Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 3/15 maq. 3-4
  • Boeta-pele bo Botle ke Phephetso Lefatšeng ka Bophara

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boeta-pele bo Botle ke Phephetso Lefatšeng ka Bophara
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tumelo le Bokamoso ba Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Ho Thabela Kotulo India
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Tsamaea ka Tšepo Boetapeleng ba Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 3/15 maq. 3-4

Boeta-pele bo Botle ke Phephetso Lefatšeng ka Bophara

Monna enoa e ne e le mongoli oa libuka le lithoko. Pelo ea hae e ne e tletse tšepo ka bokamoso. Lilemong tse fetileng tse ka bang 90, ka mahlo a kelello o ne a bona sebaka “sa batho ba sa tšohang le ba phahamisitseng lihlooho hobane ba e-na le tšepo bophelong; sa tsebo e fumanoang mahala; sa lefatše le sa tsekolloang ke meeli e patisaneng ea lichaba; sa batho ba buang ’nete; [le] sa batho ba ikitlaelletsang phetheho.”

KA MOR’A sena, mongoli enoa o ile a hlalosa hore o na le tšepo ea hore ka letsatsi le leng batho ba naha ea habo hammoho le lefatše ka kakaretso ba tla iphumana ba le sebakeng se joalo. Haeba mongoli enoa oa lithoko ea ileng a hapa Khau ea Nobel a ne a phela kajeno, ka sebele o ne a tla soaba haholo. Ho sa tsotellehe khatelo-pele le katleho eohle ea lefatše, le tsekolohile ho feta neng kapa neng. ’Me ho bonahala ka kakaretso bokamoso ba motho bo le lerootho.

Ha sehoai se seng se ne se botsoa hore na ke hobane’ng ha pefo e ile ea qhoma ka tšohanyetso naheng ea habo sona, se ile sa supa seo se nkang hore ke le leng la mabaka. Se ile sa re: “Ke ka lebaka la baeta-pele ba babe.” Rahistori Jonathan Glover o bolela se tšoanang bukeng ea hae Humanity—A Moral History of the Twentieth Century, o re: “Ho felisoa ha morabe o mong [naheng e le ’ngoe] ha ea ba ho qhoma ho sa lebelloang ha lehloeo la merabe, ho ne ho reriloe ke batho ba sa batleng ho tloha pusong.”

Mathoasong a bo-1990 ha ho ne ho qhoma ntoa pakeng tsa lirephabliki tse peli tsa seo e neng e le Yugoslavia, moqolotsi e mong oa litaba o ile a ngola a re: “Re phetse hammoho ka thabo ka lilemo tse ngata empa hona joale re bolaelana bana. Molato oa rōna ke’ng?”

Naha ea India, e leng ha habo mongoli oa lithoko eo re buileng ka eena qalong, e hōle le Europe ka lik’hilomithara tse likete. Puong e nang le sehlooho se reng, “Na India e Tla Pholoha e le Sechaba se le Seng?,” mongoli Pranay Gupte o re: ‘Karolo e ka etsang 70 lekholong ea baahi ba bangata ba India ke batho ba ka tlaase ho lilemo tse 30, empa ha ho na baeta-pele ba fanang ka mohlala o ka lateloang.’

Linaheng tse ling, baeta-pele ba ’nile ba tlameha ho itokolla mosebetsing ka lebaka la liqoso tsa bobolu. Ka mabaka a sa tšoaneng, ho totobetse hore lefatše le mathateng a boeta-pele. Maemo a paka bonnete ba mantsoe a moprofeta e mong ea phetseng lilemong tse fetileng tse 2 600. O ile a re: “Tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.”—Jeremia 10:23.

Na ho na le tsela ea ho tsoa matšoenyehong a hona joale a lefatše? Ke mang ea ka etellang moloko oa batho pele ho o kenya lefatšeng leo ho lona o sa tl’o tsekolloa ke likarohano kapa o sa tl’o apareloa ke tšabo, moo tsebo ea ’nete e tla fumanoa mahala le ka bongata le moo moloko oa batho o tla tsoela pele ho ea phethehong?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

Fatmir Boshnjaku

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela