Pono ea Bibele
Na Molimo o Sebelisa Matla ka Toka?
TŠEBELISO e mpe ea matla e bile tšobotsi e sa fetoheng historing ea batho. Khakanyo e ’ngoe e bolela hore batho ba ka bang 170 000 000 ba bolailoe ke mebuso ea bona ea lipolotiki lekholong la bo20 la lilemo. Joalokaha Bibele e bontša ka nepo, ka linako tsohle batho ba busitse batho ba bang ho ba ntša kotsi.—Moeklesia 8:9.
Ha re nahana kamoo batho ba sebelisang matla hampe kateng, ba bang ba ka ’na ba belaella tsela eo Molimo a sebelisang matla ka eona ha a felisa lira tsa hae. Na ka taelo ea Molimo, Bajuda ha baa ka ba hlasela le ho bolaea baahi ba Kanana Naheng e Tšepisitsoeng? (Deuteronoma 20:16, 17) Na Molimo ka boeena ha a bolele hore o tla silakanya a felise mebuso kaofela e khahlanong le eena? (Daniele 2:44) Batho ba bang ba tšepahalang ba ’nile ba ipotsa hore na Molimo o sebelisa matla ka toka kapa che.
Tšebeliso e Mpe ea Matla
Ke habohlokoa ho utloisisa hore ho khona ho sebelisa matla ke karolo e ka sehloohong ea ’muso. ’Muso o sa khoneng ho phethahatsa melao ea oona, ha e le hantle, o hloka matla. Ka mohlala, ke batho ba bakae bao ho sa tsotellehe litlaleho tsa ho hlekefetsoa ke sepolesa, ba neng ba ka ithaopela ho se batle tšireletso ea sepolesa? Ke motho ofe ea phelang hantle kelellong ea ka hanang hore ho hlokahala tsamaiso ea toka e nang le matla a ho phethahatsa molao?
Mohandas Gandhi, ea neng a tsebahala ka ho hloea pefo, o kile a re: “Nka hore lehlanya le pepetlolotseha le hlahlile mahlo, le tšoere sabole le bile le bolaea motho e mong le e mong eo le teanang le eena, ’me ho se le ea mong ea itetang hore a le tšoare le ntse le phela. Mang kapa mang ea tšoarang lehlanya leo o tla lebohuoa ke batho ba motse ’me o tla nkoa e le motho ea molemo.” E, esita le Gandhi o ile a lemoha hore maemong a mang ho hlokahala hore ho sebelisoe matla.
Ha ho pelaelo hore bokhoni ba ho sebelisa matla ke karolo ea bohlokoa ea mokhatlo ofe kapa ofe o tsitsitseng. Ka tloaelo, ha batho ba nyatsa tšebeliso ea matla, ha e le hantle ba tletleba ka tšebeliso e mpe ea matla.—Moeklesia 4:1-3.
“Litsela Tsohle Tsa Hae ke Toka”
Histori ha e fane ka bopaki ba hore ho na le mohla Molimo a kileng a sebelisa matla a hae hampe. Ha a buse ka puso ea bompoli. O batla hore re mo rapele hobane re susumetsoa ke lerato. (1 Johanne 4:18, 19) Ha e le hantle, Molimo ha a sebelise matla haeba ho e-na le tsela e ’ngoe e loketseng ea hore a ho qobe. (Jeremia 18:7, 8; 26:3, 13; Ezekiele 18:32; 33:11) ’Me ha a khetha ho sebelisa matla, o fana ka temoso esale nako e le hore mang kapa mang ea batlang a lokise mehato ea hae. (Amose 3:7; Matheu 24:14) Na Molimo ea hatellang le ea khopo o ne a ka etsa seo?
Tšebeliso ea Molimo ea matla e fapane hōle le ea batho bao ka ho hloka toka ba sebelisang matla a bona hampe. Moshe o re ka Jehova: “Litsela tsohle tsa hae ke toka. Molimo oa botšepehi, eo ho eena ho se nang ho hloka toka.” (Deuteronoma 32:4) Ho fapana le mebuso ea bo-’mampoli ba batho, puso ea Molimo ha ea itšetleha ka hore na ke mang ea nang le matla a maholo a ho laela. Maemong ’ohle o sebelisitse matla tumellanong le lerato la hae le phethahetseng, bohlale le toka.—Pesaleme ea 111:2, 3, 7; Matheu 23:37.
Ka mohlala, ha Molimo a ne a timetsa batho ba babe ka Moroallo, ho ne ho se ho fetile lilemo tse ngata a ntse a ba lemosa. Leha e le mang oa bona a ka be a ile a sebelisa tokisetso ea areka ’me a ipholosa. Ke ba robeli feela ba ileng ba etsa joalo. (1 Petrose 3:19, 20; 2 Petrose 2:5) Mehleng ea Joshua, Israele e ile ea phethahatsa kahlolo ea Molimo ho Bakanana ba boitšoaro bo hlephileng, kahlolo e boletsoeng lilemo tse 400 pejana! (Genese 15:13-21) Nakong eo eohle, e tlameha ebe Bakanana ba ile ba lemoha bopaki bo matla ba hore Iseraele ke sechaba sa Molimo se khethiloeng. (Joshua 2:9-21; 9:24-27) Leha ho le joalo, ha ho sechaba se seng sa Bakanana se ileng sa ikōpela mohau kapa sa inkela monyetla oa ho kōpa khotso ntle ho Bagibeone. Ho e-na le hoo, Bakanana ba ile ba khetha ho thatafatsa lipelo tsa bona ho Molimo.—Joshua 11:19, 20.
Molimo o na le Matla a ho Laela
Ha re leka ho utloisisa tsela eo Molimo a sebelisang matla a hae ka eona, re lokela ho qala ka ’nete ea motheo mabapi le boemo ba rōna ka pel’a Molimo. Moprofeta Esaia ka boikokobetso o ile a re: “Re letsopa, ’me u Sebōpi sa rōna.” (Esaia 64:8) Ho totobetse hore kaha ke ’Mōpi oa bokahohle, Molimo a ka sebelisa matla ka tsela leha e le efe eo a batlang ho a sebelisa ka eona. Ha re hlokomela matla a Molimo a ho laela, joaloka Solomone re ka re: “Lentsoe la morena ke matla a ho laola; ’me ke mang ea ka reng ho eena: ‘U etsa’ng?’”—Moeklesia 8:4; Baroma 9:20, 21.
Ka lebaka la boemo ba Molimo e le ’Mōpi ea matla ’ohle, o na le tokelo ea ho fana ka bophelo lefatšeng le ho boela a bo nka hape. Ka sebele, batho ha ba na pono e loketseng le tsebo ea ho ka belaella tsela eo Molimo a sebelisang matla ka eona. Motho o lokela ho ithuta ho lumellanya monahano oa hae le oa Molimo. Jehova o ile a botsa a re: “Na litsela tsa lōna hase tsona tse sa lokang?”—Ezekiele 18:29; Esaia 45:9.
Toka ea Jehova hammoho le lerato leo a ratang batho ka lona ke tsona tse tla mo susumelletsa hore a felise ba sebelisang matla hampe le bao ka mabifi ba hatakelang litokelo tsa ba bang. Tšebeliso ena ea matla e tla etsa hore ho be le maemo a molemo lefatšeng ho batho bohle ba ratang khotso le ba e phehellang. (Pesaleme ea 37:10, 11; Nahume 1:9) Kahoo puso ea Molimo e tla pakoa e lokile ’me ho tlosoe qoso ho eona ka ho sa feleng.—Tšenolo 22:12-15.