Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 2/15 maq. 4-7
  • Ho Tšepahala—Ho Bolela Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tšepahala—Ho Bolela Eng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Seo Re Se Buang
  • Mosebetsing
  • Litsela Tse Ling tsa Ho Tšepahala
  • Meputso le Melemo
  • Tšepahala ka Linako Tsohle
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Tšepahala Linthong Tsohle
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Botšepehi Boa Putsa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Tšepahala Linthong Tsohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 2/15 maq. 4-7

Ho Tšepahala—Ho Bolela Eng?

HO TŠEPAHALA ho bolela ho ba le ’nete le ho hloka bolotsana. Botšepehi bo hloka hore u se ke ua ea ka leeme ha u sebelisana le ba bang—ho ba ea hlokang bomene-mene, ea hlomphehang, ho se be ea thetsang kapa ea khelosang. Motho ea tšepahalang ke motho oa botšepehi bo feletseng. Kaha ke ea ka tšeptjoang kamehla, le kamohla a ke ke a qhekella motho oa habo. Kaofela ha rōna re ne re tla rata ho tšoaroa ka tsela eo, na ha ho joalo? Kahoo na ho na le mohla botšepehi bo tla siuoa ke nako?

Hang-hang Mokreste oa bona litlhalosong tse kaholimo hore na ke hobane’ng ha motho ofe kapa ofe ea ipolelang hore ke morapeli oa ’nete e tlamehang ho ba motho ea tšepahalang. (Johanne 4:24) O rapela “Jehova, Molimo oa ’nete.” (Pesaleme ea 31:5; Tite 1:2) Ka ho utloahalang, ke “banna ba ’nete” feela ba tšoanelehang ho mo emela.—Exoda 18:21, New World Translation Reference Bible, mongolo o botlaaseng ba leqephe.

Botšepehi bo ama likarolo tse ngata tsa bophelo ba rōna, kahoo ke ho utloahalang hore moapostola Pauluse o itse: “Re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.” Hoo ho akarelletsa puong, mosebetsing, litabeng tsa lelapa, litšebelisanong tsa khoebo, le ho arabela litlhokahalong leha e le life tsa molao tseo mebuso e li batlang ho rōna.—Ba-Heberu 13:18, NW.

Ho Seo Re Se Buang

Ho na le litsela tse ngata tseo ka tsona batho ba sa bueng ’nete—le hoja hangata li talingoa e le tse se nang molato le tse amohelehang. Ba ngola litlaleho tsa bohata ka lihora tsa mosebetsi, ba re bana ba bolele mashano ha batho ba kokota lapeng, ba bolella baemeli ba insurance lipolelo tse sa nepahalang, ’me ba qala leshano la hore baa kula e le hore ba se ke ba ea mosebetsing, ha re bolela tse seng kae feela.

Ka linako tse ling seo re se bolellang motho e mong se lokela ho ngoloa. Ka lebaka le leng le itseng, batho bao ka melomo ea bona ba neng ba ke ke ba bua leshano le kamohla ba ikutloa hore ke taba e fapaneng ha ba tlaleha chelete bakeng sa makhetho kapa ba ngola tlaleho ea lintho ka bonngoe bakeng sa baemeli ba lekala la tse kenang kapa tse tsoang moeling oa machaba. Ho qhekella hona ho bakela bohle ba lefang lekhetho litšenyehelo. Na hoo ke lerato la ’nete bakeng sa moahelani? Ho feta moo, na Bakreste ha ba tlas’a tlamo ea ho ‘ntšetsa Cesare tseo e leng tsa Cesare’?—Luka 20:25; 10:27; bona le Ba-Roma 13:1, 2, 7, 8.

Ka sebele re batla ho etsisa “Molimo, oa ’nete,” ho seo re se buang e seng “ntate oa leshano.” (Pesaleme ea 31:5; Johanne 8:44, NW) Batho ba se nang mekhoa ba ka ’na ba itherela ho ba maleme a mabeli, ho se hlahise lintho ka sebopeho sa tsona sa ’nete le ho thetsa. Empa ho thetsa moahelani oa rōna hase ho mo rata. Ho feta moo, bo-raleshano ha ba na bokamoso boo e hlileng e leng ba sebele.—Ba-Efese 4:25; Tšenolo 21:27; 22:15.

Mosebetsing

Ho etsa mosebetsi oa letsatsi ka botšepehi bakeng sa moputso o amoheloang ke tlhokahalo e utloahalang le ea Mangolo. (Ba-Kolosse 3:22-24) Empa, ho na le masholu a nako a likete-kete a senyang nako ea feme ka ho nka nako ea phomolo e telele ho feta e lekanyelitsoeng, a fihla morao mosebetsing ’me a tloha pele ho nako, a senya nako e ngata a itlhopha kamor’a ho fihla mosebetsing, a sebelisa fono-fono ea feme bakeng sa ho letsetsa hōle ka mabaka a botho ntle ho tumello, a phetha mabaka ao e leng a ’ona ka nako ea feme, esita le ho ’na a re shoa! ka nakoana. Ho utsoa ha ’ona ho phahamisa litšenyehelo bakeng sa motho e mong le e mong.

Mefuta e meng ea bosholu mosebetsing e akarelletsa ho nka lintho tse sebelisoang le thepa ho ea itšebelisetsa tsona. Ba bang ba bolela hore hona hase letho ha e se feela ho koala sekheo sa meputso e tlaase, joalokaha eka ba leka-lekanya lintho le mohiri ea lekhonatha! Empa haeba lintho li nkoa ntle le tsebo kapa tumello ea mong’a tsona kapa mohiri, e hlile ke mokhoa o mong oa ho utsoa.

Maemong ana kaofela, Mokreste oa ’nete o tla sebelisa keletso e bululetsoeng: ‘Ea neng a utsoa, a se ke a hlola a utsoa, a mpe a sebetse lintho tse molemo ka matsoho a hae, a tle a tsebe ho nea ea hlokang.’—Ba-Efese 4:28; Liketso 20:35.

Empa, ho thoe’ng haeba mohiri oa hao a u kōpa hore u etse ketso e ’ngoe ea ho hloka botšepehi kapa eo e seng ea molao ’me a u sokela ka hore u tla u leleka haeba u sa lumellane le hoo? Mehlala e meng: U lefise moreki bakeng sa likarolo tsa koloi tseo ho seng mohla li kileng tsa kenngoa koloing; u tšele lintho tse rekisoang tse theko e tlaase ka mabokoseng e le hore bareki ba ka lefisoa litheko tse phahameng haholoanyane; u ngole, litheko “tse theotsoeng” linthong, ha litheko tsa mehleng li ntse li tšoana kapa li le katlaase ho moo. Bahiruoa ba bangata ba ne ba tla talima sena e le boikarabelo ba mohiri, e seng ba motho ea sebetsang. Lipaki tsa Jehova li ile tsa etsa joang ha li thulana le boemo bo joalo? Daryl J oa tlaleha:

“Ha ke ntse ke sebetsa ke le mookameli oa lihlahisoa lebenkeleng la grocery, baokameli ba ka ba ile ba nkatamela ’me ba nkōpa hore ke nyolle phaello ntle le ho nyolla litheko tsa ntho leha e le efe. Litlhahiso tsa ho finyella sena e ne e le: Ho feteletsa boima ba lihlahisoa tse ling, le ho etsa litokomane tsa ‘maiketsetso’ tse bontšang ho rometsoe chelete e ’ngoe ho moetsi oa thepa. Mekhoa e tloaelehileng empa e hloka botšepehi.”

Daryl o ile a hana ho hlahisa lintho ka sebopeho se sa nepahalang le ho qhekella. (Liproverbia 20:23) Libeke tse seng kae hamorao o ile a lelekoa mosebetsing. Na o ne a bile bothoto ka ho tlohellela lelapa la hae liphello tsa ho hloka ha hae mosebetsi? Na o ile a ikoahlaea ka hore o ne a tšepahetse? Che, hobane ha Paki e ’ngoe ea habo e utloa se etsahetseng, e ile ea mo fa mosebetsi. Daryl o re: “Ka libeke tse tharo ho isa ho tse ’nè, ke ne ke boetse ke itjarile ’moho le lelapa la ka ka mekhoa e nang le botšepehi. Ke ho nka e le tlotla ho hlohonolofatsoa ke Jehova bakeng sa ho boloka botšepehi ba ka bo feletseng ho eena.”

Ka lehlakoreng le leng, u ka ’na ua fumana mosebetsi hobane u oa tšepahala. Moemeli oa feme e ’ngoe e tsebahalang ea machaba ea insurance o ile a eletsa mong’a lebenkele le atlehang le karolong e katlaase ea Motse oa Toronto, Canada, hore a felise mathata a hae a bosholu ba bahiruoa ka ho hira Lipaki tsa Jehova. Moemeli eo o ile a hlalosa: ‘Ha ke ne ke le motseng o mong oo ke neng ke fumana koetliso ea insurance ho oona, ke ile ka fumana hore har’a basebeletsuoa ba insurance eo ho ne ho e-na le lisuphamakete tse khōlō tse ikopantseng tse neng li hira Lipaki feela ho paka lintho tse rekisoang lirakeng bosiu. Li ne li bile le liphihlelo tse mpe ka basebetsi ba bang empa li ne li e-s’o lahleheloe ke ntho leha e le ’ngoe ha e sa le li nea Lipaki linotlolo hore li tle kamor’a lihora tsa mosebetsi ho tla paka lintho.’

Litsela Tse Ling tsa Ho Tšepahala

Nakong ea ha ho alingoa chelete, hangata ea alingoang o bontša boikokobetso le hlompho, ’me o bua mantsoe a kholisang a ho lefa le a kananelo bakeng sa thuso eo. Empa ha nako ea ho lefa molato e fihla, joale batho ba bang ba alinngoeng ba ba le boitšoaro bo makatsang ba Nkhate-ke-hlaname. Ho tloaelehile hore joale u hlokomele khalefo, bora, lipelaelo tsa hore ea mo alimileng o mo tsunya-tsunya hore a lefe, le ho bolela hore ea mo alimileng o hloka mohau. Mahlong a ea alinngoeng, motho ea mo alimileng ea letsoho le bulehileng joale o se a fetohile koko. Leha ho le joalo, Bibele e bolela hore ‘ea alimang a sa buse o mobe.’ (Pesaleme ea 37:21; Ba-Roma 13:8) Hona ho ne ho tla sebetsa haholo-holo ha motho ea alimileng a sa etse boiteko ba ho lefa esita le ka likhaohano tse leka-lekaneng ho bontša ho tšepahala, mohlomong a sa etse le boiteko ba ho kopana le ea mo alimileng.

Bophelong ba lelapa, botšepehi bo hlokahala litabeng tse ngata: Hlooho ea lelapa e lokela ho ba motho ea nang le ’nete ho mosali oa hae mabapi le moputso oa hae le litaba tsa hae tsa lichelete; mosali o lokela ho tšepahala ho eena ka tsela eo a sebelisang lichelete tsa lelapa ka eona; ka bobeli ba bona e lokela ho ba batho ba botšepehi bo feletseng, ho akarelletsa ho lekanyetsa lithahasello tsa bona tsa botona le botšehali e mong ho e mong; bana ba etsa hantle ha ba e-na le ’nete ’me ba utloa mabapi le bao ba tloaelaneng le bona le mefuta ea boithabiso eo ba kenellang ho eona, tumellanong le seo batsoali ba bona ba boletseng hore baa se batla.—Ba-Efese 5:33; 6:1-3.

Ho tsoa ho sohle se boletsoeng, ho lokela ho hlaka hore Mokreste oa sebele o tlameha hore “a tlohe bokhopong”—mesebetsi e khopo le litholoana tse mpe tse tsamaeang le ho hloka botšepehi, leshano, ho thetsa, ho qhekella le ho senyeha ha boitšoaro.—2 Timothea 2:19; Ba-Roma 2:21-24.

Meputso le Melemo

Ho se ee ka leeme le ho hloka bomene-mene, litšebelisano tsa ’nete, ho phahamisa botšepehi. Joale moea oa tšepo le oa ho se belaele oa hōla, e leng ho lebisang boikutlong bo botle le likamanong tse ntle. Botšepehi bo boetse bo fana ka moea oa ho phela ka tšepo, u lokolohile moeeng oa ho loana o jang nako le matla o hlahisoang ke lipelaelo, khoao, le matsoalo ka ba bang.—Bapisa Esaia 35:8-10.

Botšepehi bo tlatsetsa ho beng ha rōna le letsoalo le hloekileng, le hlokahalang haeba re tla “nehelana ka tšebeletso e halalelang ho Molimo o phelang.” (Ba-Heberu 9:14, NW; 1 Timothea 1:19) Bo fana ka khotso ea kelello, e lebisang borokong bo monate bosiu. U ka talimana le ba bang u sa hlabjoe ke lihlong. Ho tšepahala ho felisa ho longoa ke letsoalo la ho tšoaroa u etsa ho fosahetseng. Ka tsela ena re boloka seriti sa botho le boitlhompho. Ke joang hoo e ka bang ho siiloeng ke nako le kamohla kapa ho sa sebetseng?

Kahona, ho na le meputso e mengata hona joale le melemo e tla phallela ho rōna le ho ba bang haeba re tšepahala. Leha ho le joalo, kaholimo ho tsohle, re lokela ho batla ho tšepahala e seng feela hobane e le leano le molemo ka ho fetisisa kapa hobane re laeloa hore re tšepahale empa ka hobane re rata Ntate oa rōna Jehova. Re batla ho boloka kamano ea rōna ea bohlokoahali le eena le ho amoheloa ke eena. Hape re batla ho tšepahala hobane ka ho etsa joalo re bontša lerato ho moahelani. Kahoo, ka bokhutšoanyane, ho ba Mokreste oa ’nete ho bolela ho tšepahala.—Mattheu 22:36-39.

Mopesaleme o re: “Jehova, moeti oa hao e tla ba mang tenteng ea hao? E tla ba mang ea tlang ho aha thabeng ea hao e halalelang? Ke ea phelang ka bokhabane, a etsa ho lokileng, a bolela ’nete kamoo e leng pelong ea hae kateng. . . . Ha a etse oa habo hampe.” (Pesaleme ea 15:1-3) Haeba re phela bophelo ba botšepehi joaloka barapeli ba Jehova, joale ha ka tōka a felisa tsamaiso ea hona joale e khopo le ha ‘tabernakele ea Molimo e le har’a batho,’ re tla ba har’a ba thabelang mahlohonolo a ka ho sa feleng joaloka “moeti” oa hae. Joale le kamohla re ke ke ra ba ba siiloeng ke nako!—Tšenolo 21:1-5.

[Lebokose le leqepheng la 5]

Na U Ka Sebetsana Le Phephetso ea Botšepehi ba Hao?

Lefatše leo re phelang ho lona le phephetsa kholiseho ea rōna le boikemisetso ba rōna ba ho etsa se nepahetseng. Le hahiloe ka tsela e etsang hore le hatelle hore re ikhopole borōna pele ho tsohle, esita le ka ho tlatlapa ba bang.

Na ka pelo eohle u bona hore botšepehi e ntse e le leano le molemo ka ho fetisisa? Na kholiseho ea hao e matla ho lekana ho u boloka u tšepahala ha likhatello li u bea tekong? Ka mohlala, u ne u tla etsa joang haeba:

◻ Kamor’a ho hloka mosebetsi ka likhoeli tse ngata, u fumana chelete e ngata e neng e tla lefa melato ea hao kaofela ’me u be u salloe ke chelete e ’ngoe eo u ka e bolokang?

◻ Ho qhekella tlhahlobong ea bohlokoa sekolong sa heno e ne e le eona feela tsela eo ka eona u ka khonang ho pasa ka mokhoa o tla rera hore na bokamoso ba hao maemong a lichelete e tla ba bofe?

◻ Hore u talingoe u le ramahlale ho ne ho tla hloka hore u fetole boitsebiso ba lintho tseo u li sibolotseng patlisisong ea hao e le hore tlaleho ea hao e ka hatisoa?

◻ Ha u etetse naheng e ’ngoe, u reka phahlo ea chelete e ngata ka theko e tlaase haholo empa ho e phatlalatsa moeling ho ne ho tla bolela ho lefa lekhetho le phahameng?

[Lebokose le leqepheng la 6]

Liketso tsa Botšepehi Ha Lia Siuoa ke Nako

Na batho ba ntse ba tsotella batho ba bang? E, le hoja likoranta li tlaleha liketso tsa botšepehi joalokaha eka ke mekhelo ’me kahona li tšoaneloa ke ho hlaha litabeng.

Mapolesa a Fort Wayne, Indiana, U.S.A., a ile a leka ho cheha masholu ka ho bea thelevishine ea chelete e ngata ka koloing e sa notleloang. A ile a lebella ka libeke tse ’maloa ho bona se tla etsahala. “Seo re ileng ra se fumana ke hore batho ba ne ba tla leba koloing, ba talime kahare ’me ba bone thelevishine, ba bule lemati, ba penye konopo e notlelang lemati, ba koale lemati e be baa itsamaela.” Ka ho etsa joalo ba bontšitse botšepehi.

