Argentina
Argentina, e pharaletseng ka lik’hilomithara tse ka bang 4 000 ho theohela karolong e ka boroa-bochabela ea Amerika Boroa, ke naha e nang le lintho tse sa tšoaneng ka ho ikhethang. Meeling ea eona ho na le Lithaba tsa Andes tse matsaranka, tse nang le litlhōrō tse bophahamo ba limithara tse fetang 6 000. Ka leboea ho na le meru ea naha e chesang e mongobo moo mangau le li-“tapir” li sollang teng. Metsing a batang haholo thōko ho Tierra del Fuego, ka boroa, ho bapala li-“penguin” le maruarua, ’me maqhubu a nyolohela bophahamong ba limithara tse 30. Lithoteng, li-“gaucho” (ma-“cowboy” a Argentina) tse palameng lipere li lebela metebo e meholo ea likhomo.
Kae kapa kae moo u eang teng naheng ena, u tla fumana Lipaki tsa Jehova. Li fumaneha motseng o mong le o mong o moholo le toropong e ’ngoe le e ’ngoe e khōlō ho pholletsa le naha. Palo ea tsona e feta 120 000, ’me li bolela lithabeng, merung, lithoteng le hohle lebōpong la leoatle. Li fumanoa mehahong e melelele haholo motse-moholo le motsaneng o hōle ka ho fetisisa. Ho se tšoane ha sebōpeho sa naha ena ha hoa nyopisa ho boleloa ha litaba tse molemo—leha e le mekoallo ea setso le puo kapa mathata a moruo. Litaba tse molemo lia boleloa, feela joalokaha Jesu a itse li tla boleloa.—Mar. 13:10.
Sena ha sea iketsahalla feela tjee. Banna le basali ba inehetseng, ba tletseng cheseho le tumelo, ba bontšitse boikemisetso ba ho phatlalatsa molaetsa oa Bibele tlas’a maemo leha e le afe ao ba iphumanang ba le ho ’ona. Ba nkile keletso ea moapostola Pauluse e eang ho Timothea ka botebo: “U bolele lentsoe, u be ho lona ka ho phehella nakong e tšoanelang, nakong e likhathatso.” (2 Tim. 4:2) Leha ho le joalo, ha ba ithorise ka se finyelletsoeng. Ba lemoha hore sena se entsoe feela ka moea oa Jehova.—Zak. 4:6.
Ho Raloa Motheo
Motheo oa mosebetsi o entsoeng mona o raliloe lilemong tse ngata tse fetileng. Tlaleho ea kamoo ’nete e fihlileng kateng likarolong tse hōle ka ho fetisisa naheng ena e matlafatsa tumelo e le ruri. Ka 1923, George Young, ea tsoang Canada, o ile a fihla Amerika Boroa. Ka mor’a ho paka ka ho pharaletseng Brazil, o ile a lebisa tlhokomelo Argentina. Ka mor’a likhoeli tse seng kae, ho ne ho se ho abuoe libuka tse 1 480 le likopi tse 300 000 tsa lingoliloeng tse ling tsa Bibele litoropong tse khōlō le metseng e 25 ea Argentina. Pele a tsoela pele leetong la hae la boromuoa linaheng tse ling tsa Amerika Boroa, o ile a re: “Kamohelo e mofuthu ea Molimo boitekong ba ho phatlalatsa molaetsa oa ’muso e totobetse haholo.”
Ka 1924, J. F. Rutherford, eo ka nako eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower, o ile a abela Lesepanishe le bitsoang Juan Muñiz ho sebeletsa Argentina. Lilemo tse peli hamorao Mor’abo rōna Muñiz o ile a theha ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower, Buenos Aires, bakeng sa ho hlokomela mosebetsi oa boboleli ba ’Muso Argentina, Chile, Paraguay le Uruguay.
Mor’abo rōna Muñiz o ile a hlokomela hore ho na le baahi ba bangata ba buang Sejeremane Argentina, kahoo o ile a kōpa thuso e le hore le bona ba ka utloa litaba tse molemo. Ha a arabela, Mor’abo rōna Rutherford o ile a romela Carlos Ott, mosebeletsi oa nako e tletseng oa Lejeremane, ho thusa sehlopha seo.
Hape ho ne ho e-na le Bagerike ba bangata naheng ena. Ka 1930, Nicolás Argyrós oa Mogerike, o ile a ithuta molaetsa oa Bibele eaba o qala ho bolela ho batho ba makholo ba buang Segerike sebakeng sa Buenos Aires. Hamorao ha Sepanishe sa hae se ntse se ntlafala, o ile a jala peō ea Lentsoe la Molimo liprofinseng tse 14 ho tse 22 tsa Argentina, a lebisa boiteko karolong e ka leboea ea naha.
Hoo e ka bang ka eona nako ena, monna oa Poland, Juan Rebacz, o ile a fetoha e mong oa Lipaki tsa Jehova, ’me a kenela tšebeletso ea nako e tletseng le Paki e ’ngoe ea Poland. Ba e-na le basebeletsi ba bang ba babeli ba nako e tletseng, ba ile ba akaretsa tšimo e karolong e ka boroa ea Argentina.
Tlaleho ea 1930 e bontša hore lingoliloeng tse makholo a likete ha lia ka tsa abuoa feela ka Segerike, Sejeremane le Sepanishe empa hape le ka Searabia, Searmenia, Secroatia, Sefora, Sehungary, Seletti, Selithuania, Senyesemane, Sepolishe, Sepotoketsi, Serussia, Setaliana, Seukraine le Seyiddi.
Kahoo ka lilemo tse supileng feela, mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa o ile oa thehoa har’a baahi ba buang Sepanishe le lipuo tse ling. Ka sebele e ne e le nako e tšoanelang bakeng sa khōlo e tsoelang pele.
Tšimo e Khōlō Hase Tšitiso
Tšimo e neng e lokela ho akaretsoa e ne e le ea tonanahali, e batla e kena hararo ho sebaka sa United States of America. Leha ho le joalo, ho Lipaki, boholo ba eona e ne e se tšitiso ea letho ho phatlalatsoeng ha molaetsa oa ’Muso. Tse ling li ne li tsamaea ka maoto, tse ling ka baesekele, ka terene kapa ka pere le kariki.
Mathoasong a bo-1930, Armando Menazzi, oa profinseng e bohareng ea Córdoba, o ile a kholiseha hore o fumane ’nete. O ile a rekisa lebenkele la hae la ho lokisa likoloi hore a sebeletse e le mosebeletsi oa nako e tletseng. Hamorao o ile a reka bese ea khale eaba o e fetola k’haravene, e leng ho ileng ha nolofalletsa bahoeletsi ba leshome kapa ho feta ho tsamaea hammoho le ho aba litaba tse molemo. Ba ile ba etela bonyane liprofinse tse leshome karolong e ka leboea ea Argentina.
Lilemong tsa bo-1930, Argentina e ne e e-na le tsamaiso e feletseng ka ho fetisisa ea seporo sa terene Latin America, se fetang lik’hilomithara tse 40 000. E ile ea e-ba letlotlo le ikhethang bakeng sa katoloso ea mosebetsi oa boboleli. Bo-pula-maliboho ba bang ba ile ba abeloa ho bolela metsaneng e haufi le seporo sa terene. Ka mohlala, tšimo ea José Reindl e ne e le seporo sohle sa terene se ka Bophirimela, ho tloha Profinseng ea Buenos Aires ka Lebōpong la Leoatle la Atlantic ho ea fihla Profinseng ea Mendoza moeling oa Chile, sebaka se fetang lik’hilomithara tse 1 000!
Lipaki tsa Jehova tse neng li sebetsa seporong sa terene li ile tsa sebelisa monyetla ona ho isa molaetsa oa Bibele libakeng tse hōle tsa Argentina. Epifanio Aguiar, ea ileng a ithuta ’nete profinseng e ka leboea-bochabela ea Santa Fe, o ile a isoa ka leboea Chaco ke k’hamphani ea seporo. O ile a qala ho bolela moo hang-hang. Ha mosebetsi oa hae o hloka hore a tsamaee lik’hilomithara tse 2 000 a ee ka boroa ho Chubut ’me hamorao a khutlele leboea Santiago del Estero, o ile a phatlalatsa molaetsa oa ’Muso liprofinseng tseo.
Morali’abo rōna Rina de Midolini, eo e neng e le pula-maliboho ea chesehang, o ile a paka Médanos, lik’hilomithara tse ka bang 50 ho tloha motseng oa Bahía Blanca. O ne a kena ka tereneng le baesekele ea hae ’me a e sebelisa hamolemo ha a fihla moo a eang teng. Batho ba ne ba mo bitsa ’mè oa Bibele ea palamang baesekele. O ne a tsebahala haholo hoo ka letsatsi le leng ha moqhobi oa terene a hlokomela hore ha a e-s’o fihle bakeng sa hore a khutle ka terene, a ileng a liehisa terene molemong oa hae!
Baromuoa ba Koetlisitsoeng Gileade Baa Fihla
Lipaki tsa pele li ile tsa tsamaea haholo ’me tsa aba lingoliloeng tse ngata, tse bontšang batho tšepo ea ’Muso oa Molimo. Leha ho le joalo, hamorao ho ile ha hlaka hore ho hlokahala thuto e laolehileng ea Bibele le tlhophiso e ntlafalitsoeng. Ka 1945, Nathan H. Knorr, eo ka nako eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower, o ile a etela Argentina ’me a re liphutheho li qale Thuto ea Tšebeletso ea Puso ea Molimo (Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo) ka Sepanishe. Hape o ile a khothalletsa barab’abo rōna ba Argentina ho kenela mosebetsi oa bopula-maliboho le ho ipehela pakane ea ho ba teng Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower.
Ka potlako, batho ba babeli ba Argentina ba ile ba ea Sekolong sa Gileade, ba khutlela Argentina ka 1946. Ka 1948 ba ile ba lateloa ke baromuoa ba tsoang linaheng tse ling. Har’a bona ho ne ho e-na le Charles le Lorene Eisenhower, Viola Eisenhower, Helen Nichols le Helen Wilson ba sehlopha sa pele sa Gileade, haesita le Roberta Miller oa sehlopha sa bone. Hamorao ho ile ha fihla Sophie Soviak, Edith Morgan, Ethel Tischhauser, Mary Helmbrecht le ba bang ba bangata. Ho theosa le lilemo, ho rometsoe baromuoa ba 78 Argentina. Moea oa bona oa boevangeli o khothalitse Lipaki tsa sebaka sena hore li ba etsise. Le hoja ho ne ho e-na le bo-pula-maliboho ba 20 naheng eohle ka 1940, ka 1960 palo ena e ne e eketsehile ho ea ho 382. Kajeno ho na le bo-pula-maliboho ba fetang 15 000 Argentina.
Ho Sebetsana ka Katleho le Linako Tse Likhathatso
Ka lilemo tse ngata nako ea ho bolela Argentina e ne e le nako e tšoanelang. Leha ho le joalo, joalokaha Jesu a boletse esale pele, hase bohle ba neng ba tla amohela mosebetsi oa balateli ba hae. (Joh. 15:20) Kahoo, ha Mor’abo rōna Knorr a etela Argentina ka 1949, ka tšohanyetso mapolesa a ile a hlakola tumello ea ho bokana holong e ntle haholo Buenos Aires. Ho e-na le hoo, kopano e ile ea tšoareloa Holong ea ’Muso, empa ho ne ho e-na le litšitiso. Ka 4:40 thapama ka Sontaha, mapolesa a ile a emisa puo ea Mor’abo rōna Knorr ’me a mo tšoara hammoho le ba neng ba le teng. Mapolesa ha aa ka a fana ka mabaka a ho ba tšoara. Ba boholong ba ile ba emisa barab’abo rōna ka lihora tse ngata lebaleng le leholo ho fihlela ka meso letsatsing le hlahlamang. Eaba baa lokolloa.
Ka ho hlakileng, moea oa khanyetso o ne o qalile ho foka khahlanong le barapeli ba Jehova Argentina. Hona selemong seo, ka lebaka la tšusumetso ea Kereke ea Roma e K’hatholike, ho ile ha ntšoa molao o bueletsoeng empa o e-s’o tiisoe, o batlang hore lihlopha tsohle tsa bolumeli li ingolise ho Lefapha la Borapeli Lefapheng la Tsa ka Ntle. Selemong se latelang ’muso o tlas’a Juan Domingo Perón o ile oa thibela mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova ka molao Argentina. Molao-taelo oo o ne o thibela liboka tsa phatlalatsa tsa Lipaki tsa Jehova haesita le mosebetsi oa tsona oa boboleli. Leha ho le joalo, ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower ha ea ka ea koaloa.
Ka kakaretso, ba boholong ba ile ba lumella Lipaki ho tsoela pele ka mosebetsi oa tsona ho se bothata bo bokaalo. Leha ho le joalo, hangata ba boholong ’musong ba ne ba tiisa thibelo ka ho hlakola kopano kapa ka ho koala Holo ea ’Muso. Ka linako tse ling, Lipaki li ne li boela li tšoaroa le ho hobosoa ha li tšoara liboka malapeng kapa ha li kopanela tšebeletsong ea tsona ea phatlalatsa.
Ka lebaka leo, Lipaki li ile tsa leka ‘ho ba seli joaloka linoha.’ (Mat. 10:16) Ha li pakela ba bang, li ne li sebelisa Bibele feela. Liphutheho li ne li hlophisitsoe ka lihlopha tse nyenyane tsa bahoeletsi ba 8 ho ea ho ba 12. Ka lilemo tse seng kae tsa pele tsa thibelo, libaka tsa liboka li ne li fetoloa nako le nako. Barab’abo rōna ba ne ba fumana libaka tse patehileng tseo ba ka bokanang ho tsona—ebang ke moo ho hameloang teng, mohahong o ruletsoeng ka joang, kichineng ea polasi esita le tlas’a sefate. Ntho ea bohlokoa e ne e le ho bokana.—Baheb. 10:24, 25.
E le ho khothatsa barab’abo rōna, ka 1953 Mor’abo rōna Knorr o ile a boela a etela Argentina hammoho le Milton Henschel. Ka lebaka la thibelo, ba ne ba ke ke ba tšoara kopano e khōlō, kaha e ne e tla mema tlhokomelo ea sechaba. Leha ho le joalo, ba ile ba hlophisa se neng se bitsoa kopano ea naha eohle. Mor’abo rōna Knorr o ile a ea Mendoza ka sefofane a tsoa Chile, ’me Mor’abo rōna Henschel a kena ka har’a naha a tsoa Paraguay. Ba tsamaea ka litsela tse fapaneng, ba ile ba bua “likopanong” tse neng li tšoaretsoe libakeng tsa hona moo tse 56. Tse ling tsa lipokano tsena li ne li tšoaretsoe ka ntle lipolasing tsa Lipaki tsa sebakeng sena. Bara bana babo rōna ba babeli ba ile ba etela Lipaki tse kopanong Buenos Aires, ba tšoarela sehlopha ka seng seboka sa lihora tse peli. Ka letsatsi le le leng, ho ile ha tšoaroa liboka tse joalo tse robong. Ka kakaretso, ho bile teng ba 2 505 kopanong ena e fapaneng haholo le tse ling.
Thibelo ea Fokotseha
Ha ’muso oa sesole oa Juan Perón o lihuoa ka 1955, ho ile ha thehoa lihlopha tse khōloanyane. Moo liphutheho li nang le Holo ea ’Muso, barab’abo rōna ba ne ba khothalletsoa ho bokana teng, le hoja ba ne ba sa behe letšoao le e tsebahatsang hore ke Holo ea ’Muso. Ka tlhohonolofatso ea Jehova, butle-butle liphutheho li ile tsa eketseha ka palo le ka boholo ho sa tsotellehe ho hobosoa ke ba boholong ka linako tse itseng.
Ka 1956 lekala le ile la etsa qeto ea ho tšoara likopano tse nyenyane likarolong tse sa tšoaneng tsa naha. Ea pele e ne e le motseng oa La Plata, lik’hilomithara tse ka bang 60 ho tloha Buenos Aires. Ba 300 ba neng ba le teng ba ile ba thatafalloa ho bina pina ea pele—“Lōna Ba-lichaba, Le Nyakalle!” Ba ne ba batla ho lla. E ne e le lekhetlo la pele ka lilemo tse tšeletseng ba khona ho kopana le balumeli-’moho ba bangata hakaalo ’me ba bina hammoho.
Leha ho le joalo, thibelo e ne e ntse e sebetsa. Ha ho etsoa boiteko ba ho tšoara kopano ea sechaba holong ea Les Ambassadeurs, Buenos Aires ka December 1957, mapolesa a ile a koala holo ha ba tlileng kopanong ba fihla. Barab’abo rōna ba bane ba ile ba tšoaroa ke mapolesa ’me ba qosoa ka ho tšoara seboka kantle ho tumello ea mapolesa.
Kaha Molao-motheo oa Argentina o fana ka tokoloho ea bolumeli le ea ho kopana, barab’abo rōna ba ile ba isa taba ena lekhotleng. Ka la 14 March, 1958, ho ile ha etsoa qeto e emelang Lipaki! Ena e bile tlhōlo ea pele ea molao ea Lipaki tsa Jehova Argentina.
’Muso o ile oa boela oa fetoha ka 1958. Joale ho ne ho bonahala eka ho ka ’na ha fumanoa tumello ea molao bakeng sa mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova Argentina. Lengolo le khethehileng le hlalosang mesebetsi ea Lipaki tsa Jehova le boemo ba tsona Argentina le ile la romeloa ho litho tsohle tsa ba etsang molao, bahlophisi, litho tsa senate le baahloli. Le hoja ho ile ha fanoa ka bopaki bo botle, ha hoa ka ha fanoa ka tumello ea molao.
Lipaki ha lia ka tsa tela. Selemong se hlahlamang ho ile ha ngoloa kōpo ea tokoloho ea bolumeli eaba e isoa ’musong. E ne e saennoe ke batho ba 322 636. Charles Eisenhower, joaloka moemeli oa lekala, o ile a etela ba boholong ’musong. Ho ne ho e-na le mangolo a fetang 7 000 a tsoang linaheng tse ling a neng a kōpa tumello ea molao. Empa ha hoa ka ha fanoa ka tumello ea molao. Leha ho le joalo, boikutlo ba ’muso ka Lipaki bo ile ba nolofala haholo. Ka lebaka leo, barab’abo rōna ba ile ba sebelisa hamolemo nako e tšoanelang ka ho eketsehileng bakeng sa ho matlafatsa liphutheho moeeng.
Ka 1961 ho ile ha hlophisoa Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso bakeng sa ho koetlisa balebeli ba tsamaeang esita le balebeli ba liphutheho. Qalong, thupelo ea khoeli e ile ea tšoareloa ho e ’ngoe ea Liholo tsa ’Muso bohareng ba Buenos Aires. Hamorao, sekolo se ile sa isoa ofising ea lekala. Kaha ho ne ho e-na le balebeli ba eketsehileng ba tšoanelehang ho hlokomela mohlape oa Molimo, palo ea bahoeletsi le bo-pula-maliboho e ile ea eketseha selemo le selemo lilemong tsa bo-1960, ea fihla tlhōrōng ea bahoeletsi ba 18 763 le bo-pula-maliboho ba 1 299 ka 1970.
Katoloso ea Lekala
Keketseho palong ea bahoeletsi ba ’Muso Argentina e ile ea hloka hore ho atolosoe ofisi ea lekala. Ho tloha ka 1940, ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower e ne e le 5646 Honduras Street, Buenos Aires. Mohaho oo o ile oa heletsoa, ’me ka October 1962 mohaho o mocha le o moholoanyane, o hahiloeng hona setšeng sena, o ne o se o loketse hore batho ba lule ho oona.
Ho elella mafelong a bo-1960, lekala le ile la boela la e-ba lenyenyane haholo ka lebaka la keketseho e neng e le teng. Ho ile ha rekoa setša se ka mor’a mohaho oa lekala, ’me Lipaki tsa sebakeng sena li ile tsa haha mohaho o mocha oa bolulo le ofisi. Ho phaella moo, ho ile ha rekoa mohaho Fitz Roy Street, haufi le mohaho oa khale oa lekala le setša se secha. Ho heletsoa ha mohaho oa khale oa lekala ho ile ha qala ka October 1970, ’me Lipaki tsa sebaka sena tse nang le tsebo ea ho haha li ile tsa etsa karolo e khōlō ea basebetsi. Basebetsi ba lekaleng ba ile ba ea thusa ka mor’a lihora tsa bona tse tloaelehileng tsa mosebetsi. Ka mafelo-beke, Lipaki tsa Jehova liphuthehong tse haufi li ile tsa ikopanya le bona.
Qetellong, ho ile ha kopanngoa mehaho e meraro, ea etsoa mohaho o le mong. F. W. Franz, eo ka nako eo e neng e le motlatsi oa mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower, o ile a fana ka puo ea nehelo ka October 1974. Barab’abo rōna ba Argentina ba ne ba nahana hore ka sebele mohaho o felileng oa lekala o ne o tla finyella litlhoko tsa tšimo ho fihlela ka Armagedone. Ba ne ba sa hlokomele hore sena e ne e mpa e le qalo feela.
Hona selemong seo lekala le nehetsoeng ka sona, Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova se ile sa etsa qeto ea hore Molula-Qhooa le Tsoha! li lokela ho hatisoa sebakeng sena. Kaha Lipaki tsa Jehova ka nako eo li ne li sa lumelloa ka molao e le bolumeli Argentina, Mokhatlo oa Ntlafatso ea Mekhoa ea Bophelo oa River Plate (Asociación Cultural Rioplatense) o ile oa thehoa ka December 1974 bakeng sa ho fana ka boemeli ba molao bo ka kenyang mechine ea khatiso ka har’a naha. Mochine oa khatiso o ne o tsoa Fora, mochine o sehang pampiri o ne o tsoa Jeremane, ’me mochine o kopanyang maqephe o ne o tsoa United States. Kaofela ha eona e ne e le limpho.
Leha ho le joalo, basebetsi ba mechine ea khatiso ba ile ba hlokomela ka potlako hore ho ba le mechine ho fapane haholo le ho e sebelisa. Le hoja ba ne ba lokela ho hlōla mathata a mangata, ba ile ba thaba hakaakang ha Molula-Qhooa oa April 15, 1975, o hatisoa mochineng oa pele oa web offset o neng o e-s’o ka o sebelisoa ke Mokhatlo oa Watch Tower kae kapa kae lefatšeng! Bona e bile bohato ba bohlokoa historing ea khatiso e etsoang ke Lipaki tsa Jehova.
Likopano Tsa Machaba Tsa “Tlhōlo ea Bomolimo”
Mathoasong a 1974, Lipaki tsa Jehova Argentina li ile tsa thabela likopano tsa machaba tse ileng tsa tšoareloa Río Ceballos le Buenos Aires, tse nang le sehlooho sa “Tlhōlo ea Bomolimo.” Ho bile teng ba 15 000 likopanong tseo.
Litokisetso bakeng sa bolulo bo lekaneng baeti ba bangata hakaalo li ile tsa qala likhoeli tse ngata esale pele. Batho ba bangata bao e seng Lipaki ba ile ba amohela baeti ba tlileng kopanong, ba ileng ba fana ka bopaki bo botle ba ho bontša lerato, eseng feela “ka lentsoe” empa le “ka ketso.” (1 Joh. 3:18) Ba boholong ba ile ba lumela hore ho sebelisoe lebala le leholo leo ho lona ho ileng ha etsoa motse oa litente o nang le litente tse entseng mela e makhethe le lik’haravene, o nang le literata tse rehiloeng mabitso a hlahang ka Mangolong. Sena sohle se bile le phello e ntle motseng.
Tšokelo ea Atamela
Le hoja barab’abo rōna ba ne ba thabetse tokoloho e eketsehileng ea borapeli, linako tse likhathatso li ne li larile ka pele. Ka June 1973, Juan Perón o ne a se a khutlile ka mor’a ho qeta lilemo tse fetang 17 a lelekiloe ka har’a naha ’me e ne e le mopresidente. Lintoa tsa likhukhuni pakeng tsa lihlopha tse tšehetsang Perón le tse sa mo tšehetseng li ne li tsekolla naha. Pefo ea lipolotiki e ile ea ipha matla, ’me ka la 24 March, 1976, masole a ile a qala ho laola ’muso.
’Muso oa masole o ile oa qhala Lekhotla la Sechaba ’me oa qala phutuho ea ho felisa majela-thōko. The World Book Encyclopedia ea hlalosa: “Ka ho etsa sena, o ile oa hatakela litokelo tsa batho ba bangata. Ba bangata ba ile ba koalloa chankaneng ntle ho nyeoe, ba hlokofatsoa ’me ba bolaoa. Bahlaseluoa ba bangata ba bona ha ba e-s’o fumanoe. Ba bitsoa los desaparecidos (ba jeloeng ke ha-re-tsebe).” Mapolesa a ile a beha mesebetsi ea baahi leihlo ka ho eketsehileng. Le hoja Lipaki tsa Jehova li ile tsa boloka boemo ba tsona ba ho se nke lehlakore har’a pherekano ea lipolotiki, ka July 1976 makasine ea Gente e ile ea hatisa sehlooho se nang le litšoantšo tsa bana, bao ho thoeng ke Lipaki tsa Jehova, ba furaletse folakha. E ne e le ho sotha ’nete hakaakang! Bana ba bane ba Lipaki sebakeng sena ba ne ba bile ba sa ea sekolong ka letsatsi leo ho neng ho thoe setšoantšo se nkiloe ka lona. Ho feta moo, Lipaki tsa Jehova ha li hlompholle matšoao a sechaba joalo. Leha ho le joalo, ka mashano a joalo, ba bangata ba ile ba qala ho hloea Lipaki.
Ka ho hlakileng, moferefere o teng sechabeng o ile oa etsa hore ’muso o tšosoe ke letšoao leha e le lefe la bohanyetsi. Ka nako ena, Carlos Ferencia, eo e neng e le molebeli ea tsamaeang, o ne a etela phutheho sebakeng se kotsi haholo. O ne a sa tsoa amohela lengolo le tsoang ofising ea lekala le mo tsebisang ka thibelo e atamelang ea mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova Argentina. Ha Carlos a ntse a tsamaea ’me a nahana ka lengolo lena, o ile a fetoa ke koloi, e ileng ea khutla, ’me ea tla e mo tobile. Ho ile ha theoha banna ba bararo ba ileng ba mo supa ka lithunya. Monna e mong ka bohale o ile a batla ho bona karete ea hae ea boitsebahatso. Carlos o ile a hlalosa hore ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, ba ile ba mo isa sepoleseng. O ile a rapela Jehova hore ba se ke ba fumana lengolo leo.
Mapolesa a ile a isa Carlos kamoreng e fifetseng eaba a mo khantša sefahlehong, ’me le leng la ’ona la hoeletsa: “U kentse’ng ka mokotleng oo?” A ile a tšollela mokotla oa hae tafoleng—ha tsoa Bibele, limakasine tse itseng le lengolo!
Le leng la mapolesa le ile la hooa: “Molula-Qhooa! Molula-Qhooa! Bohlaba-phieo, bohlaba-phieo!”
Empa ofisiri e ikarabellang e ile ea le khalemela: “Ak’u thōle uena. U qala ho bona Molula-Qhooa, sephoqo tooe?”
Ho sa le joalo, Carlos o ne a leka ho khutsa le ho bontša tlhompho. Ha mapolesa a qeta ho hlahloba lingoliloeng, a ile a mo laela hore a khutlisetse lintho tsohle ka mokotleng. Leha ho le joalo, ofisiri e ’ngoe e ile ea kenella ’me ea re: “Enfelopo eo e tšetse’ng?”
Carlos o ile a neha ofisiri enfelopo e tšetseng lengolo la Mokhatlo, a leta ka metsotsoana, eaba oa botsa: “Na nka bua ho hong, ka kōpo?”
Ofisiri e ile ea arabela ka ho re: “E,” eaba e tlosa mahlo lengolong.
Carlos o ile a tsoela pele: “Ke lumela hore u labalabela tšireletseho ea sechaba.” Sena se ile sa hapa tlhokomelo ea ofisiri. Joale Carlos o ile a mo bontša ka Bibeleng hore boemo bo teng hona joale bo phethahatsa boprofeta ba Bibele.
Ha a qeta, ofisiri e ile ea re: “Ke lumellana le uena, oeso.” Eaba e khutlisa lengolo e sa le bala.
Thibelo Mosebetsing o Seng o Ntse o Thibetsoe
Ofisi ea lekala e ile ea tseba joang hore thibelo e ne e atametse? Bofelong ba August 1976, mapolesa a ’muso a ne a ile a hlasela lekala la Mokhatlo. Ofisiri e ikarabellang e ile ea bolela hore ho na le litlaleho tsa hore lekala le boloka lithunya. Humberto Cairo, eo ka nako eo e neng e le setho sa Komiti ea Lekala, o ile a a felehetsa ho ea sebakeng seo lingoliloeng li bolokoang ho sona. Ho hlakile hore ho ne ho se lithunya. Lithunya tse teng feela e ne e le tseo mapolesa a neng a supile Humberto ka tsona! Mapolesa a ile a mo isa mokatong oa bobeli ofising ea Mor’abo rōna Eisenhower, mohokahanyi oa Komiti ea Lekala. Ha ba le moo ofisiri eo e ile ea ngola tlaleho ea liphello tsa ho phenyekolla ho entsoeng ’me ea re barab’abo rōna ba e saene. Joale ea ba bolella hore ’muso o ntse o ngola molao-taelo ka Lipaki tsa Jehova. Hang-hang, Komiti ea Lekala e ile ea ngola lengolo le bolellang balebeli ba tsamaeang hore ba itokisetse thibelo.
Empa mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova Argentina o ne o thibetsoe ho tloha ka 1950. Na ho ne ho ka etsahala hore ho thibeloe mosebetsi o seng o ntse o thibetsoe? Karabo e ile ea fihla ka potlako. Tomás Kardos, setho sa Komiti ea Lekala, o sa hopola se ileng sa etsahala ka la 7 September, 1976, letsatsi leo thibelo e ncha e entsoeng ka lona. “Re ile ra tsosoa ke lerata seterateng ka hora ea bohlano hoseng. Khanya e khubelu e halimang e ile ea phunyelletsa likhareteneng. Mosali oa ka o ile a tsoha kapele, a sheba le fensetereng, a retelehela ho ’na, ’me a re feela: ‘Ba se ba fihlile.’”
Banna ba bane ba hlometseng haholo ba ile ba theoha koloing ea paterole. Kapele-pele ho ile ha behoa balebeli liofising le fekthering. Mor’abo rōna Kardos o tsoela pele: “Re ile ra ipotsa hore na ebe joaloka tloaelo re tla khona ho tšoara temana ea letsatsi le ho ja lijo tsa hoseng. Liofisiri ha lia ka tsa hana. Kahoo, hoseng hoo re ile ra buisana ka temana ea Bibele ha lepolesa le hlometseng le lebetse monyako ’me le leng le lutse ka tlhompho tafoleng. Kaofela ha rōna re ne re ipotsa, ‘Ebe ho tlil’o etsahala’ng ka mor’a moo?’”
Molao-taelo o ngotsoeng ka la 31 August, 1976, o ne o thibela mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova naheng eohle—ha e le hantle, o ne o thibela mosebetsi o neng o se o ntse o thibetsoe ho tloha ka 1950. Mapolesa a ile a notlela ofisi ea lekala le setsi sa khatiso. Nakoana ka mor’a moo, Liholo tsohle tsa ’Muso naheng ena li ile tsa koaloa.
Ho sa tsotellehe boemo bona, barab’abo rōna ba ne ba ikemiselitse ho etsisa mohlala oa baapostola ba Jesu ka ho utloa Molimo e le ’musi ho e-na le batho. (Lik. 5:29) Lipaki tsa Argentina li ile tsa tsoela pele ho bolela molaetsa oa Bibele “nakong e likhathatso.”—2 Tim. 4:2.
Ho Hlōla Mathata
Kaha ofisi ea lekala e ne e koetsoe ka molao, Komiti ea Lekala e ile ea etsa qeto ea ho fallisa liofisi le setsi sa khatiso. Humberto Cairo o ile a lokela ho fetola sebaka sa ofisi ea hae khafetsa—hoo e ka bang khoeli le khoeli—a sebetsa lifoleteng, likhoebong, malapeng kapa liofising tsa balumeli-’moho le eena. Charles Eisenhower o kile a sebetsa lebenkeleng la veine la mor’abo rōna. Komiti ea Lekala e ne e tšoarela liboka tsa eona likaracheng tse setsing sa khoebo Buenos Aires.
Sebaka sa bolulo sa lelapa la Bethele se ne se sa koaloa, kahoo basebetsi ba lekaleng ba ne ba ja ba bile ba robala Lehaeng la Bethele ’me ba buisana ka temana ea letsatsi hammoho e le lelapa. Joale ba ne ba e-ea libakeng tsa bona tse fapaneng tseo ba sebetsang ho tsona. Bao liofisi tsa bona li neng li le haufi ba ne ba khutlela Bethele ’me ba ja lijo tsa motšehare le litho tsa lelapa tse neng li hlokomela lehae.
Mapolesa a ne a belaella mosebetsi oa ba lulang Bethele. Ka makhetlo a mangata, lelapa lohle la Bethele la batho ba ka bang leshome le ile la isoa sepoleseng ho ea hlongoa lipotso. Mapolesa a ne a batla ho tseba sohle ka mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova Argentina. Liphutheho tse sebakeng sena li ne li hlokomeloa ke bo-mang, hona ba ne ba lula hokae? Mor’abo rōna Eisenhower o sa hopola ka ho hlaka linako tse joalo: “Re ne re lokela ho bua ’nete empa re sa behe mosebetsi kapa barab’abo rōna kotsing. Ho ne ho le thata haholo kaha ba boholong ba ne ba botsa ka mokhoa o phehellang.”
“Emisang Tee”
Nakoana pele ho etsoa thibelo ea 1976, Mokhatlo o ne o lokiselitse kabo ea lefatše lohle ea tokollo e khethehileng ea Kingdom News. Ho ne ho tla etsoa joang haeba ’muso o etsa thibelo e eketsehileng mosebetsing oa Lipaki tsa Jehova? Pablo Giusti, eo ka nako eo e neng e le molebeli ea tsamaeang, o sa hopola: “Kaha re ne re se na karabo, re ile ra lokela ho botsa lekaleng. Haeba lekala le bona ho le bohlale ho khutlisetsa phutuho morao, baholo ba ne ba tla amohela thelekramo e nang le molaetsa o reng, ‘Emisang tee.’ Re ne re sa tsebe kamoo taelo ena e neng e tla utloisisoa hampe kateng!”
Hang ha molao-taelo oa ’muso o kene tšebetsong, Mor’abo rōna le Morali’abo rōna Giusti ba ile ba etela Phutheho ea Malargüe ka lekhetlo la pele. E ne e le ka boroa ho Mendoza, moo setsi sa mapolesa a moeli se neng se le hona teng. Ba ha Giusti ba ne ba e-na le aterese feela ea moholo ea neng a lula a bile a sebetsa mohahong oa National Highway Service ka thōko ho toropo. Moholo o ne a le sieo, empa mosebetsi e mong o ile a bolela hore mohlomong o morung o haufinyane, moo hangata a neng a ikoetlisetsa teng. Ha ba theohela tselaneng, Mor’abo rōna Giusti o ile a bona kamoo tselana ena e neng e arohile kateng hape e sa sebelisoe haholo. O ile a hlokomela hore e ne e le sebaka se phethahetseng bakeng sa ho bokana ntle le ho tsosa libata masene. Kaha e ne e le Sontaha, o ile a ipotsa hore na ebe o tla fumana phutheho e bokane. Leha ho le joalo, mor’abo rōna o ne a le mong, a ntse a ikoetlisa. Ba ha Giusti ba ne ba letetsoe ke ntho e tla ba makatsa haholo!
Ha ba qeta ho tsebana, Pablo o ile a botsa ka phutheho. Mor’abo rōna o ile a re: “Rōna mona Malargüe re emisitse ntho e ’ngoe le e ’ngoe.”
Pablo o ile a araba: “U bolela’ng ha u re ntho e ’ngoe le e ’ngoe?”
Karabo e ile ea e-ba e tobileng le e bonolo: “Re amohetse thelekramo e reng ‘Emisang tee,’ kahoo re emisitse liboka, boboleli . . . ntho e ’ngoe le e ’ngoe.” Ka lehlohonolo, ke eona feela phutheho e ileng ea etsa sena.
Liketelo Tsa Lehlaphahlapha
Ha lekala le koaloa, litho tsa Komiti ea Lekala li ile tsa kopana le balebeli ba tsamaeang ho ba fa litaelo tsa kamoo ba ka ntšetsang mosebetsi oa bona pele kateng. Ba ile ba bolelloa hore ba batle mosebetsi oa boipheliso oa nakoana ’me ba be le aterese e tsitsitseng ho fokotsa pelaelo e teng ka mesebetsi ea bona. Ba bangata ba bona ba ne ba rekisa lihlahisoa tse sa tšoaneng hoseng ebe joale ba sebeletsa liphutheho thapama.
Balebeli ba potoloho ba ne ba etela lipotoloho tsa bona ka lehlaphahlapha ba fana ka litaelo tse tsoang lekaleng. Ka beke e le ’ngoe feela, ho ne ho eteloa baholo ba potolohong ka ’ngoe ea liphutheho tse ka bang 20. Balebeli ba potoloho ne ba fana ka litaelo tsa kamoo ho ka tšoaroang liboka kateng le kamoo ho ka pakoang kateng ka lebaka la maemo a fetohileng. Hape baholo ba ne ba bolelloa hore ketelo ea molebeli oa potoloho e ke ke ea nka beke kaofela empa e tla itšetleha ka palo ea lihlopha tsa thuto ea buka phuthehong. Liboka li ne li tla tšoareloa malapeng, ’me sehlopha ka seng se be le ketelo ea letsatsi le le leng.
Nakong ea thibelo, balebeli ba potoloho ba ile ba phetha karolo ea bohlokoa ho etsa hore bahoeletsi ba buisane le Komiti ea Lekala. Mario Menna, ea neng a sebeletsa e le molebeli oa potoloho nakong ea thibelo, o sa hopola: “E ne e le tokelo ea sebele ho sebeletsa liphutheho le ho tšelisa barab’abo rōna lilemong tseo. Re ile ra leka ho ba khothatsa ka ho ba abela mananeo a rekotiloeng a kopano, lingoliloeng tse ncha tseo re li fumaneng linaheng tsa boahelani kapa liphihlelo tse hahang.”
Baromuoa ba ne ba Tla Etsa Joang?
Moferefere sechabeng o ne o mpefala. Kaha basele ba ne ba sa batloe, baromuoa ba ile ba fuoa monyetla oa hore ba amohele likabelo tse ling. Ba bang ba ile ba amohela memo eo ’me ba sebeletsa ka botšepehi likabelong tsa bona tse ncha.
Ba bang ba ile ba sala Argentina. Mary Helmbrecht, oa sehlopha sa bo13 sa Gileade, o ne a sebeletsa Rosario, Santa Fe. Hoseng hoo thibelo e entsoeng ka hona, o ile a ea ntlong e ’ngoe ’me a kokota. E ne e le hoseng ho futhumetse e le lehlabula, ’me monyako o ne o butsoe. Seea-le-moea se ne se tlatsitse lerata. Ka tšohanyetso Mary o ile a utloa litaba tse bolelang hore mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o thibetsoe Argentina kaofela! Mary o re: “Ha mosali enoa a fihla monyako, ke ile ka itšoara eaba ke mo pakela joaloka kamehla. Re ile ra tsoela pele ho paka hoseng hohle joalokaha ho ne ho reriloe. Re ne re ikutloa hore moo re leng teng ho ne ho se mathata a makaalo, kahoo ra etsa qeto ea ho sala. Re ile ra leboha hore ebe re setse. Ba leng liphuthehong ba neng ba tšohile haholo hore ba ka bolela ba ile ba bona hore ha re etsahalloe ke letho, kahoo hang-hang ba ile ba ikopanya le rōna.”—1 Bathes. 5:11.
Matlotlo a Patiloeng
Lipaki tsa sebaka sena li ile tsa bontša sebete le bohlale linakong tsena tse sa tšoaneleng. Robert Nieto o re: “’Maseterata ea mosa o ile a re lemosa hore Liholo tsa ’Muso li ne li tlil’o koaloa le hore lingoliloeng li ne li tlil’o nkoa ka mahahapa. Hang-hang re ile ra ea Holong ea rōna ea ’Muso ka likoloi tse peli ho ea nka lingoliloeng tse ngata tse neng li le moo. Ha re qeta ho tloha, ho ile ha fihla mapolesa le masole bakeng sa ho tla phetha taelo ea ho koala Holo ea ’Muso le ho nka lingoliloeng ka mahahapa. Leha ho le joalo, a ne a ka phetha karolo ea pele feela ea thōmo ea ’ona, kaha libuka feela tse neng li setse holong e le tse neng li le ka laebrari.”
