Lipotso Tse Tsoang ho Babali
’Mokelli o ile a fumana joang “monna a le mong ho ba sekete” empa a sa fumana ‘mosali har’a bona’?—Moeklesia 7:28.
Ntho ea pele e ka re thusang hore re utloisise hantle mantsoe ana a bululetsoeng, ke hore re hlalohanye hore na Molimo o nka basali joang. Bibele e bolela hore Ruthe oa mohlolohali, eo e neng e le ngoetsi ea Naomi, e ne e le “mosali ea khabane ka ho fetisisa.” (Ruthe 3:11) Ho ea ka Liproverbia 31:10, mosali ea khabane o “feta le mabenyane a bohlokoa.” (Bibele—Phetolelo e Ncha) Ebe joale Morena Solomone oa Iseraele ea boholo-holo o ne a bolela’ng ha a ne a re: “Ke fumane monna a le mong oa ’nete ho ba sekete, empa mosali oa ’nete eena ha kea mo fumana”?—Moffatt.
Taba eo ho buuoang ka eona mona, e bontša hore boitšoaro ba basali bo ne bo se botle mehleng ea Solomone. (Moeklesia 7:26) Mohlomong sena se ne se bakoa haholo ke tšusumetso ea basali ba balichaba ba neng ba rapela Baale. Esita le Morena Solomone o ile a inehela tšusumetsong ea basali ba hae ba bangata ba balichaba. Bibele e re: “O ile a ba le basali ba makholo a supileng, likhosatsana, le lirethe tse makholo a mararo; ’me butle-butle basali ba hae ba khelosa pelo ea hae” hore a rapele melimo ea bohata. (1 Marena 11:1-4) Banna le bona ba ne ba e-na le boitšoaro bo bobe hoo monna a le mong ea lokileng ho ba sekete a neng a fumanoa seoelo, ’me a batla a sa natsoe. Solomone o ile a qeta ka ho re: “Ke fumane sena feela, hore Molimo oa ’nete o ile a etsa moloko oa batho o lokile, empa ke oona o batlileng mano a mangata.” (Moeklesia 7:29) Qeto ena e bua ka moloko oa batho—e leng batho ka kakaretso, eseng monna ha a bapisoa le mosali. Kahoo, ho ka nkoa hore mantsoe a ho Moeklesia 7:28 a ne a hlalosa boitšoaro ba batho ka kakaretso mehleng ea Solomone.
Leha ho le joalo, ho na le tsela e ’ngoe hape eo mohlomong temana ena e ka hlalosoang ka eona. E ka ’na eaba e amana le boprofeta hobane ha ho mosali ea kileng a hlompha Jehova ka ho feletseng. Empa monna ea joalo o kile a ba teng, ’me monna eo ke Jesu Kreste.—Baroma 5:15-17.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
“Monna a le mong ho ba sekete”