Lihlooho tsa litaba likoranteng tse ling tsa Canada li bolela ka ho khutlisoa ha chelete e neng e lahlehile ka baka la tšusumetso e molemo ea thuto ea Bibele:

“Basamaria ba molemo ba boloka matsatsi a phomolo.”—The Windsor Star

“Pat ea tšepahalang o khutlisa $421 [R628].”—The Spectator

“Ho khutlisoa ha $983 [R1 467] e lahlehileng ho tsosolosa tumelo ea mohoebi.”—The Toronto Star

Liketsahalong tsena, ba neng ba khutlisa chelete e lahlehileng e ne e le Lipaki tsa Jehova. Ketsahalong ea pele, Lipaki tse peli tse nyenyane tse neng li kopanetse tšebeletsong ea ntlo le ntlo li ile tsa fumana mokotlana oa chelete ’me tsa o khutlisetsa ho mosali e mong. Mosali eo o ile a re: “Ke nahana hore bashemane bao ke bona ba le bang ka har’a ba millione. . . . Ua tseba ke’ng, kannete hona ho hlile ho tsosolosa tumelo ea hao sebopehong sa batho.” Kaha mosali eo a ne a tsoa kantle ho toropo, ho ka be ho bile bobebe hore bacha bao ba ipolokele chelete eo, empa ba ile ba re: “E ne e se letho. Re ne re mpa re etsetsa motho e mong ntho e ’ngoe e molemo.”

Tlaleho ea bobeli e ne e boetse e ama motho ea neng a le leetong. Pampiri eo e ile ea tlaleha: “Empa moleko ha oa ka oa phahamisa khoao kelellong ea [motho ea e fumaneng].” Motho ea fumaneng chelete o ile a hlalosa hore e ne e le e mong oa Lipaki tsa Jehova, “’me re lumela botšepehing ka matla.”

Ketsahalong ea boraro, motho ea neng a lahlile chelete “o ile a lumela hore o ne a se a batla a lahlehetsoe ke tšepo molokong oa batho.” Monna oa mosali oa Paki ea ileng a fumana mokotlana oa pampiri o mosootho oa chelete o ile a bolella motlalehi hore ho tataisoa ke Bibele e ne e le sona senotlolo: “Hoo ho ile ha nolofaletsa mosali oa ka” hore a o khutlise.

Ketsahalong e ’ngoe, Lipaki tse peli tse neng li sebetsa ka ntlo le ntlo li ile tsa fumana anfolopo ea moputso oa mosebetsi e neng e lahlehile. Ha li e isa setsing sa mapolesa sa sebaka seo, sajene e neng e le mosebetsing e ile ea re ho ne ho e-s’o be le tlaleho ea chelete e lahlehileng. Lipaki li ile tsa etsa tlhahiso ea hore ho phatlalatsoe setsing sa seea-le-moea sa sebaka seo hore e fumanoe. Lepolesa le ne le bonahala le hloletsoe. La re: “Le etsa boiteko bo boholo ba ho khutlisa chelete ena. Leha ho le joalo le ba bolumeli bofe?” Ha Lipaki li arabela, sajene ea re: “Ke ile ka nahana joalo, hobane ke lōna feela ba tšepahalang hoo le ka etsang boiteko bo joalo.”

Ha e mong oa Lipaki tsa Jehova, W. K———, a ntse a e-ea ka ntlo le ntlo, o ile a kōptjoa hore a etse ntho e ’ngoe e sa tloaelehang ka ho fetisisa. Ntlong e ’ngoe monna e mong le mosali oa hae ba ne ba hlile ba kula haholo empa ba ne ba lokela ho isa chelete bankeng tsatsing lona leo. Ba ile ba botsa hore na Paki e ne e ka ba isetsa eona. Ha e lumela, e ile ea neoa $2 000 (R4 000) hore e e ise bankeng. Ha e khutla bankeng, e ile ea ikutloa e tlameha ho botsa: “Ke joang le neng le ka ntšepa empa le ne le bile le sa ntsebe?” Karabelo: “Rea tseba, ’me motho e mong le e mong oa tseba, hore Lipaki tsa Jehova ke tsona feela tse ka tšeptjoang.”

Le hoja ka sebele ho e-na le batho ba tšepahalang ba ka fumanoang linaheng tsohle, ho phaella ho Lipaki tsa Jehova, ho bonahala ba fumanoa seoelo hoo ba sitoang ho hlokomeloa ka ho khethehileng. Re ka leboha hakaakang hore e be thuto ea Bibele ka botšepehi e hlahisa liphello tse molemo le tse sebetsang!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela