Lipotso tse Tsoang ho Babali
◼Na Bajode ba ne ba e-na le tokelo ea molao ea ho ahlōlela Jesu lefu, joalokaha ho boleloa ke mantsoe a Pilato ho Johanne 19:6?
Re ke ke ra tsebisisa hore na ka nako eo Baroma ba ne ba se ba file Bajode matla a ho ahlōlela lefu kapa che.
Kamor’a hore baeta-pele ba Bajode ba susumeletse hore Jesu a tšoaroe, ba ile ba tšoara sekanyeoe. Nakong ea nyeoe ba ne “ba batla bopaki ba bohata bo ka nģosang Jesu, hore ba tle ba ’molaee.” Qetellong, ba tsebahatsa Jesu a le molato oa ho nyefola ’me ba re ka baka leo “o tšoaneloa ke lefu.” (Mattheu 26:59, 60, 65, 66) Empa kamor’a ho “rera Jesu ho ’molaea,” ba mo isa ho ’musi oa Roma Pilato.—Mattheu 27:1, 2.
Maemo ana a ile a kolekela hore ba bangata ba etse qeto ea hore ka nako ea Bajode ba ne ba se na tumello ea Roma ea ho ahlōlela Jesu Kreste lefu ka qoso eo ea bolumeli. Ho bonahalang ho tiisa pono ena ke karabo ea Bajode ha Pilato a ba bolella hore ba ahlole moqosuoa ka molao oa Sejode. Ba arabela: “Ha rea lumelloa ho bolaea motho.” (Johanne 18:31) Ha e le hantle, moetlo o hlalosoang ho Talmud ea Jerusalema o bolela hore ho e ka bang lilemo tse 40 pele ho timetso ea Jerusalema ka 70 C.E., Bajode ba ile ba lahleheloa ke matla a bona a ho ahlōlela lisenyi lefu.
Ke ho makatsang hakaakang, joale, ho bala mantsoe a Pilato ho Johanne 19:6. Ha a arabela mehoo ea baeta-pele ba bolumeli ea hore Jesu a khokhotheloe, Pilato a re ho bona: “Mo nkeng e le lōna, le mo thakhise; hobane ’na ha ke fumane molato ho eena.” Polelo ena ho bonahala e loantšana le seo Bajode ba ileng ba se bolela ho Johanne 18:31.
Ralipale oa Mojode Flavius Josephus o fana ka tlaleho ea taba eo a e boneng ka mahlo e ka ’nang ea re hlahisetsa leseli pherekanong ena. O tlaleha hore nakong ea ha Roma e futuhela Jerusalema ka 70 C.E., marabele a ile a khutlela ka mabaleng a tempele. Ba bang ba bahlabani bana ba mali ba ne ba le libakeng tse neng li sa tsamauoe ka baka la ho halalela ho tsona. A tennoe ke ho silafatsa hoo le Baroma ba neng ba ho talima e le lebala le halalelang, Molaoli Tite a hooa:
“Lōna batho ba nyatsehang! Na hase lōna ba hahileng lekhoakhoa leo [kapa mokoallo o mokhutšoanyane o arolang karolo e ’ngoe ea lebala] ho lebela Ntlo ea lōna e Halalelang? Na hase lōna ba alileng matlapa a arohaneng a ngotsoeng ka mongolo oa Segerike le oa rōna, a thibelang leha e le mang ho fetela ka nģ’ane ho lerako? ’Me na ha rea ka ra le lumella ho ahlola mang le mang ea fetetseng ka nģ’eo ho lona, esita le haeba e ne e le Moroma? Ke hobane’ng he, ha lōna batho ba molato, le hatakela litopo tse ka har’a lona?”—The Jewish War, e fetoletsoeng ke G. A. Williamson, leqephe 312. Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.
Ka hona, le haeba Baroma ba ne ba sa lumella Bajode ho sebelisa kotlo ea lefu bakeng sa litlōlo tsa batho, ho bonahala eka ba ne ba ba file matla a ho ahlōlela lefu litlōlong tse ling tse tebileng tsa bolumeli. Bajode ba ileng a isa Jesu ho Pilato e ka ’na eaba ba ne ba nahanne hore e ka ba hantle ho tlohella Baroma ho lefu, mohlomong e le ho etsa hore lefu la hae e be le nyonyehang haholoanyane, e le hore boipelaetso leha e le bofe bo matla ba sechaba bo ka lebisoa ho bao eseng Bajode. (Ba-Galata 3:13; Deuteronoma 21:23) Leha ho le joalo, Pilato, mohlomong a batla ho qoba bothata boo, a ba bolella: ‘Mo nkeng e le lona, le mo thakhise.’ E ka ’na eaba le eena o ne a bontša hore o ikutloa hore haeba tseko e ne e le ea bolumeli e tebileng ka ho lekaneng, baeta-pele ba Bajode ba tlameha ho jara boikarabelo ba ho ahlōlela Jesu lefu.
[Litšoantšo tse leqepheng la 31]
Taba ena e ngotsoeng ho tsoa mabaleng a tempele (bona taba e fanoeng) e ne e lemosa Balichaba hore ba se fetele ka ‘nģ’ane ho lerako le lekhutšoanyane la tempele
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Ho etsoa hape ha motse oa Jerusalema nakong ea tempele ea bobeli—mabaleng a Holyland Hotel, Jerusalema
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Polokeng ea Litšoantšo (Near Eastern History) Est.