Ho Jarolla Joko ea Tšebelisano le Meea
TLOKOTSI e ile ea oela lelapa leso ha ke le ngoanana ea lilemo li 14. Ka nako eo, ’molai ea sehlōhō o ile a qala ho felisa beng ka ’na. O qalile ka ho bolaea bana ba ngoan’eso oa ngoanana—ka borobong ba bona. Joale a retelehela ho monna oa hae. Nakoana kamorao ho moo, a bolaea le ngoan’eso e mong oa ngoanana. Ha latela ba bane hape ho likhaitseli tsa ka le banab’eso ba banana, ho fihlela ha ho setse ’na le ’mè feela. Jo, letsoalo leo ke neng ke le tšohile!
Ka lilemo tse ileng tsa latela, ke ne ke e-ja, ke sebetsa, ’me ke robala ke tšohile tsatsi le leng le le leng. Ke ne ke ipotsa: ‘O tla otla neng? Hona ke mang ea tla latela—’Mè kapa ’na?’
Semelo Sa Ka
Ho u thusa ho utloisisa ho ileng ha etsahala kamorao ho moo, e re ke u bolelle semelo sa ka. Ka 1917, ke ile ka tsoaloa ke le setho sa moloko oa batho ba batšo ba likhoeng ba Paramaccaner sehleke-hleke se Maroni River Suriname. Baholo-holo ba ka e ne e le den lowenengre, kapa makhoba a babalehi, a neng a balehetse likhoeng ho ea fata bophelo bo thata empa e le bo lokolohileng. Ha e le hantle, e ne e le bophelo bo lokolohileng bokhobeng ho motho empa bo sa lokoloha ho bademona.
Bophelo ba letsatsi le letsatsi motseng oa habo rōna bo ne bo busoa ke bademona le borapeli ba balimo. Ho “betsa” ba bang le ho kulisa le ho bolaea batho ba bang, batho ba bang ba ne ba sebelisa wisi, boloi, kapa ba ne ba batla thuso ea koenoe (e bitsoa e le kuu noo), mohlorisi. Bahlorisi bana ho lumeloa hore ke batho ba ileng ba tlatlapuoa ke setho sa lelapa. Ho nahanoa hore kamor’a hore ba shoe, ba khutlela lapeng leo ho ea iphetetsa. Leha ho le joalo, ha e le hantle, bahlorisi bana ke bademona ba theotsoeng boemong ba bona ba qobellang batho hore ba ba rapele.
Joaloka setho sa Boena ba Motse ba Evangeli, kereke ea Boprostanta, ke ile ka boetse ka ithuta ho hong ka Molimo. Le hoja ke ile ka siuoa lefifing ka hore na ke o rapele joang, pula ea meru e mpota-potileng e ile ea fana ka bopaki bo bongata ba hore ke Mofani ea molemo. Ke ne ke nahana hore, ‘Ke batla ho rapela Molimo o molemo e seng moea o mobe o bakang mahlomola.’ Ke ne ke tseba hore bahlorisi ba thabela ho hlokofatsa bahlaseluoa ba bona ba sa rateng ho fihlela ba e-shoa.
Nahana kamoo ke ileng ka makala kateng ha ke fumana hore lira tsa lelapa leso li ile tsa re romella koenoe. Ke ne ke le lilemo li 14 ha e kena thōmong ea eona e bolaeang. Lilemo tse mashome a mabeli a metso e tšeletseng hamorao, ke ’na le ’Mè feela ba neng ba setse.
Ntoa ea Pele
’Mè o ne a sebetsa ka thata. Ka letsatsi le leng, ha a ea tšimong ea hae, o ile a oa eaba o sitoa ho ema. Koenoe e ne e khethile ’mè. Bophelo ba hae ba fokola ’me a omella litho. O ne a hloka thuso—thuso ea ka. Empa ke ne ke arohane lipakeng tsa ho mo rata le ho tšaba ledemona le mo tšoereng. Leha ho le joalo, nakong ea ha koenoe e ne e mo hlasetse, ’Mè o ne a bokolla ke bohloko hoo ke neng ke sitoa ho mamella e be ke robatsa hlooho ea hae liropeng ho ’na ho mo tšelisa. Joale o ne a ee a kokobele, empa ke utloe “matsoho” a ntseng a mpenya ’meleng.
Ha ke ne ke batla ho baleha, ’Mè o ne a bokolla hape. Ka hona ka lebaka la hae ke ne ke ee ke lule ’me ke mamelle ke ntse ke thothomela ha ke qala ntoa ea ka le ’molai enoa. Ke ne ke le lilemo li 40.
Litlhaselo tse Matla
’Mè o ile a shoa. Matsatsi a mararo feela hamorao, ka utloa lentsoe le botsoalle le re: “Lintina, Lintina, ha u nkutloe na? Ke ntse ke u bitsa.” Hoo e bile qalo ea mahlomola a maholo hoo ke neng ke itakaletsa lefu le potlakileng.
Qalong ledemona lena le ne le ntšoenya feela ha ke ea robala. Etlare ha ke tla tloha ke khaleha, lentsoe le ne le ntsosa, le bua ka mabitla le lefu. Ho se robale ho ile ha mphokolisa, le hoja ke ’nile ka tsoela pele ho hlokomela bana ba ka.
Hamorao ledemona la eketsa litlhaselo tsa lona. Ka makhetlo a mangata ke ne ke ee ke utloe eka lea nkhama. Le hoja ke ne ke leka ho baleha, ke ne ke sitoa kaha ho ne ho utloahala eka ntho e boima ea nkoebetella. Ke ne ke batla ho bokolla empa ke ne ke sitoa ho ntša lentsoe. Ho ntse ho le joalo, ka hana ho rapela mohlaseli oa ka.
Kamor’a ho hlaphoheloa ka lekhetlo le leng le le leng ha ke ne ke hlasetsoe, ke ne ke tsoela pele ka temo, ke lema cassava le ’moba ’me ke li rekisa ’marakeng motsaneng o lebopong. Mokhoa oa bophelo o ne o le bonolo haholoanyane, empa mahlomola a ka a maholo e ne e le hona a tlang.
Ho Batla Pheko
Ka letsatsi le leng ka utloa lentsoe le profetang la ledemona le re, “Ke tla u hohomosa mpa e tšoane le bolo.” Nakoana kamorao ho moo, ho ne ho e-na le kotola e thata ka mpeng ea ka e ileng ea hōla ho fihlela eka ke moimana. Ke tšohile kannete, ka ipotsa: ‘Na Molimo, ’Mōpi, a ka nthusa ho tlosa koenoe ee? Na o ka romela moea o molemo le o matlanyana ho leleka koenoe?’ Ho fumana hore na ho ka etsahala, ka ea ho bonoeman, ngaka ea litaola.
Ngaka ea pele ea litaola ea mpha tapoes, kapa lithatho, empa ho hohomoha ha se ke ha tloha. Ke ikemiselitse ho fumana pheko, ka ea ho bonoeman enoa le eane—feela ho se molemo oa letho. Ha ke ntse ke e-ea moo ka ’na ka tsoela pele ka temo hore ke fumane chelete ea ho rekela lingaka tsa litaola biri, veine, joala ba sekhooa le liaparo tsa letheka. Tsa nkeletsa ka makhetlo a mangata: “Khumamela koenoe. E kōpe joaloka morena oa hao. E rapele, ’me e tla u tlohela.” Empa ke ne ke tla khumamela moea o ntlhokofatsang le o batlang ho mpolaea joang? Ke ne nke ke.
Leha ho le joalo, ka ho tsieleha ka etsa leha e le eng eo lingaka tsa litaola li neng li mpolella hore ke se etse. E ’ngoe ea tsona ea mphekola ka likhoeli tse hlano. Ea ntlhapisa ka litlama ’me ea pepetela lero la limela tse sa tšoaneng tse 11 ka mahlong a ka—“ho a hloekisa,” kamoo e neng e bolela ha ke bokolla ke bohloko. Empa qetellong ea phekolo eo, ka ea hae ke se na le sente, ke tlatlapiloe ’me ke kula ho feta neng kapa neng.
“Ke Phetho ka Uena”
E mong oa bara ba ka, ea phelang Netherlands, a nthomella chelete hore ke tsoelepele ho batla thuso. Eaba ke ea motse-moholo ngakeng e ithutileng sekolong. Hoba e ntlhahlobe, ea re: “Ke sitoa ho u thusa. Tsamaea u eo bona bonoeman.” Eaba ke leka senohe se tsoang India Bochabela—empa le teng ha hoa ba le thuso. Ka leba hae empa ka tsamaea feela ho ea fihla motse-moholo, moo ke ileng ka fihla tlung ha e mong oa barali ba ka. Ha ke fihla moo ka oela fatše—ke se na chelete ho hang ke bile ke kula. Ke ne ke sentse ntle ho molemo lilemo tse 17 le 15 000 guilders (R16 600) ke batla pheko. Ke ne ke le lilemo li 57.
Ho latelang, ledemona la ntšosa: “Ke qetile ka uena. Ke phetho ka uena.”
Ka bokolla, “Empa ha u Molimo, ha u Jesu.”
Ledemona la arabela, “Le Molimo o ke ke oa nthiba. Matsatsi a hao a se a baliloe.”
Ntoa ea ho Qetela
Ha feta libeke tse itseng. Meena, mofumahali oa moahelani eo e neng e le mosebeletsi oa nako e tletseng oa Lipaki tsa Jehova, a botsa morali oa ka hore na ke ntse ke e-ea joang ’me a re: “’Mè oa hao a ka thusoa empa feela ka Bibele.” Eare ha ke utloa puisano eo ba sa mpone, ka leba ho bona. Leha ho le joalo eare pele ke fihla ho bona ka lahleloa fatše. Meena a tla ka potlako ’me a re: “Ledemona leo le ke ke la u tlohela. Motho feela ea ka u thusang ke Jehova, ha ho na e mong.” Eaba o rapela Jehova Molimo le ’na ’me a qala ho nketela hangata haholo. Empa eare ha a ntse a nketela, litlhaselo tsa ledemona tsa ’na tsa tota. Bosiu, ’mele oa ka o ne o hlokoleha ka matla hoo ho neng ho se motho ea robalang ka tlung. Ka khaotsa ho ja ’me ha e-ba le nako eo ke neng ke lahleheloa ke kelello ho hang.
Ka kula hoo bara ba ka ba ileng ba tla ba tloha hare ho naha ho nkhutlisetsa motseng oa heso ho ea shoela teng. Kaha ke ne ke fokola haholo hore nka tsamaea, ka hana. Empa kaha ke ne ke utloa hore lefu le haufi, ka bitsa Paki ho tla e lumelisa. Meena a hlalosa ka Bibele hore le haeba nka shoa, ho na le tšepo ea tsoho.
“Tsoho? U bolela’ng?”
A arabela, “Molimo o ka u tsosetsa bophelong Paradeiseng.” Lehlaselinyana la tšepo!
Empa hona bosiung boo ledemona la ntlhasela. Ha ke ilibane, ka bona eka koenoe e setsoe morao ke letšoele la batho. E soma: “O nahana hore o tla tsoha.” Eaba letšoele lena la batho lea keketeha ke litšeho. Empa joale ka etsa ho hong hoo ke neng ke qala ho ho etsa. Ka hoeletsa: “Jehova! Jehova.” Ke phetho seo ke neng ke tseba ho se bua. Eaba ledemona lea tloha!
Bara ba ka ba tla hape ’me ba nkōpa: “’Mè, se k’a tla shoela toropong. E re re u ise motseng oa heno.” Ka hana, hobane ke ne ke batla ho ithuta haholoanyane ka Jehova. Ka re ho bona, “Ho lokile, mohlomong ke tla ’ne ke shoe, empa bonyane ke tla be ke sebelelitse ’Mōpi.”
Joaloka Qhobosheane e Thata
Meena le Lipaki tse ling ba ’na ba nketela. Ba nthuta hore ke rapele Jehova. Har’a tse ling, ba mpolella ka tseko e pakeng tsa Jehova le Satane le kamoo Diabolose a ileng a tlisetsa Jobo mahlomola hore a rohake Molimo. Ho ithuta lintho tsena ha tiisa kholiseho ea ka ea hore le ka mohla ke se ke ka rapela ledemona lena. Lipaki tsa bala temana eo ke ileng ka e rata haholo: “Lebitso la Jehova ke qhobosheane e thata; ea lokileng o balehela ho eona, ’me o lula phahameng.”—Liproverbia 18:10.
Matla a ka a ’na a khutla butle-butle. Eare ha mora oa ka a khutla, ka mo bolella hore a eme kantle. Ka apara eaba ke subela bolaose ka moseng oa letheka ho bontša hore kannete ho hohomoha ho batla ho bohletse. Eaba ke tsoela kantle.
Mora oa ka a phasoloha, “Na eo ke ’Mè Lintina?”
“E, liteboho li lebisoe ho Molimo oa ka, Jehova!”
Ho Ipontša Hore na ke Eme Hokae
Ho tloha motsotsong oa ha ke qala ho tsamaea ho se hokae, ka ea Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova. Mono ka fumana khothatso e khōlō ho metsoalle hoo ho seng mohla nkileng ka khaotsa ho ba teng libokeng. Likhoeli tse seng kae hamorao, ka tsamaea le Lipaki mosebetsing oa boboleli oa phatlalatsa. Nakoana kamorao ho moo, ka kolobetsoa ’me ka ba mohlanka oa Jehova, Molopolli oa ka ea lerato. Ke ne ke le lilemo li 58.
Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le ntho e neng e saletse hore e etsoe. Lilemo pejana, ke ne ke hahile aletare eo ke neng ke etsetsa balimo ba ka mahlabelo ho eona mokhorong oa ka hae koana. Hore ke hloeke moeeng, ke ne ke lokela ho e senya. Ka kōpa thuso ho Jehova, hobane bohato ba ka bo ne bo ka ’na ba baka lerata har’a batho ba motse. Eare ha ke fihla mokhorong oa ka ’me ke bula monyako, motho e mong a hlaba mokhosi: “Pingos!” (Likolobe-moru!) Mohlape oa tsona o ne o haola sehleke-hleke ’me li tlolela ka nōkeng ho sesa hore li tšele. Ka potlako, ba banyenyane le ba baholo ba tsoa ka har’a motse ho ea iphumanela mouno ona. Ke thabile, ka khumama eaba ke leboha Jehova ka ketsahalo ena. Ka potlakela ho hulela aletare kantle, ka e fafatsa ka parafine ’me ka e hotetsa ka mollo. Aletare e ne e ile pele letšoele le khutla. Ha e le hantle, ba ile ba tseba, empa ho ne ho se ho se letho le ka hlolang le etsoa. Kahoo, ka khutlela motse-moholo ka kelello e khutsitseng.
Ho Tloha Mahlomoleng ho ea Thabong
Ka tleloa ke mahlohonolo a eketsehileng. Mora oa ka ea Netherlands o ne a sa kholoa litaba tseo a neng a li utloile li boleloa ka ’na ’me a palama sefofane ho tla Suriname ho tla iponela. O ne a thabetse ho mpona ke phela hantle hoo a ileng a nthekela ntlo e ntle motse-moholo, moo ke phelang teng hona joale. Ke fumane phetoho e kaakang—ho tloha lekhobeng le se nang leha e le sente la bademona ho ea mohlankeng ea hlokomelehileng hantle oa Jehova!
Lilemo tse leshome le motso o le mong kamorao ho kolobetso ea ka, ke bile ke na le lebaka le leholoanyane la ho leboha. Ba susumelitsoe ke mahlohonolo a mangata ao ke a fumaneng, ba bararo ho bana ba ka le mokhoenyana a le mong le bona ba ile ba thahasella ’nete ea Bibele ’me qetellong ba neela bophelo ba bona ho Jehova Molimo. ’Me nako le nako, ke ’nile ka pheta phihlelo ea ka ka bodemona ha baena le bo-khaitseli ba ile le ’na ho ea bona liithuti tsa bona tsa Bibele tse haelloang ke matla a ho itokolla bademoneng. Ka tsela eo le tsona lilemo tseo tse sisimosang li bile le thuso tšebetsong ea boboleli ba ’Muso.
Ke haelloa ke mantsoe ho hlalosa teboho ea ka ho Jehova, Molimo oa ka. Ka sebele, ke bone letsoho la hae le matla ’ohle molemong oa ka. Ka sebele, Jehova o bile molemo ho ’na!—Bapisa Pesaleme ea 18:17-19.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ha a itokolla tšebelisanong le meea, Lintina van Geenen o ile a ithuta hore “lebitso la Jehova ke qhobosheane e thata”
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Metse eo e seng ea litoropo ea Suriname moo batho ba bangata e leng batlamuoa ba tšebelisano le meea