Sebakeng se seng, ka masene baholo ba phutheho ba ile ba kena Holong ea bona ea ’Muso bosiu ’me ba ntša lingoliloeng ka lenyele. Hamorao, ba ile ba li etsa liphasele tse nyenyane eaba ba li abela barab’abo rōna.
Tucumán, Nérida de Luna o ile a pata lingoliloeng lapeng la hae. O re: “Re ile ra pata libuka ka har’a lipitsana tsa lipalesa le meqomo e menyenyane, ’me ka holim’a tsona ra kenya lipalesa tsa maiketsetso, eaba re pata mabokose a lingoliloeng kamoreng ea ho hlatsoetsa. Hoseng ho hong, masole a mabeli a ile a phenyekolla ntlo eohle ho kopanyelletsa le sebaka seo ho hlatsoetsoang ho sona ha re ntse re eme haufi re rapela ka matla. Ha aa ka a fumana letho.”
Ho Fana ka Lijo Tsa Moea
Ho hlakile hore lingoliloeng leha e le life tseo barab’abo rōna sebakeng sena ba neng ba ka li fumana ’me ba li pata, li ile tsa fela ka potlako. Leha ho le joalo, Jehova o ile a tsoela pele ho ba fa lijo tsa moea. Le hoja setsi sa khatiso se Fitz Roy Street se ne se koetsoe, khatiso e ’nile ea tsoela pele libakeng tse ling Buenos Aires. Limakasine li ile tsa boela tsa hatisoa liprofinseng tsa Santa Fe le Córdoba. Maqephe a hatisitsoeng a ne a romeloa libakeng tse ling hore a kopanngoe. Qalong, liphutheho li ne li amohela makasine e le ’ngoe feela bakeng sa sehlopha sa thuto, empa hamorao palo ea tsona e ile ea eketsoa hore makasine e le ’ngoe e fuoe mohoeletsi ka mong. Se seng sa litsi tsena tsa khatiso se ne se le kamoreng e marulelong literateng tse peli feela ho tloha liofising tsa mopresidente.
Rubén Carlucci, ea ileng a kopanela ho hatisoeng le ho romeloeng ha lingoliloeng nakong ea thibelo, o sa hopola lekhetlo leo ka lona mong’a ntlo eo ho neng ho hatisetsoa ho eona a ileng a tla ho tla ba lemosa hore sepolesa sa masole se ne se phenyekolla ka ntlo le ntlo. Kapele-pele, barab’abo rōna ba ile ba emisa khatiso eaba ka potlako ba laela ntho e ’ngoe le e ’ngoe terakeng ntle ho mochine o hatisang. Rubén o sa hopola: “Letšolo lena le ne le le leholo hoo re neng re lika-likelitsoe ’me re sa khone ho tloha sebakeng sena. Re ile ra bona lebenkele la lijo haufi, ra kena, eaba re emela hore ho phenyekolla ho khaotse. Re ile ra tlameha ho leta lihora tse ’nè, empa re ile ra thuseha, kaha barab’abo rōna ba ile ba amohela lingoliloeng tsa bona tsa bohlokoa.”
“Pepita ’Masethunya”
Ka nakoana Molula-Qhooa le Tsoha! li ne li kopanngoa mohahong o ntseng o hahuoa motse-moholo. Qalong mohaho ona o ne o reretsoe ho ba Holo ea ’Muso. Luisa Fernández, eo e neng e bile setho sa lelapa la Bethele ka nako e telele, o ne a e-na le karolo mosebetsing ona. Hoseng ho hong, ha Luisa le basebetsi-’moho le eena ba qala mosebetsi, motho e mong o ile a kokota monyako. E ne e le ofisiri ea sepolesa! E ile ea ba bolella hore baahelani ba ipelaelitse ka lebaka la lerata la mechine. Luisa o re: “Sena se ne se utloahala, kaha mochine o kopanyang maqephe o ne o le lerata hoo re neng re o rehile Pepita la Pistolera (Pepita ’masethunya).”
Hona nakong eo, setho sa Komiti ea Lekala se ile sa fihla eaba se hlalosa seo re se etsang. Ofisiri e ile ea re: “Haeba ho tla be ho se motho mona ha ke khutla motšehare oa mantsiboea, e tla ba ha kea bona letho.” Hang-hang barab’abo rōna ba ile ba qala ho laela ntho e ’ngoe le e ’ngoe literakeng. Ka lihora tse peli, ho ne ho se leha e le mohlala feela oa mosebetsi oa ho etsa limakasine.
Ba ile ba isa mechine hokae? Le hoja setsi sa khatiso lekaleng se ne se koetsoe, ho ne ho le bonolo ho kena mohahong ka monyako o ka morao. Luisa le ba bang ba ile ba kenya ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka har’a setsi sa khale sa khatiso sa Bethele ’me ba tsoela pele ho kopanya limakasine teng ba sa bonoe!
Li Feta Fektheri ea Likuku
Bakeng sa ho hlahisa limakasine le ho li aba naheng eohle ea Argentina, ho ne ho hlokahala hore le likarolong tse ling tsa naha ho thehoe libaka tsa ho kopanya limakasine. Leonilda Martineli, eo e bileng pula-maliboho ea khethehileng ho tloha ka 1957, o ile a nka karolo mosebetsing o joalo Rosario. Ha boitsebiso bo hatisitsoeng bo fihla bo tlil’o kopanngoa, bara le barali babo rōna ba abetsoeng sena ba ile ba beha tafole e telele eo ho eona ba ileng ba beha maqephe ka tatellano. Joale mosebetsi ka mong a qala ntlheng e ’ngoe, o ne a qala ho bokella maqephe ho fihlela a fihla ntlheng e ’ngoe. Ha ho bokeletsoe qubu ea limakasine tse felileng, e ne e tlameha ho penngoa e le ho ntša moea o pakeng tsa maqephe ho tle ho kenngoe limakasine tse eketsehileng ka lebokoseng. Kaha ho ne ho se mochine o ka etsang sena, morali’abo rōna ea nonneng o ile a ithaopela ho etsa mosebetsi ona. Ha qubu e khōlō e lokile, o ne a e lula holimo ho fihlela e tsoile moea ’me e sa kokomoha. Joale e mong o ne a paka limakasine tseo hantle ka mabokoseng. Mokhoa ona o ne o sebetsa hantle hoo basebetsi ba ileng ba khothalletsa morali’abo rōna hore a se ke a theola boima ba ’mele!
Motseng oa Santa Fe, lelapa la ha Gaitán le ile la nehelana ka ntlo ea lona bakeng sa hore limakasine li kopanngoe ho eona. Ho sa tsotellehe ho ela lintho hloko, baahelani ba ile ba bona mabokose a tsoa a kena ka tlung. Ba ile ba nahana hore lelapa lena le etsa likuku. Hamorao ka 1979, lekala le ile la tlosa mosebetsi sebakeng sena la o isa sebakeng se seng. Baahelani ba ile ba makala ’me hamorao ba botsa hore na ebe fektheri ea likuku e se e koetsoe. Morali’abo rōna Gaitán o sa hopola: “‘Likuku’ tseo re neng re li etsa li ne li le monate ebile li e-na le phepo ho feta kamoo baahelani ba neng ba nahana kateng!”
Ho Tsamaisa Lingoliloeng
Ho isa limakasine le lingoliloeng tse ling ho barab’abo rōna e ne e le phephetso e ’ngoe hape. Sebakeng sohle sa Buenos Aires, ho ile ha hlophisoa tsela eo ho tla tsamauoa ka eona ha ho isoa limakasine litsing tse khethiloeng ka hloko tsa polokelo ea limakasine. Ketsahalong e ’ngoe, Rubén Carlucci o ne a tsamaisa limakasine ’me a saletsoe ke sebaka se le seng feela ha lepolesa le mo supisa hore a emise ka mor’a koloi ea paterole. Ka letsoalo Rubén o ile a mamela, a ntse a rapela Jehova ka nako eohle hore a mo thuse. Ha a tsoela ka thōko ’me a emisa, ofisiri e ile ea tla terakeng eaba e re: “Na u ka ba mosa ho sutumetsa koloi ea ka? E hana ho luma.” Rubén a imolohile, o ile a thabela ho thusa. Joale o ile a tsamaea ka thabo a ea qetela mosebetsi oa hae oa ho tsamaisa limakasine!
Dante Doboletta, ea neng a sebeletsa e le molebeli oa potoloho sebakeng sa Rosario, Santa Fe, o ne a nka limakasine sebakeng seo li kopanngoang ho sona ’me a li abela liphutheho tsohle tse potolohong ea hae. Sena se bolela hore o ne a tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 200 ho ea le ho khutla bonyane habeli ka khoeli. E le ho qoba ho bonoa, o ne a etsa maeto ao bosiu haholo, a tloha ka mor’a hore a phethe mosebetsi oa hae phuthehong ’me ka linako tse ling a khutla ha letsatsi le chaba. Ketsahalong e ’ngoe, o ile a bona letoto la likoloi tse emisoang sebakeng sa tlhahlobo moo masole a hlometseng haholo a fetang 30 a neng a hlahloba ka hloko litokomane le thōtō ea motho ka mong. Lesole le leng le ile la botsa Dante: “U laetse’ng ka koloing?”
Dante o ile a araba: “Ke laetse lintho tsa ka.”
Lesole le ile la re: “Potlaka u bule buti.”
Eaba Dante oa araba: “Re Lipaki tsa Jehova. Ke haeba re nkile’ng?”
Lesole le leng le ile la utloa puisano ena eaba le re: “Ba tlohele ba tsamaee. Ha ho mohla Lipaki tsa Jehova li nkang lihlomo kapa lintho tse seng molaong.” Ka lilemo tse peli, Dante o ile a khona ho tsamaisa lingoliloeng a sa phenya-phenngoe.
Ho se Tlohele Liboka
Ho tloha hona bekeng eo thibelo e entsoeng ka eona, Lipaki tsa Jehova Argentina ha lia ka tsa ‘tlohela ho bokana ha tsona.’ (Baheb. 10:25) Li kopana ka lihlopha tse nyenyane, khafetsa li ne li fetola sebaka le nako ea liboka. Sena se ne se bolela mosebetsi o eketsehileng ho baholo, bao hangata ba neng ba lokela ho tšoara seboka se le seng ka makhetlo a ’maloa malapeng a fapaneng.
Toropong e nyenyane ea Totoras, ntlo feela e neng e fumaneha bakeng sa ho tšoarela liboka e ne e le bohareng ba toropo. Kahoo Lipaki tsa sebaka sena li ile tsa ela lintho hloko haholoanyane. Mong’a ntlo, Mor’abo rōna Reverberi, o ile a etsa se tšoanang le tafole e tloaelehileng e nang le raka e tšelang lintho tse sa tšoaneng. Leha ho le joalo, bokaholimo ba eona bo ne bo ka tlosoa, ’me ho ne ho e-na le sebaka ka hare bakeng sa ho pata libuka le limakasine. Ha motho a kokota monyako, lingoliloeng tsohle li ne li patoa kapele ka har’a tafole!
Bahoeletsi ba ne ba ikaparela feela ha ba e-ea libokeng. Ka linako tse ling baralib’abo rōna ba ne ba kenya lintho tse etsang li-curl tsa moriri, ba apara marikhoe ’me ba nka mekotla ea ho ea mabenkeleng. Ka lerato liboka li ne li bitsoa mateadas. Maté ke tee eo hangata e nooang ka libiskiti kapa likuku. Ho bokana bakeng sa ho noa maté ke tloaelo e atileng haholo Argentina, kahoo boemo bona bo ne bo pata lipokano tsa moea hantle.
Leha ho le joalo, ho ne ho e-ba le linako tse tšosang. Teresa Spadini ke morali’abo rōna ea tšepahalang, ea neng a amohela baeti ka mofuthu a bile a tumme hantle sebakeng sa habo. Nakong ea ketelo ea molebeli oa potoloho, sehlopha sa ba 35 se ile sa bokana ntlong ea hae bakeng sa seboka. Hang-hang koloi ea paterole e ile ea emisa ka pele, ’me ofisiri ea lepolesa ea kokota monyako. Kapele-pele mor’abo rōna ea neng a fana ka puo o ile a lula fatše le sehlopha sohle. Ha Teresa a bula monyako, ofisiri e ile ea re: “Teresa, na ka kōpo nka sebelisa thelefono ea hao?”
Ha e sheba sehlopha se bokaneng, Teresa o ile a hlalosa: “Re na le moketjana oa poelano ea lelapa.” Ha ofisiri e letsetsa mapoleseng, ba leng sehlopheng ba ne ba ipotsa hore ho tla latela eng, ba nahana hore e kōpa hore ho romeloe koloi ea paterole ho tla ba nka kaofela. Leha ho le joalo, ba ile ba imoloha hobane e ne e bua ka taba e ’ngoe. Ha e qeta, e ile ea retelehela ho Teresa ea mo leboha. Joale e ile ea sheba sehlopha eaba e re: “Ke kōpa tšoarelo ha ke le sitisitse. Thabelang poelano ea lōna.”
Ho Sebetsana le Tlhaselo ea Mapolesa
Ha sehlopha se kopana bakeng sa kolobetso, moahelani o ile a tlalehela mapolesa ka seboka seo. Kaha barab’abo rōna ba ne ba se ba ntse ba rerile ho ba le asado, kapa brai, e le ho pata sepheo sa seboka seo, ba ile ba tsoela pele joalokaha ho reriloe. Nama e besitsoeng e ratoa haholo Argentina, kahoo ha ho motho ea neng a le khahlanong le boikhakanyo bona bo hlabosang. Ha “baeti” ba sa mengoang ba fihla ka teraka ea masole, bara le barali babo rōna ka mofuthu ba ile ba mema masole ho kopanela sebokeng seo sa botsoalle. Masole a ile a hana ’me a tsamaea a sa tseba hore na ho lokisitsoe’ng bakeng sa “lijo tse tsoekerenyana”!
Ka linako tse ling mantsoe ao Lipaki tsa Jehova li a sebelisang ha li buisana a ne a li sireletsa. Ka lekhetlo le leng ha baahelani ba bitsa ba boholong ba ba bolella ka seboka se tšoaretsoeng lapeng, ba boholong ba ile ba fihla ka mor’a hore e mong le e mong a tsamaee, haese baholo feela. Mapolesa a ile a kokota monyako, ’me morali’abo rōna ea lulang moo a araba: “E mong le e mong o tsamaile haese bahlanka feela.”
Liofisiri li ile tsa araba: “Ha re batle bahlanka. Re batla ba ikarabellang!” Ba ile ba tsamaea ba kobile linala.
Ho Paka Tlas’a Thibelo
Ho sa tsotellehe thibelo, mosebetsi oa boboleli o ile oa tsoela pele. Ho hlakile hore tlas’a maemo a thata joalo, barab’abo rōna ba ne ba le seli. Ka tloaelo Lipaki tse fetang tse peli li ne li sa sebetse tšimo ka nako e le ’ngoe. Sara Schellenberg o sa hopola kamoo a neng a etela batho ba Buenos Aires kateng. O re: “Re ne re etsa limmapa tse nyenyane tsa tšimo tse fellang ka har’a seatla. Ka morao ho ne ho e-na le pampiri e phuthiloeng joaloka krostina e nang le lethathamo la linomoro tsohle tsa matlo. Re ne re etela ntlo e le ’ngoe feela lehlakoreng ka leng la seterata ebe rea e tšoaea e le hore mohoeletsi ea tla sebetsa tšimo eo a ee ntlong e fapaneng. Joale re ne re e-ea seterateng se seng ebe re etela ntlo e ’ngoe.”
Nakoana ka mor’a hore leqheka lena le qale ho sebelisoa, Cecilia Mastronardi o ne a bolela a le mong. Ha a ntse a kokota monyako, ofisiri ea lepolesa e neng e palame sethuthuthu e ile ea hlaha ka tšohanyetso. Cecilia o re: “E ile ea mpotsa hore na ke batla’ng moo. Ntho feela e ileng ea tla kelellong ke hore ke e pakele ’me ke e fe buka ea Did Man Get Here by Evolution or by Creation? E ile ea amohela buka, ea mpha monehelo oa eona, ’me ea ntšalisa hantle ka tsela e nang le botsoalle. Eaba kea hlokomela hore e ne e sa ema hore e ntšoare. E ne e lula ntlong eo ke neng ke etetse ho eona!”
Ho ne ho sebelisoa mekhoa e mengata e sa tšoaneng ho pata mosebetsi oa boboleli. Morali e mong oabo rōna ka boomo o ile a sebetsa k’hamphaning ea litlolo e le hore a ka ea ka ntlo le ntlo ’me a bue le bareki ba hae. María Bruno, eo hona joale a leng lilemo li 86 ’me e bile pula-maliboho oa kamehla ka lilemo tse 29, o ne a ee a nke phese e tšetseng limela tse hlaheletseng ka ntle, e le ho hapa tlhokomelo ea bo-’mamalapa ba thahasellang ho bua ka ho lokisa serapa. Ka tsela ena o ne a khona ho qala moqoqo o lebisang ho jaloeng ha peō ea ’nete.
Juan Víctor Buccheri, ralebenkele ea ileng a kolobetsoa hang ha thibelo e qeta ho etsoa, le eena o ne a batla ho bolella ba bang litaba tse molemo tseo a ithutileng tsona. O ne a e-na le litšoantšo tsa bolumeli le li-poster tsa likhalala tsa lipapali le boithabiso maboteng a lebenkele la hae. Kahoo sebakeng sa tsona o ile a beha litšoantšo tsa libaka tse ntle tsa tlhaho tse nang le litemana tsa Bibele tlas’a tsona. Bareki ba hae ba ile ba makala hakaakang! Mor’abo rōna Buccheri o ile a pakela ba neng ba mo botsa ka litšoantšo kapa mangolo a qotsitsoeng, ’me ka ho etsa joalo, o ile a qala lithuto tsa Bibele tse fetang leshome. Tse ling li ile tsa kena ’neteng ’me li tsoela pele e le barab’abo rōna ba tšepahalang le kajeno.
Batho ba Bibele e Tala
Mathata a nakong ea thibelo a ile a koetlisa bahoeletsi ba Argentina hore e be basebeletsi ba molemo haholoanyane. Kaha ba ne ba etsa maeto a pele ba sebelisa Bibele feela, ba ile ba e-ba le tsebo ea ho fumana litemana tsa Bibele bakeng sa ho hlōla likhanyetso le ho tšelisa batho.
Ho qoba ho tsosa libata masene, ka linako tse ling ba ne ba sebelisa Bibele e ’ngoe eseng Phetolelo ea Lefatše le Lecha. Ha mora e mong oabo rōna a sebelisa Torres Amat, Bibele ea K’hatholike ea Sepanishe sa khale, o ile a fumana karabelo e sa lebelloang. Ka mor’a ho mamela ha mangolo a baloa empa a sa a utloisise, mong’a ntlo o ile a etsa tlhahiso ea hore a tlisetse mor’abo rōna Bibele e utloisisehang habonolo haholoanyane. O ile a makala haholo ha a tla ka Phetolelo ea Lefatše le Lecha!
Lilemong tseo, Phetolelo ea Lefatše le Lecha e ne e e-na le sekoahelo se setala. Ka lebaka leo, batho ba ne ba lemositsoe hore ba se ke ba mamela batho ba tšoereng Bibele e tala. Leha ho le joalo, kaha ke ba fokolang feela ba neng ba lumellana le thibelo ea ’muso, thibelo e joalo e mpile feela ea etsa hore batho ba be bohelehele. Mong’a ntlo e mong o ile a botsa morali’abo rōna hore na Bibele ea hae e ’mala o joang. Ha morali’abo rōna a bua ’nete hore e tala, mofumahali eo o ile a re: “Ho lokile, ke batla ho utloa hore na batho ba Bibele e tala ba re’ng.” Morali’abo rōna o ile a mengoa hore a kene ka tlung ’me ba e-ba le puisano e susumetsang.
Ke Mang ea Nang le Libuka?
Ka nakoana, Lipaki tsa Argentina li ile tsa tsoela pele ho bolela li sebelisa lingoliloeng tseo li ileng tsa li pata. Empa ka mor’a nako pokello eo e ile ea fela, ’me ho ne ho le thata ho romela lingoliloeng tse ncha ka har’a naha. Leha ho le joalo, ka har’a matlo a polokelo lekaleng ho ne ho patiloe libuka tse thibetsoeng tse 225 000.
