Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 2/1 maq. 8-9
  • Pale ea Mora ea Lahlehileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pale ea Mora ea Lahlehileng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pale ea Mora ea Lahlehileng
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Mora ea Neng a Lahlehile o Khutlile
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Ha Mora ea Lahlehileng a Fumanoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • “Jehova, Molimo o Mohau, o Lereko”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 2/1 maq. 8-9

Jesu Bophelo le Tšebeletso tsa Hae

Pale ea Mora ea Lahlehileng

BAFARISI ba ile ba nyatsa Jesu ka ho ba hammoho le baetsalibe ba tsebisahalang, ’me ha a arabela o ne a sa tsoa qeta ho pheta lipapiso tse buang ka ho fumana hape nku a lahlehileng. Joale o tsoela pele ka papiso e ’ngoe, ena e bua ka ntate ea lerato le tsela eo a tšoarang bara ba hae ba babeli ka eona, bao e mong le e mong ho bona a nang le liphoso tse tebileng.

Pele, ho na le mora e monyenyane, e leng eena motho ea ka sehloohong papisong ena. O bokella lefa la hae, leo ntat’ae a mo fileng lona a sa qea-qee. Joale o tloha hae ’me o kenella tseleng ea bophelo ba boitšoaro bo bobe haholo. Empa mamela ha Jesu a pheta pale, ’me u bone hore na u ka tseba hore na batho bana ba emela bo mang.

Jesu oa qala: “Motho oa horeng o na a na le bara ba babeli. E monyenyane oa bona a re ho ntat’ae: Ntate, mphe karolo ea letlotlo ee e tla ba ea ka. ’Me [ntate] a ba arolela lintho tsa hae.” Mora eo e monyenyane o etsa eng ka seo a se amohelang?

Jesu oa hlalosa: “Ha feta matsatsi a se makae, mora oa hae a monyenyane a bokella tsohle, a fallela naheng e hole, a qhalanya letlotlo la hae teng ka ho phela ka bohlola.” ’Nete ke hore, o senya chelete ea hae a phela le matekatse. Ka mor’a moo ho tla linako tse thata, joalokaha Jesu a tsoela pele ho bolela:

“Eitse hobane a qete tsohle, ha oa tlala a kholo lefatšeng leo; ’me a qala ho hloka. A ea tholoa ke e mong oa batho ba naha eo; eo a mo romela merakeng ea hae ho alosa likolobe. O ne a lakatsa ho khorisa mpa ea hae ka makhapetla a jeoang ke likolobe; empa o ne a sa fuoe ke motho.”

E ne e le ho eisehang hakaakang ho qobelloa ho alosa likolobe, kaha liphoofolo tsee li ne li le litšila ho latela Molao! Empa ho neng ho utloisa mora enoa bohloko haholo e ne e le tlala e mo qetang e ileng ea ba ea mo etsa hore a lakatse lijo tse neng li feptjoa likolobe. Ka baka la tlokotsi ea hae e tšabehang, Jesu o re, “Eaba moo a ikhopolang.”

Ha a ntšetsa pele pale ea hae, Jesu oa hlalosa: “[A ipolella] a re: Bahlanka ba bangata hakakang ha ntate ba hlōloang ke bohobe; ’me ’na mona ke bolaoa ke tlala! Ke tla tsoha, ke ee ho ntate; ’me ke tla re ho eena: Ntate, ke sitetsoe leholimo le uena; ha ke sa tšoanela ho bitsoa mora oa hao; u nketse ea joalo ka e mong oa bahlanka ba hao. Eaba o tloha, a ea ho ntat’ae.”

Ntho e lokelang ho nahanisisoa ke ena: Haeba ntate oa hae a ne a mo fetohetse ’me a ile a mo ja ka bohale ha a tloha lapeng, ha ho bonahale mora a ne a ka ba le mohopolo o le mong hakaalo mabapi le seo a lokelang ho se etsa. O ne a ka’na a rera ho khutla le ho leka ho fumana mosebetsi kae-kae naheng ea habo a le hore a se ke a teanya mahlo le ntat’ae. Leha ho le joalo, ha a ka a ba le khopolo e joalo ka kelellong ea hae. O ne a ipatla lapeng!

Ka ho hlakileng, ntate papisong ea Jesu o emela Ntate oa rōna ea lerato, le ea mohau oa leholimo, Jehova Molimo. ’Me mohlomong le uena oa hlokomela hore mora ea lahlehileng, kapa ea lehlasoa, o emela baetsalibe ba tsebisahalang. Bafarisi, bao Jesu a buang le bona, pejana ba ne ba ile ba nyatsa Jesu ka ho ja le bona batho bana.

Empa mora a moholo o emela mang? Hona papiso ea Jesu e sebetsa joang lekholong la rōna la bo20 la lilemo? Tokollo ea rōna a hlahlamang ea makasine ona e tla araba lipotso tsena ha e bua ka karolo e setseng ea pale ea Jesu ka mora ea lahlehileng ea ileng a fumanoa. Luka 15:11-20, 30; Levitike 11:7, 8.

◆ Jesu o bolella bo mang papiso ee, kapa pale, ’me e le ka lebaka lefe?

◆ Motho ea ka sehloohong ke mang paleng ee, ’me o hlaheloa ke eng?

◆ Ntate le mora e monyenyane ba emela bo mang?

◆ Ke boitsebiso bofe boo re ka bo lebellang tokollong ea rōna e latelang ea makasine oo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela