Joshua
4 Hang ha sechaba sohle se qetile ho tšela Jordane, Jehova a re ho Joshua: 2 “Khethang banna ba 12 sechabeng, le khethe monna a le mong lelokong ka leng+ 3 ’me le re ho bona: ‘Nkang majoe a 12 bohareng ba Jordane, moo maoto a baprista a neng a eme teng a sa sisinyehe+ ’me le tšele le majoe ao ebe le a beha sebakeng seo le tla qeta bosiu ho sona.’”+
4 Kahoo, Joshua a bitsa banna ba 12 bao a neng a ba khethile ho Baiseraele, monna a le mong lelokong ka leng. 5 Joshua a re ho bona: “Fetelang ka pel’a Areka ea Jehova Molimo oa lona le ee bohareng ba Jordane ’me e mong le e mong oa lona a jare lejoe lehetleng la hae, ho ea ka palo ea maloko a Baiseraele 6 hore e be letšoao har’a lona. Haeba bana* ba lona ba ka le botsa nakong e tlang, ba re, ‘Ke hobane’ng ha le behile majoe aa moo?’+ 7 Le tla re ho bona: ‘Ke hobane metsi a Jordane a ile a emisoa ka pel’a areka+ ea selekane sa Jehova. Ha areka e tšela Jordane, metsi a Jordane a ile a emisoa. Majoe ana e tla lula e le sehopotso* ho sechaba sa Iseraele.’”+
8 Baiseraele ba etsa feela joalokaha Joshua a ne a laetse. Ba nka majoe a 12 bohareng ba Jordane, a lekanang le palo ea maloko a Baiseraele. Ba etsa feela joalokaha Jehova a ne a laetse Joshua. Ba tšela le ’ona ho ea sebakeng seo ba neng ba e’o qeta bosiu ho sona ’me ba a beha moo.
9 Joshua a hloma majoe a 12 bohareng ba Jordane, moo maoto a baprista ba neng ba jere areka ea selekane a neng a eme teng.+ Majoe ao a ntse a le moo ho fihlela letsatsing lena.
10 Baprista ba jereng Areka ba ’na ba ema bohareng ba Jordane, ho fihlela sechaba se entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a neng a laetse Joshua hore a se bolelle hore se e etse, ho ea ka sohle seo Moshe a neng a se laetse Joshua. Ka nako ena eohle, sechaba se ne se tšela ka potlako. 11 Hang ha sechaba sohle se qetile ho tšela, baprista ba jereng Areka ea Jehova ba tšela sechaba se ba shebile.+ 12 Barubene, Bagade le halofo ea leloko la Manase ba tšela ba itokiselitse ho ea loana,+ ba ne ba tsamaea ka pel’a Baiseraele ba bang feela joalokaha Moshe a ne a ba laetse.+ 13 Masole a ka bang 40 000 a hlometseng bakeng sa ntoa, a tšela ka pel’a Jehova ho ea lehoatateng la Jeriko.
14 Letsatsing leo Jehova a phahamisa Joshua ka pel’a mahlo a Baiseraele bohle+ eaba ba mo hlompha haholo* bophelo bohle ba hae feela joalokaha ba ne ba hlompha Moshe.+
15 Jehova a re ho Joshua: 16 “Laela baprista ba jereng areka+ ea Bopaki hore ba tsoe Jordane.” 17 Kahoo, Joshua a re ho baprista: “Tsoang Jordane.” 18 Ha baprista ba jereng areka+ ea selekane sa Jehova ba tsoa bohareng ba Jordane ’me maoto a bona a hata mobung o ommeng, metsi a Jordane a boela a phalla ’me a tlala ho feta tekano+ joaloka pele.
19 Sechaba se ile sa tšela Jordane ka letsatsi la leshome la khoeli ea pele ’me sa hloma litente tsa sona Gilgale+ moeling o ka bochabela oa Jeriko.
20 Ha e le majoe a 12 ao ba neng ba a ntšitse Jordane, Joshua a a hloma Gilgale.+ 21 Eaba o re ho Baiseraele: “Ha bana ba lona ba botsa bo-ntate ba bona nakong e tlang ba re, ‘Majoe aa a bolela’ng?’+ 22 le hlalosetse bana ba lona le re: ‘Baiseraele ba ile ba tšela Jordane mobung o ommeng+ 23 ha Jehova Molimo oa lona a ne a etsa hore metsi a Jordane a khaotse ho phalla ho fihlela ba e tšetse feela joalokaha Jehova Molimo oa lona a entse Leoatleng le Lefubelu, ha a ne a le arola ka pel’a rona ho fihlela re le tšetse.+ 24 O entse lintho tsena e le hore lichaba tsohle tsa lefatše li ka tseba kamoo letsoho la Jehova le leng matla kateng+ le bakeng sa hore le lule le tšaba Jehova Molimo oa lona.’”