Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp21 no. 1 maq. 8-9
  • Ke Hobane’ng ha Molimo a sa Arabe Lithapelo Tsohle?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Molimo a sa Arabe Lithapelo Tsohle?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2021
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Atamela ho Molimo ka Thapelo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Mpho eo Jehova a re Fileng Eona
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Ke Lithapelo tsa Bo-mang tse Arabeloang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lithapelo Tse Arabeloang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2021
wp21 no. 1 maq. 8-9

Ke Hobane’ng ha Molimo a sa Arabe Lithapelo Tsohle?

Ntate oa rona ea maholimong Jehova Molimo, o ikemiselitse ho utloa lithapelo tsa rona ’me o thabela ho li mamela. Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ka etsang hore a se ke a li araba. Ke life lintho tseo, hona re lokela ho hopola eng ha re rapela? A re utloeng hore na Bibele e re’ng.

Batho ba kerekeng, ba rapela thapelong eo ba e balang.

“Ha u rapela, u se ke ua pheta-pheta lintho tse tšoanang.”​—Matheu 6:7.

Jehova ha a batle hore re lule re pheta lithapelo tseo re li tšoereng ka hlooho kapa tse ngotsoeng bukeng. Ho e-na le hoo, o batla hore re mo rapele ho tsoa pelong. Nahana hore na u ka ikutloa joang ha motsoalle oa hao a u bolella mantsoe a tšoanang letsatsi le chabang le le likelang. Metsoalle e bua ho tsoa pelong ’me e bua ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Haeba re sebelisa mantsoe a rona ha re bua le Ntate oa rona ea leholimong, re tla be re bontša hore re mo nka e le motsoalle oa rona.

Monna ea shebileng holimo ha a tšoere tekete ea lotto.

“Lea kopa, leha ho le joalo ha le amohele, hobane le kopa bakeng sa morero o fosahetseng.” ​—Jakobo 4:3.

Re ke ke ra lebella hore Molimo a arabele lithapelo tsa rona haeba re mo kopa lintho tseo re tsebang hantle hore ha a li batle. Ka mohlala, haeba motho a bechile ’me a rapela Molimo hore ka lehlohonolo a fumane chelete, na Molimo o tla arabela thapelo e joalo le hoja ho hlakile hore ha a batle batho ba meharo hape ha a rate litumela-khoela tsa mahlohonolo? (Esaia 65:​11; Luka 12:​15) Ha ho utloahale hore re lebelle hore Jehova a arabele lithapelo tse joalo. E le hore Jehova a arabele lithapelo tsa rona, re lokela ho etsa bonnete ba hore lintho tseo re li rapellang li lumellana le seo Bibele e se buang.

Moruti o rapella masole.

“Ea faposang tsebe ea hae hore e se ke ea utloa molao, esita le thapelo ea hae ke ntho e manyala.” ​—Liproverbia 28:9.

Mehleng ea khale, Molimo o ne a sa mamele lithapelo tsa batho ba neng ba sa mamele melao ea hae. (Esaia 1:​15, 16) Molimo o ntse a e-s’o fetohe. (Malakia 3:6) Haeba re batla hore Molimo a mamele lithapelo tsa rona, re tlameha ho etsa sohle seo re ka se khonang hore re mamele melao ea hae. Ho thoe’ng haeba re ile ra etsa lintho tse mpe nakong e fetileng? Na seo se bolela hore Jehova a ke ke a mamela lithapelo tsa rona? Ha ho joalo. Molimo o tla re tšoarela haeba re bontša hore re ikoahlaela lintho tse mpe tseo re ileng ra li etsa ’me re etsa sohle seo re ka se khonang ho mo thabisa.​—Liketso 3:19.

“Ea atamelang Molimo o lokela ho lumela hore o teng le hore e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.”​—Baheberu 11:6.

Mosali o bala Bibele.

Ha re etse thapelo hobane feela re batla ho ikimolla ha re tšoenyehile. Re rapela hobane re batla ho bontša Molimo hore rea mo tšepa, rea mo hlompha ebile rea mo rata. Morutuoa Jakobo o ile a re haeba re sa “kope ka tumelo,” re se ke ra ‘nahana hore re tla amohela letho ho Jehova.’ (Jakobo 1:​6, 7) E le hore re be le tumelo ho Molimo, re tlameha ho ipha nako re be re etse boiteko ba ho mo tseba haholoanyane ka ho ithuta Bibele. Ho etsa joalo ho tla re thusa hore re tsebe hore na thato ea hae ke efe le hore re mo rapele re kholisehile hore o mamela lithapelo tsa rona.

U SE KE OA TELA!

Le hoja Jehova a sa arabe lithapelo tsohle, o utloa lithapelo tsa batho ba bangata ba mo rapelang ho tsoa pelong ebile oa li araba. Bibele e tla u bolella hore na u etse’ng e le hore Molimo a mamele lithapelo tsa hao. Sehlooho se latelang se tla hlalosa taba ena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela