Na Batho ba ka Etsa Bonnete ba Hore Bokamoso e Tla ba bo Thabisang?
U sa tsoa fallela ntlong e ntle, e bonahalang e hahiloe hantle ka litene. Esale u labalabela sena. Ho bonahala bokamoso e le bo thabisang! Empa ka mor’a lilemo li se kae, ntlo ena e ba le mathata a mangata a bontšang hore e hahiloe ka bohlasoa ’me e lokela ho heletsoa. U utloa bohloko haholo. Empa hase uena feela ea boemong boo. Matlo a mang a sebakeng seo a na le bothata bo tšoanang. Phuputso e senola hore sesosa ke hore moralo o ne o fosahetse le lihahi li sa tsebe mosebetsi ’me litene tse sebelisitsoeng le tsona li ne li fosahetse.
JOALOKA ntlo eo, lefatše le lona le bothateng bo boholo. Ho sa tsotellehe lintho tse ngata tseo batho ba lekileng ho li etsa sechabeng le lipolotiking, hammoho le tsoelo-pele e hlollang ea saense le theknoloji, ho bonahala mekhoa ea batho ka kakaretso e ntse e senyeha. Linaheng tse ngata, tlōlo ea molao le boitaolo li atile. Na ho tsieleha ho tla etsa hore batho ba rarolle mathata a bona ’me ba qetelle ba hlahisitse puso e molemo? Nahana ka seo ba bang ba boholong ba se buileng ka seo batho ba ’nileng ba se etsa.
“Re Lekile Maoala ’Ohle”
Litsebi tse sa tšoaneng tse akhang rafilosofi oa Mogerike Plato le rafilosofi oa lipolotiki ebile e le ’muelli oa puso ea bososhiale e leng Karl Marx, li ’nile tsa buella likhopolo tse sa tšoaneng tsa lipolotiki. Phello e bile efe? Sehlooho se hlahileng koranteng ea New Statesman se itse: “Ha rea felisa bofutsana kapa ho etsa hore ho be le khotso lefatšeng. Ho e-na le hoo, ho bonahala re entse se fapaneng le seo ka ho feletseng. Hase hore re phuthile matsoho feela. Re lekile maoala ’ohle, re lekile bokomonisi, ra leka puso ea bokapitale; ra theha Selekane sa Lichaba ra ba ra leka ho loantša pokello ea libetsa tsa nyutlelie. Re loanne ‘lintoa tse ngata haholo moo re reng re thibela ntoa’ hoo re lokelang ho lumela hore re hlōtsoe, ’me metse ea rōna e meholo e shebahala joalokaha eka ke lepatlelo la ntoa.” Sehlooho seo se boetse se re: “Re kene lekholong la [bo20] la lilemo re lumela ka cheseho hore bo-rasaense ba tla re pholosa empa qetellong ea lona re ne re se re sa lumele ntho leha e le efe eo ba e buang.”
Ka 2001, moprofesa oa histori ea litaba tsa moruo le tsa sechaba, Eric Hobsbawm, ea seng a behile meja fatše Univesithing ea London o ngotse hore mebuso ea batho ea lipolotiki “e tjamelane le mehla eo lintho tseo batho ba li etsang li ammeng ka ho teba lintho tsa tlhaho le lefatše ka bolona.” Ho rarolla mathata ana kapa ho a fokotsa “ho tla hlokahala hore ho nkoe mehato eo ka sebele e ke keng ea tšehetsoa ka livoutu kapa ho latela hore na batho bona ba khetha hore ho etsoe eng. Bona ke bokamoso bo lerootho bakeng sa puso ea sechaba ka sechaba kapa bona ba lefatše.”
Stephen Hawking eo e leng setsebi sa lihloliloeng tsa leholimo ebile e le sengoli seo libuka tsa sona li rekoang haholo, ha a lemoha tlokotsi e tjamelaneng le moloko oa batho o ile a botsa: “Ha e le moo lefatše le ferekane hakana lipolotiking, sechabeng le litabeng tsa tikoloho, na moloko oa batho o tla phela lilemo tse ling tse lekholo?”
Ke Hobane’ng ha Batho ba Hlōlehile Hakaale?
Ke Bibele feela e hlalosang ka tsela e khotsofatsang hore na ke hobane’ng ha batho ba hlōleha ka ho feletseng ho ipusa. Bibele e re bolella ka ho hlaka boemo ba batho. Ka mohlala, nahana ka lintlha tse ’nè tse latelang tseo e leng ’nete ea motheo.
Kaofela ha rea phethahala. “Bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.” (Baroma 3:23) Feela joalokaha litene tse nang le phoso li ka ’na tsa etsa hore mohaho o teteme ’me o helehe, ho se phethahale hoo batho ba ho futsitseng ho iponahatsa ka litsela tse ka fokolisang sechaba. Hangata litsela tsena li akarelletsa bobolu, ho se tšepahale, meharo le ho sebelisa matla hampe. Lintho tsena ha li qale ho etsahala. Lilemong tse ka bang likete tse tharo tse fetileng, mongoli ea bohlale oa Bibele o ile a re: ‘Motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’—Moeklesia 8:9.
Babusi le baetsi ba molao baa lemoha hore ha rea phethahala ebile re na le mefokolo ’me ba leka ho e loantša ka ho etsa melao e mengata. Empa ba etsa melao eo ba ntse ba tseba hore ba ke ke ba etsa molao o qobellang batho hore ba ratane kapa ba mamele molao.
Re khaoletsoa ke lefu. “Le se ke la tšepa bahlomphehi, kapa mora oa motho oa lefatše, eo ho seng poloko ho eena. Moea oa hae [matla a bophelo] oa tsoa, eena o khutlela lerōleng la hae; ka letsatsi leo menahano ea hae ea timela.” (Pesaleme ea 146:3, 4) Morena Solomone oa Iseraele ea boholo-holo ea neng a nkoa e le ’musi ea bohlale ka ho fetisisa historing, o ile a lemoha kamoo mosebetsi oa hae o boima e neng e ka ba oa lefeela kateng. O ile a ngola: “Ke ne ke hloile mosebetsi oohle oa ka o boima oo ke neng ke sebetsa ka thata ho oona tlas’a letsatsi, oo ke neng ke tla o siela motho ea neng a tla ba teng ka mor’a ka. Ke mang ea tsebang hore na o tla ba bohlale kapa e be leoatla? Empa leha ho le joalo o tla ba le taolo holim’a mosebetsi oohle oa ka o boima . . . Sena le sona ke lefeela.”—Moeklesia 2:18, 19.
Ha re khone ho ipusa hantle. “Tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.” (Jeremia 10:23) Esita le haeba re ne re phethahetse, Bibele e ruta hore qalong Molimo o ne a sa rera hore batho ba be le tokelo ea ho ipusa kapa matla a hore ba etse joalo ka katleho. Ka mohlala, ke hobane’ng ha ka tloaelo batho ba sa rate taba ea ho bolelloa ke motho e mong kapa ho bolelloa ke sehlopha sa batho hore na ba lokela ho etsa’ng kapa hore ba ba behele melao ea hore na ba itšoare joang? Ke hobane re ne re etselitsoe hore re batle tataiso ea motho ea re phahametseng bophelong. Motho eo ke Molimo.—Esaia 33:22; Liketso 4:19; 5:29.
Batho ba susumetsoa ke ’musi ea sa bonahaleng. “Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo”—e leng Satane Diabolose. (1 Johanne 5:19) Haeba ba tšoereng marapo k’hamphaning e ne e le batho ba tletseng bobolu, ebile ho se motho ea ka ba etsang letho, motho feela ea boemong bo tlaase ea sebetsang moo o ne a tla etsa’ng ho lokisa boemo? Ha ho se sekaalo seo a neng a ka se etsa. Ho joalo le tabeng ea ho lokisa mathata ao ha e le hantle a bakoang ke babusi ba sa bonahaleng ba lefatše lena—e leng libōpuoa tse khopo tse laoloang ke Satane. Bibele e hlalosa babusi bao e le “mebuso,” “balaoli,” “babusi ba lefatše ba lefifi lena” le “makhotla a moea a khopo a leng libakeng tsa leholimo.”—Baefese 6:12.
Leha ho le joalo, Bibele ha e pepese feela mefokolo ea batho le babusi ba sa bonahaleng ba lefatše. E boetse e bua ka litaba tse molemo tsa tharollo ea sebele mathateng ’ohle a rōna, ka tsela eo, e re fa lebaka le utloahalang la ho ba le tšepo.
’Mōpi oa Rōna o Tla re Pholosa!
Haeba re ne re ke ke ra fumana thuso, ho ne ho se mohla mathata ana a tla raroloha. Esita le motho ea bohlale ka ho fetisisa, ea matla kapa ea ruileng, ha a na matla a ho fetola boemo leha e le bofe ho a mane a boletsoeng sehloohong sena.a Empa joalokaha ho tla hlalosoa sehloohong se latelang, ’Mōpi oa rōna ha aa re lebala ebile ha aa re lahla. Ha e le hantle, kaha ke eena ’Musi ea loketseng oa lefatše, o tla tlosa boemo bo bong le bo bong bo re sitisang ho thaba. (1 Johanne 4:8) Le hona o tla etsa sena haufinyane. Re tseba joang?
Joalokaha ho hlalositsoe tokollong ea khoeli e fetileng ea makasine ena, liketsahalo tsa lefatše le maemo a teng sechabeng li hlakisa hantle hore re phela “matsatsing a ho qetela” a lefatše lena. (2 Timothea 3:1; Matheu 24:3-7) Bofelo bo ke ke ba tlisoa ke koluoa ea nyutlelie kapa ho thulana ha lipolanete kapa tsela e ’ngoe e tla bolaea ba lokileng hammoho le ba babe e sa khethe. Ho e-na le hoo, bo tla tlisoa ke ha Molimo a kenella ka ho toba hore a felise ba khopo ho akarelletsa le ba phehellang ho ntšetsa pele puso ea motho. (Pesaleme ea 37:10; 2 Petrose 3:7) Ka nako e tšoanang, Molimo o tla felisa mahlomola ’ohle a bakiloeng ke bahanyetsi bao ba hae.b—2 Bathesalonika 1:6-9.
Ka mor’a moo, ’Mōpi o tla rarolla mathata a rōna a puso ka hore a fetisetse taolo eohle ea lefatše pusong e bitsoang “’muso oa Molimo.” (Luka 4:43) Joalokaha re tla bona, ’muso oo o tla etsa hore bokamoso e be bo fapaneng ka ho feletseng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sheba sehlooho se leqepheng la 19 se reng “Na ho Fana ka Liphallelo ke Eona Tharollo?”
b Potso e reng “Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumeletse Bohloko?” e arajoa leqepheng la 106 bukeng e reng Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Lebokose /Setšoantšo se leqepheng la 5]
“LITENE” TSE FOSAHETSENG TSA MOLOKO OA BATHO
◼ Kaofela ha rea phethahala.
◼ Re khaoletsoa ke lefu.
◼ Ha re khone ho ipusa hantle.
◼ Batho ba susumetsoa ke ’musi ea sa bonahaleng.
[Lebokose le leqepheng la 6]
BATHO BA KE KE BA SENYA LEFATŠE!
Bibele e fana ka bopaki bo hlakileng ba hore morero oa ’Mōpi ke hore lefatše e be lehae le sireletsehileng le le renang khotso la batho ba tšabang Molimo. Nahana ka mangolo a latelang.
“O thehile lefatše holim’a libaka tsa lona tse tiisitsoeng; le ke ke la sisinngoa ho isa nakong e sa lekanyetsoang, kapa ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 104:5.
“U tiisitse lefatše, e le hore le ka lula le eme.”—Pesaleme ea 119:90.
“Moloko oa ea, ’me moloko oa tla; empa lefatše le eme esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—Moeklesia 1:4.
“Ka sebele lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.”—Esaia 11:9.
“[Jehova ke] ’Mōpi oa lefatše le Moetsi oa lona, Eena Ea le tiisitseng ka thata, ea sa kang a le bōpela lefeela, ea le etselitseng hore le be le baahi.”—Esaia 45:18.