:7.

Kaofela re batla ho ‘lula re ratana.’ Leha ho le joalo, ke habohlokoa ho hopola hore Jesu o ile a re lemosa hore “batho ba bangata ha ba sa tla ratana.” (Mat. 24:12) Jesu o ne a sa re bongata ba barutuoa ba hae ha bo sa tla ratana. Ho ntse ho le joalo, re lokela ho lula re le hlokolosi hore re se ke ra tšoana le batho ba lefatše lena eaba le rona ha re sa ratana. Re sa le tabeng eo, a re hlahlobeng potso ena ea bohlokoa: Ke’ng e tla re thusa ho bona hore na re rata bana ba bo rona haholo? Ntho e ’ngoe e tla re thusa ho bona hore na re batho ba lerato hakae, ke ho sheba hore na re itšoara joang ha ho hlaha maemo a itseng bophelong. (2 Bakor. 8:8) Boemo bo bong ke bo boletsoeng ke moapostola Petrose ha a re: “Ka holimo ho tsohle, le ratane haholo hobane motho ea lerato o lula a itokiselitse ho tšoarela.” (1 Pet. 4:8) Kahoo, tsela eo re itšoarang ka eona ha bana ba bo rona ba etsa liphoso kapa ba re utloisa bohloko e tla re thusa ho bona hore na re ba rata hakae. w23.11 10-11 ¶12-13

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Moqebelo, la 20 September

Le ratane.—Joh. 13:34.

Re ke ke ra khona ho mamela taelo ea Jesu ea hore re ratane haeba re rata batho ba itseng feela ka phuthehong. Ke ’nete hore joaloka Jesu re ka ’na ra tloaela batho ba itseng haholo ho feta ba bang. (Joh. 13:23; 20:2) Empa moapostola Petrose o re hopotsa hore re lokela ho ‘rata bana ba bo rona kaofela’ hobane re lelapa. (1 Pet. 2:17) Petrose o ile a re khothaletsa hore re ‘ratane ka pelo eohle.’ (1 Pet. 1:22) Mantsoe ana a bolela hore re lokela ho rata batho ba bang le hoja ho ka ba thata ho etsa joalo. Ka mohlala, re ka etsa’ng haeba Mokreste-’moho le rona a bua kapa a etsa ntho e re utloisang bohloko? Le rona re ka ’na ra batla ho mo utloisa bohloko. Petrose o ile a ithuta ho Jesu hore ho etsa joalo ha ho thabise Molimo. (Joh. 18:​10, 11) Petrose o ile a re: “Le se ke la etsa ba bang hampe hobane ba le entse hampe kapa la ba rohaka hobane ba le rohakile. Ho e-na le ho etsa joalo, le ba etsetse lintho tse molemo.” (1 Pet. 3:9) Haeba u rata Bakreste-’moho le uena haholo, u tla ba bontša mosa u be u ba nahanele. w23.09 28-29 ¶9-11

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela