Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp21 no. 1 maq. 10-13
  • U ka Rapela Joang e le Hore Molimo a U Utloe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Rapela Joang e le Hore Molimo a U Utloe?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2021
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • RAPELA JEHOVA MOLIMO KA LEBITSO LA JESU
  • RAPELA HO TSOA PELONG
  • RAPELLA LINTHO TSE LUMELLANANG LE THATO EA MOLIMO
  • E-BA LE MAMELLO ’ME U PHEHELLE THAPELONG
  • Thapelo e ka U Thusa ho ba Motsoalle oa Molimo
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Mpho eo Jehova a re Fileng Eona
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Ho Atamela Haufi le Molimo ka Thapelo
    Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
  • Atamela ho Molimo ka Thapelo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2021
wp21 no. 1 maq. 10-13

U ka Rapela Joang e le Hore Molimo a U Utloe?

Jehova ke Molimo “Ea Utloang thapelo.” (Pesaleme ea 65:2) Re ka bua le eena ka nako leha e le efe, ebang re rapella holimo kapa ka pelong. Jehova o batla hore re mo bitse “Ntate” ’me ke Ntate ea molemo ka ho fetisisa eo re ka bang le eena. (Matheu 6:9) Ka lerato, Jehova oa re ruta hore na re ka mo rapela joang e le hore a ka re mamela.

RAPELA JEHOVA MOLIMO KA LEBITSO LA JESU

“Haeba le kopa Ntate ntho leha e le efe o tla le fa eona ka lebitso la ka.”​—Johanne 16:23.

Mantsoe a Jesu a bontša ka ho hlaka hore Jehova ha a batle ha re mo rapela re sebelisa litšoantšo, bahalaleli, mangeloi kapa balimo empa o batla hore re sebelise lebitso la Jesu Kreste. Ha re sebelisa lebitso la Jesu ha re rapela, seo se bontša hore rea utloisisa hore Molimo o tla re utloa ka lebaka la seo Jesu a ileng a re etsetsa sona. Jesu o itse: “Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na.”​—Johanne 14:6.

RAPELA HO TSOA PELONG

“Tšollelang lipelo tsa lona ka pel’a hae.”​—Pesaleme ea 62:8.

Ha re rapela Jehova, re lokela ho bua joalokaha re ne re tla bua le ntate ea lerato. Ho e-na le hore re bue mantsoe a bukeng kapa re bue mantsoe ao re a tšoereng ka hlooho, re lokela hore ka tlhompho re rapele Jehova ho tsoa pelong.

RAPELLA LINTHO TSE LUMELLANANG LE THATO EA MOLIMO

“Ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kopang ho ea ka thato ea hae, oa re utloa.”​—1 Johanne 5:14.

Ka Bibeleng, Jehova Molimo oa re bolella hore na o tla re etsetsa’ng le hore na rona re mo etsetse’ng. E le hore lithapelo tsa rona li amohelehe ho Molimo, re lokela ho rapela “ho ea ka thato ea hae.” E le hore re etse joalo, re lokela ho ithuta Bibele e le hore re mo tsebe haholoanyane. Haeba re etsa joalo, o tla thabisoa ke lithapelo tsa rona.

RE KA RAPELLA ENG?

Lelapa le rapela ’moho pele le ja.

Rapella Litlhoko Tsa Hao. Re ka rapela Molimo hore a re thuse ka litlhoko tsa letsatsi le letsatsi joaloka lijo, liaparo le sebaka sa bolulo. Re ka boela ra rapella hore Molimo a re fe bohlale ba hore re etse liqeto tse nepahetseng le matla a hore re mamelle mathata. Re ka rapella hore re be le tumelo, hore Molimo a re tšoarele le hore a re thuse.​—Luka 11:​3, 4, 13; Jakobo 1:​5, 17.

Monna o rapela le mosali oa hae ea robetseng betheng ea sepetlele.

Rapella Batho ba Bang. Batsoali ba ratang bana ba bona baa thaba ha bana ba bona ba ratana. Kaha re bana ba Jehova, Jehova le eena o batla hore re tsotellane ’me re ratane. Ho loketse ho rapella balekane ba rona, ba malapa a rona, bana ba rona le metsoalle ea rona. Morutuoa Jakobo o ile a ngola a re: “Le rapellane.”​—Jakobo 5:16.

Monna ea tsamaeang hlatheng ha letsatsi le ea malikelong.

E-ba ea Lebohang. Bibele e re ka ‘Mopi oa rona: “O ile a etsa se molemo, a le fa lipula tse tsoang leholimong le linako tse behang, a tlatsa lipelo tsa lona ka ho phethahetseng ka lijo le ho hlasimoloha ho molemo.” (Liketso 14:​17) Ha re nahana ka lintho tsohle tseo Molimo a re etselitseng tsona, seo se tla re susumelletsa hore re mo lebohe ha re rapela. Re boetse re lokela ho bontša Molimo hore rea mo leboha ka hore re mo mamele.​—Bakolose 3:15.

E-BA LE MAMELLO ’ME U PHEHELLE THAPELONG

Ka linako tse ling, re ka nyahama ha Molimo a sa arabe lithapelo tsa rona hang-hang. Na seo se bolela hore Molimo ha a re tsotelle? Le letho! Ela hloko mehlala e latelang e bontšang hore ke habohlokoa ho tsoela pele ho rapela.

Steve, eo ho buuoeng ka eena sehloohong se qalang o re: “Haeba e ne e se ka thapelo, nkabe ke se na tšepo ea hore ke tla thaba hape.” Ke’ng e ileng ea mo thusa hore a fetohe? O ile a qala ho ithuta Bibele ’me a ithuta hore na ke hobane’ng ha a lokela ho rapela le ho phehella ho eona. O re: “Ha ke rapela Molimo, kea mo leboha ka tšehetso eo ke ileng ka e fumana ho tsoa ho metsoalle. Hona joale ke thabile ho feta pele.”

Ho thoe’ng ka Jenny, ea neng a ikutloa eka ha a na thuso hoo Molimo a ke keng a mo mamela? O re: “Ha ke ne ke ikutloa ke se na thuso, ke ile ka kopa Molimo hore a nthuse hore ke utloisise hore na ke hobane’ng ha ke ikutloa joalo.” Seo se ile sa mo thusa joang? O re: “Ho bua le Molimo ho ile ha nthusa hore ke ipone ka tsela eo a mponang ka eona le hore ke bone hore le hoja nka ipona eka ha ke na thuso, Jehova o nka ke le oa bohlokoa. Ho boetse ho nthusitse hore ke se ke ka tela.” Qetellong ho ile ha etsahala’ng? O re: “Thapelo e nthusitse ho nka Jehova e le Ntate ea lerato ea ntsotellang hape e le Motsoalle ea lulang a ntšehetsa le ea nthusang hafeela ke etsa lintho tseo a batlang hore ke li etse.”

Isabel o na le monna oa hae le mora oa hae.

Ha Isabel a bona mora oa hae Gerard a thabela bophelo ho sa tsotellehe bokooa ba hae, o re: “Kea hlokomela hore ke karabo ea lithapelo tsa ka.”

Nahana ka mohlala ona oa Isabel. Eitse ha e-ba moimana, lingaka tsa hae li ile tsa mo bolella hore ngoana oa hae o tl’o hlaha a sa itekanela. E ne eka o chella ka tlung. Batho ba bang ba ile ba mo eletsa hore a ntše mpa. O re: “Ke ile ka utloa eka ke tl’o bolaoa ke pelo-bohloko.” O ile a etsa’ng? O re: “Ke ile ka rapela Molimo hangata hore a ntšehetse.” Hamorao Isabel o ile a tsoala mora eo lebitso la hae e leng Gerard ’me o ile a hlaha a sa itekanela. Na Isabel o utloa eka Molimo o arabetse lithapelo tsa hae? E, ho joalo! Ka tsela efe? O re: “Ha ke bona mora oa ka eo hona joale a seng a le lilemo li 14 a thabela bophelo ho sa tsotellehe bokooa ba hae, kea hlokomela hore ke karabo ea lithapelo tsa ka, le hore Jehova o ntlhohonolofalitse haholo ka ho mpha eena.”

Mantsoe ao a Isabel a tsoang pelong a etsa hore re nahane ka mantsoe a mopesaleme a re’ng: “Jehova . . . u tla utloa litakatso tsa ba bonolo. U tla lokisa lipelo tsa bona. U tla sekeha tsebe.” (Pesaleme ea 10:​17) Kannete re na le mabaka a utloahalang a hore re lule re rapela Molimo!

Ka Bibeleng ho na le lithapelo tse ngata tsa Jesu. E tsebahalang ka ho fetisisa ke eo a ileng a e ruta barutuoa ba hae. Re ka ithuta eng ho eona?

Thapelo ea Morena ea re Ruta Hore na re Rapele Joang

Letšoele la batho le mametse Jesu ha a ruta Thuto ea Thabeng.

Thutong ea Thabeng, Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae hore na ba ka rapela joang. Hangata thapelo eo e bitsoa Thapelo ea Morena. (Matheu 6:​9-13; sheba le Luka 11:​2-4.) Ho tloha ka nako eo, thapelo eo e ile ea tsebahala hoo batho ba bangata ba ileng ba e tšoara ka hlooho ’me ba e rapela ka ho pheta-pheta. Na Jesu o ne a batla hore re etse joalo? Ha ho bonahale joalo hobane pele ho moo, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hore ba se ke ba pheta-pheta lithapelo. (Matheu 6:7) Ho e-na le hoo, Jesu o ne a ruta balateli ba hae hore na ba rapele joang le hore na ba rapelle eng. A re boneng hore na re ka ithuta’ng thapelong ena ea mohlala.

“Ntat’a rona ea maholimong”

  • Re lokela ho rapela Molimo feela.

“Lebitso la hao le ke le halaletsoe”

  • Lebitso la Molimo e leng Jehova, le lokela ho hlomphuoa le ho nkoa le halalela.

“Muso oa hao o ke o tle”

  • ’Muso oa Molimo ke ’Muso o leholimong, oo Morena oa ona e leng Jesu ’me haufinyane o tla busa lefatšeng lohle.

“Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong”

  • Thato ea Molimo ke hore batho ba phele lefatšeng ka ho sa feleng, ka khotso ba bile ba sireletsehile.

“Re fe kajeno bohobe ba rona ba letsatsi lena”

  • Jehova ke eena ea re fang lintho tseo re li hlokang e le hore re phele.

“U re tšoarele melato ea rona”

  • Kaofela ha rona re etsa liphoso tse ngata ’me re hloka ho tšoareloa.

Ho hopola lintlha tsena ho tla u thusa hore u rapele ka tsela eo Jehova a tla e amohela.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela