Lefa Leo U ka Tšepang Hore U Tla le Fumana
“HAEBA u fumana lengolo le tsoang ho ‘motho e mong’ le re ho na le lefa le u emetseng leo u lokelang ho le fumana, hlokomela. U ka ’na ua oela liatleng tsa lemenemene.”
Ena ke temoso eo Lefapha la Tšebeletso ea Tlhahlobo ea Poso, United States, le e kentseng mocheng oa lona oa boitsebiso o Inthaneteng. Hobane’ng? Hobane batho ba likete ba ile ba fumana mangolo a joalo ka poso a reng, ‘Mong ka uena o hlokahetse ’me o u sietse lefa.’ Ka lebaka leo, ba bangata ba ile ba romela R210 kapa ho feta ba lefella ho fumana ‘boitsebiso bo mabapi le lefa’ boo ho thoeng bo tla ba hlalosetsa hore na lefa leo le hokae le hore na ba ka le fumana joang. Ba ile ba soetseha habohloko. Bohle ba ileng ba araba ba ile ba fumana boitsebiso bo tšoanang—’me motho leha e le ofe ea neng a tšepile hore o tla fumana lefa, o ne a tšepile ntat’a selala.
Maqheka a joalo a hohela batho kaha ka tlhaho ba lakatsa ho fumana lefa. Leha ho le joalo, Bibele e babatsa ba fanang ka lefa ha e re: “Ea molemo o tla siela bara ba bara lefa.” (Liproverbia 13:22) Ha e le hantle, Jesu Kreste o ile a bua mantsoe ana a tsebahalang le a ratoang Thutong ea hae ea Thabeng: “Ho thaba ba maikutlo a bonolo, kaha ba tla rua lefatše.”—Matheu 5:5.
Mantsoe a Jesu a re hopotsa seo Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo a ileng a bululeloa ho se ngola lilemong tse makholo pejana ho moo: “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”—Pesaleme ea 37:11.
Ho “rua lefatše”—ke tebello e thabisang hakaakang! Empa na re ka kholiseha hore lee hase le leng la maqheka a reretsoeng ho tsoa batho tlaase? E, re ka kholiseha. Kaha lefatše ke karolo ea pōpo e hlollang ea Jehova, eena e le Moetsi oa lona le Mong’a lona o na le tokelo ea molao ea ho le fa mang le mang eo a khethang ho mo fa lona. Jehova o ile a sebelisa Morena Davida ho etsa tšepiso ena ea boprofeta ho Mora oa Hae ea ratoang, Jesu Kreste: “Nkōpe, e le hore nka fana ka lichaba e le lefa la hao le lipheletso tsa lefatše e le leruo la hao.” (Pesaleme ea 2:8) Ke kahoo moapostola Pauluse a ileng a hlalosa Jesu e le “eo [Molimo] a ileng a mo beha hore e be mojalefa oa lintho tsohle.” (Baheberu 1:2) Ka hona, re ka kholiseha ka hohle hore ha Jesu a ne a re ba bonolo “ba tla rua lefatše,” o ne a bua ’nete le hore o na le matla a loketseng a ho phethahatsa tšepiso eo ea hae.—Matheu 28:18.
Ka hona, potso ea bohlokoa ke hore, Tšepiso eo e tla phethahala joang? Hohle moo re shebang teng kajeno, ho bonahala eka batho ba likhoka le ba iphahamisang ke bona ba atlehang ka ho fetisisa ebile ba inkela seo ba se batlang. Joale ba bonolo bona ba tla salloa ke eng? Ho feta moo, lefatše le hlasetsoe ke mathata a tebileng a tšilafalo, ’me lihlahisoa tsa lona li sebelisoa hampe ke batho ba meharo le ba shebelang lintho haufinyane. Na ho tla ke ho be le lefatše le ka ruuoang e le lefa? Re u khothalletsa hore u bale sehlooho se latelang e le hore u fumane karabo litabeng tsena le lipotsong tse ling tsa bohlokoa.
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Na u tla fumana lefa la sebele?