Mapolesa a ’muso a ile a etsa qeto ea hore ka mahahapa a nke libuka tse thibetsoeng ’me a li rekisetse k’hamphani e etsang pampiri e ncha ka ea khale. Ho ile ha hiroa koloi e hulang thepa hore e ee Bethele, e nke libuka ’me e li ise femeng e etsang pampiri e ncha ka ea khale. Ho ile ha etsahala hore ebe mokhanni o ne a kile a ithuta Bibele le moahelani eo e neng e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ha a bona thepa eo a e hulang, o ile a botsa motho eo e kileng ea e-ba moahelani oa hae hore na ebe Lipaki tsa Jehova li ka rata ho reka libuka ho eena. Ho ile ha etsoa litokisetso tse hlokahalang, ’me ka tumello ea mapolesa libuka li ile tsa isoa sebakeng se khethiloeng ke lekala! Kahoo, ho sa tsotellehe thibelo, libuka tse 225 000 li ile tsa sebelisoa hape ka tsela e fapaneng haholo le eo ba boholong ba neng ba e lebeletse!
Jehova o ile a boela a hlokomela batho ba hae ka barab’abo rōna ba sebete ba ileng ba ithaopela ho tlisa libuka tse hatisitsoeng ke Mokhatlo tse tsoang linaheng tse ling. Norberto González, eo e neng e le pula-maliboho oa kamehla, o re: “Ketsahalong e ’ngoe, setho sa Komiti ea Lekala sa Uruguay se ile sa re fa libuka tse 100 tsa ho ithuta tsa Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso hore li isoe ho barab’abo rōna ba ikarabellang Argentina. Re ile ra khona ho kenya boitsebiso bona ba bohlokoa ka har’a naha. Kaofela ha rōna re ile ra tlōla ke thabo ha re feta malibohong re sireletsehile.” Mohlomong mor’abo rōna ea neng a ke ke a tlōlela holimo hakaalo ke eo libuka li neng li patiloe ka har’a leoto la hae la lehong!
Lipaki tsa Argentina li ile tsa ithuta bohlokoa ba lingoliloeng tse hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watch Tower ho feta leha e le neng pele. Qalong ea thibelo, sehlopha ka seng sa thuto se ne se amohela kopi e le ’ngoe feela ea Molula-Qhooa. Makasine eo e le ’ngoe e ne e potoloha bahoeletsi bohle, ba neng ba kopitsa lipotso le likarabo bakeng sa thuto e le hore ba ka ba le karolo. (Bafil. 4:12) Sekoahelo sa Molula-Qhooa se ne se sa ngoloa letho e le hore ho patoe se ka hare, empa lijo tsa moea tse ka hare li ne li le monate haholo. Barab’abo rōna ba ile ba tšehetsoa ’me ba momahanngoa ke litokisetso tsena tse khethehileng.
Mokhoa oa ho Pata Kopano
Barab’abo rōna ba Argentina ba ne ba feptjoa moeeng ka liboka tsa lihlopha tse nyenyane ho sebelisoa lingoliloeng leha e le life tse fumanehang, empa ba ne ba ka rua molemo joang likopanong tse tharo ka selemo, tseo Lipaki tsa Jehova likarolong tse ling tsa lefatše li neng li li thabela? Likopano tsa pele ka mor’a thibelo li ne li bitsoa likopano tsa mohlala. Ho tsona ho bile teng baholo le malapa a bona feela. Hamorao baholo ba ne ba pheta lenaneo liphuthehong tsa habo bona. Héctor Chap, ea sebelelitseng a sa khathale e le molebeli ea tsamaeang ka lilemo tse ngata, o re: “Ka linako tse ling, re ne re khona ho tšoara kopano masimong. Naheng koana, re ne re pota-potiloe ke liphoofolo tsa polasing. Le ho li hlokomela re ne re sa li hlokomele hobane re ne re amehile haholo ka se buuoang. Barab’abo rōna ba bangata ba ne ba rekota lenaneo bakeng sa ba sieo. Hamorao, ba ne ba qaboha haholo—lipuo li ne li felehetsoa ke sello sa likhomo, mekoko le litonki.”
Ka lerato barab’abo rōna ba ne ba bitsa likopano “lipikiniki” hobane hangata li ne li tšoareloa naheng. Sebaka se ratehang profinseng ea Buenos Aires e ne e le sebaka se thōko se pel’a moeli oa Santa Fe, se bitsoang Strago Murd. Sebaka sena se ne se loketse kaha se ne se pota-potiloe ke lifate, se patehile. Empa ba tlileng “pikiniking” ba ile ba tšoha ka letsatsi le leng ha ba fumana hore lifate tse ntle li remiloe! Le hoja ba ne ba ke ke ba ipata, ba ile ba tsoela pele ka “pikiniki” ea bona, ba sebelisa kutu e ’ngoe ea sefate e le sethala sa sebui ’me likutu tse ling e le libenche bakeng sa bohle ba leng teng.
Sebaka se seng seo barab’abo rōna ba neng ba se sebelisa bakeng sa likopano e ne e le fektheri ea e mong oa Lipaki tsa Jehova. Mong’a fektheri o ne a e-na le vene e khōlō e koetsoeng ka morao ’me o ne a e sebelisa ho palamisa ba batlang ho ea kopanong. Mokhanni o ne a e-ea libakeng tse sa tšoaneng, a palamisa barab’abo rōna ba 10 ho ea ho ba 15 ka nako e le ’ngoe veneng, a khutlela fekthering, ’me a ba theola ha ba qeta ho koala monyako oa karache. Ka tsela eo batho ba ka bang 100 ba ile ba bokana ba sa bonoe ke baahelani le mapolesa. Lipaki tse ling tsa Argentina li ile tsa ea Brazil le Uruguay lilemong tseo e le hore li rue molemo lijong tsa moea tse fanoang likopanong.
Liboka Chankaneng
Esita le pele ho thibelo ea 1976, barab’abo rōna ba bangata ba bacha ba ile ba tobana le liteko tsa botšepehi ka lebaka la ho se nke lehlakore ha bona ha Bokreste. Kaha ba ne ba latela molao-motheo oa Bibele o fumanoang ho Esaia 2:4, oa hore ba se ke ba “ithuta ntoa,” ba bangata ba ile ba ahloleloa lilemo tse tharo ho isa ho tse tšeletseng chankaneng.
Leha ho le joalo, esita le chankaneng ba ile ba qapa litsela tsa ho ithuta Bibele le ho tšoara liboka. Hape ba ile ba aba molaetsa oa ’Muso ka cheseho lichankaneng. Baholo ba liphuthehong tse haufi ka ho ithatela ba ile ba etela bahlankana bana ba tšepahalang ho ba khothatsa le ho ba fa lijo tsa bohlokoa tsa moea.
Omar Tschieder, ea ’nileng a sebeletsa Bethele ho tloha ka 1982, o ile a koalloa chankaneng ea sesole ea Magdalena profinseng ea Buenos Aires ho tloha ka 1978 ho fihlela ka 1981. O ile a isoa teng ka lebaka la ho hana ho apara junifomo ea sesole. Chankana e ne e entsoe ka likarolo tse ’maloa, e e-na le lisele tse 20 tse shebileng phasejeng e le ’ngoe, sele ka ’ngoe e le bophara ba limithara tse peli le bolelele ba limithara tse tharo. Lipaki tse kentsoeng chankaneng li ne li sebelisa lisele tse tharo tse qetellong ea phaseje bakeng sa liboka tsa tsona. Ho ne ho ka bokana ba 10 ho ea ho ba 12 feela ka nako e le ’ngoe, kahoo hangata ho ne ho e-ba le liboka tse 8 ho ea ho tse 14 beke ka ’ngoe.
Barab’abo rōna ba ile ba lokisetsa hore e mong oa bona a lebele ka ho nyarela lesobeng ’me a hlokomelise sehlopha haeba ho e-na le ea tlang. Ba ile ba qapa mekhoa e ’maloa ea ho lemosa sehlopha. Ka linako tse ling ea lebetseng o ne a kokota leboteng feela. Ka linako tse ling ea lebetseng o ne a tlamelloa ho e mong ea har’a bamameli ka khoele. Ha ho bonahala kotsi, ea lebetseng o ne a hula khoele, ebe ea ka lehlakoreng le leng o hlokomelisa sehlopha. Tsela e ’ngoe e ne e le ho bua mantsoe a nang le mapetjo. Ka mohlala, ea lebetseng o ne a ka hoeletsa: “Na ho na le ea nang le enfelopo?” Ha ba utloa lepetjo la “enfelopo,” barab’abo rōna ba ne ba ipata. E mong le e mong o ne a e-na le sebaka seo a abetsoeng hore a ipate ho sona—ka tlas’a bethe, ka mor’a lemati—kae kapa kae moo ba neng ba ke ke ba bonoa ke molebeli ea neng a ka ’na a nyarela lesobeng. Lephehlophehlo lena lohle le ne le etsoa ka mokhoa o khutsitseng ka nako ea metsotsoana. Ho ne ho hlokahala hore ba hlophisehe hantle!
Sebokeng se seng, barab’abo rōna ba ile ba ipata ka potlako ha ba qeta ho lemosoa hore ho na le motho osele ea kenang karolong eo. Motšoaruoa eo e neng e se e mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a bula monyako eaba o beha ntho e ’ngoe holim’a tafole. Ha a tsoa, o ile a reteleha eaba oa botsa, “Le ipatetse’ng?” Ka oona motsotso oo, molebeli o ile a letsa phala, a batla baithaopi ba tla hloekisa. Kahoo barab’abo rōna ba ile ba araba, “Re ipatetse eena.” Moeti o ile a ba utloela bohloko ntle ho tikatiko eaba o tsamaea ka potlako. Barab’abo rōna ba ile ba phetha seboka sa bona ntle le ho sitisoa hape.
Laebrari ea Sephiri Chankaneng
Boitšoaro bo botle ba Lipaki bo ile ba fella ka hore li fuoe boikarabelo bo eketsehileng chankaneng. Barab’abo rōna ba ile ba sebelisa mechine ea khatiso ea chankana ’me ba ne ba ikarabella bakeng sa kamore ea ho shebella libaesekopo, sepetlele le moo ho kutoang moriri. E le ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso, ba ile ba sebelisa ka botlalo monyetla oa litokelo tsa bona tsa bohlokoa. Ka mohlala, lipolane tsa chankana ea Magdalena li ne li bontša hore kamore ea ho shebella libaesekopo e likhutlo li ’nè, le hoja likhutlo tsa lebota li ne li le chitja. Kahoo ka mor’a mabota ho ne ho e-na le sebaka se ka bang bophahamo ba limithara tse 2,4, bophara ba limithara tse 1,8 le botebo ba limithara tse 1,2. E ne e le sebaka se phethahetseng bakeng sa laebrari, e tlatsitsoeng Libibele le lingoliloeng tsa Mokhatlo oa Watch Tower!
Héctor Varela, ea ileng a qeta lilemo tse tharo chankaneng eo, o hlalosa hore barab’abo rōna ba ne ba ka kena sebakeng sena ka ho tlosa karolo ea lebota kamoreng ea litšoantšo ebe ba hloella holim’a tafole eo ho sebeletsoang ho eona. Hape libuka li ne li patoa ka har’a lik’habote likamoreng tsa ho jela.
Ka linako tse ling, barab’abo rōna ba ne ba lumelloa ho tsoa ka jareteng ’me ba etele malapa a bona ka nako e khutšoanyane. Hangata bara bana babo rōna ba ne ba sebelisa monyetla ona ho khutla ba nkile litokollo tsa morao-rao tsa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Rodolfo Domínguez, eo hona joale e leng molebeli ea tsamaeang, o bolela se ileng sa etsahala ka lekhetlo le leng le joalo. O re: “Re ne re kentse Molula-Qhooa le Tsoha! ka har’a liaparo tsa rōna. Ha re fihla chankaneng, ho ne ho e-na le mola o molelele hobane balebeli ba ne ba phenyekolla ka botlalo. Butle-butle re ile ra atamela moo ho hlahlobeloang teng. Joale ha e e-ba nako ea hore re phenyekolloe, ho ile ha kena molebeli e mong, eaba ho phenyekolloa hoa emisoa!”
Mor’abo rōna Domínguez o tsoela pele: “Re ne re tšoarela liboka tsohle tsa phutheho chankaneng. Ha e le hantle, ke fane ka puo ea ka ea pele ea phatlalatsa teng.” Lipaki tse kentsoeng chankaneng li ne li bile li etsa litšoantšiso ka moaparo o feletseng oa mehleng ea Bibele, oo ho ileng ha e-ba bonolo ho o etsa kaha litho tsa malapa ha li etile li ne li tlisa lintho tsa botho chankaneng. Balebeli ba ne ba sa belaelle kamoo meqathatso, lipurapera le lintho tse ling li neng li ka sebelisoa kateng.
Ho Etsa Barutuoa Chankaneng
Mosebetsi oa ho bolela le ho etsa barutuoa o ile oa atleha esita le chankaneng. E mong oa ba ileng ba rua molemo chesehong le boitšoarong bo botle ba barab’abo rōna chankaneng ke Norberto Hein. O ne a sebeletsa mabothong a Argentina ha a kenngoa chankaneng ka lebaka la ho qosoa ka lithethefatsi. Lichankaneng tse ’maloa o ile a kopana le bacha ba Lipaki ba neng ba tšoaretsoe ho hana tšebeletso ea sesole ka lebaka la bolumeli. O ile a khahloa ke boikutlo ba bona ’me ha a ntse a le chankaneng ea Puerto Belgrano, o ile a kōpa thuto ea Bibele. Pele khoeli e fela, o ile a qeta ho ithuta buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng. Hamorao o ile a isoa chankaneng ea Magdalena, ’me a kolobetsoa ka 1979 chankaneng.
Norberto o sa hopola: “Puo ea kolobetso e ile ea fanoa ka Sontaha hoo e ka bang ka hora ea borobong bosiu. Ba neng ba le teng re ne re ka ba leshome, le hoja bara ba bang babo rōna ba ne ba le ka ntle ho sele ba lebetse. Ka mor’a puo, ke ile ka kena kamoreng ea ho jela le barab’abo rōna ba babeli moo ho neng ho e-na le bate e khōlō ea ho hlatsoetsa lipitsa le lipane.” “Bate ea kolobetso” e ne e tletse metsi a batang, ao Norberto a a hopolang ka ho hlakileng hobane e ne e le mariha!
Ho sa tsotellehe ho hlorisoa ka lebaka la ho kopana le Lipaki tsa Jehova, o ile a tsoela pele a tiile ho sebeletseng Jehova. (Baheb. 11:27) Norberto le mosali oa hae, María Esther, ba sebelelitse Bethele ka botšepehi ka lilemo tse fetang 15.
‘U se ke Ua Kōpa Molimo Hore a Nkotle’
Le hoja liofisiri tse ngata tsa chankaneng li ne li mamella Lipaki, tse ling li ne li se joalo. Mookameli e mong oa balebeli chankaneng ea sesole o ne a tima barab’abo rōna lijo le likobo neng le neng ha e le eena ea mosebetsing. Molebeli enoa o ne a le bohale. Hugo Coronel o re: “Hoseng ho hong pele mafube a hlaha, molebeli enoa o ile a raha lemati la sele ea ka a le bula, a nkhulela ka ntle, ’me a supile masole a mahlano a hlometseng, o ile a mpolella hore nako ea ka e fihlile. O ile a leka ho nqobella hore ke saene pampiri e latolang tumelo ea ka. Ha ke hana, o ile a mpolella hore ke ngolle ’Mè lengolo hobane ke ne ke tlil’o shoa. A halefile, joale o ile a nkemisa leboteng la setene, a bolella sehlopha se nkileng lithunya hore se phahamise lithunya, eaba o fana ka taelo ea hore ‘Thunyang!’ Ke ile ka utloa feela molumo oa ha ho khoephetsoa lithunya. Lithunya li ne li sa hlahleloa. E ne e mpa e le leqheka la ho felisa botšepehi ba ka. Molebeli enoa a kholisehile hore ke tla be ke lla ke letsoalo, o ile a atamela ho ’na. Ha a hlokomela hore ke itšoere, o ile a sitoa ho ithiba eaba o qala ho hooa. Ke ile ka khutlisetsoa seleng ea ka, ke batla ke ferekane empa ke thabile hore ebe Jehova o arabile lithapelo tsa ka tsa hore ke tšepahale.”
Matsatsi a seng makae pele Hugo a isoa chankaneng e ’ngoe, mookameli oa balebeli o ile a tsebisa liahelo tsohle tsa sesole hore letsatsing le hlahlamang, o ne a tlil’o qobella Hugo ho apara junifomo. Molebeli o ile a bolela hore esita le Jehova o ne a ke ke a mo thibela. Ho ile ha etsahala eng? Hugo o re: “Letsatsing le hlahlamang, re ile ra fumana hore molebeli o khaohile hlooho kotsing e mpe ea koloi. Sena se ile sa tšosa bohle ba leng chankaneng. Ba bangata ba ne ba nka hore Molimo o otlile lesole lena ka lebaka la ho ikhohomosa ha lona le ho soka. Ha e le hantle, molebeli ea ileng a nkisa seleng ea ka bosiung boo o ile a nkōpa hore ke se ke ka kōpa Molimo hore le eena a mo otle!” Hona joale Hugo o sebeletsa e le moholo Villa Urquiza, Misiones.
Re kholisehile ka ntho e le ’ngoe—bahlankana bana ba ileng ba hana ho kenela tšebeletso ea sesole ba ile ba boloka botšepehi tlas’a maemo a thata haholo. Ba boholong chankaneng ba ile ba soka ka hore ba tla thunya ba bang. Ba ile ba shapa ba bang, ba ba tima lijo kapa ba ba koalla chankaneng ea motho a le mong. Ho sa tsotellehe tšoaro eo bara bana babo rōna ba ileng ba e fumana, tumelo ea bona le botšepehi ba bona li ile tsa fana ka bopaki bo matla ho masole le ho batšoaruoa ka ho tšoanang.
Ho Rua Molemo Thutong ea Kamehla ea Lelapa
Le bana ho ile ha hlokahala hore ba ‘ikarabelle ka pel’a e mong le e mong ea ba batlang lebaka la tšepo e ho bona.’ (1 Pet. 3:15) Ha bara ba Juan Carlos Barros ba le sekolong, bao ka nako eo e mong oa bona a neng a le lilemo li supileng ’me e mong a le lilemo li robeli, hlooho ea sekolo e ile ea laela mora e moholo hore a lumelise folakha ka pel’a tlelase eohle. Ha a hana, e ile ea hooa, ea mo shapa, ea mo sutumelletsa folakheng. Leha ho le joalo, o ile a hana ho e lumelisa. Eaba e isa bashemane bana ka bobeli ofising ea eona ’me e leka ka nako e etsang hora ho ba qobella ho bina lipina tsa sechaba. Ha boiteko ba eona bo hlōleha, e ile ea etsa qeto ea ho ba leleka.
Nyeoe ena e ile ea fihla lekhotleng la tsamaiso. Ha nyeoe e ntse e kene, moahloli o ile a bitsetsa bashanyana bao ka thōko ho ba botsa lipotso. Likarabo tsa bona tse tobileng li ile tsa khopisa moahloli hoo a ileng a qala ho thothomela, a otla tafole ka feisi, eaba oa tsoa. O ile a khutla metsotso e 15 hamorao, empa o ne a ntse a bonahala a halefile. Leha ho le joalo, ho ile ha etsoa qeto e emelang Lipaki! Ka mor’a ho fana ka kahlolo e ba emelang, moahloli o ile a re ho Mor’abo rōna Barros: “U na le lelapa le letle hakaakang! Haeba malapa ’ohle a ne a e-na le melao-motheo e phahameng tjena, naha e ne e tla ba boemong bo molemo.” Mor’abo rōna Barros o re: “Phihlelo ena e ile ea ntiisetsa kamoo ho leng bohlokoa kateng ho ba le thuto ea kamehla ea lelapa e le hore bana ba rōna ba ka hlomelloa ho ema ba tiile.” Qetellong ka 1979, Lekhotla le ka Holimo-limo la Argentina le ile la etsa qeto ea hore bana bohle ba na le tokelo ea ho fumana thuto.
Nako e Tšoanelang Hape
Ho tloha ka 1950, lekala le ile la etsa kōpo ’musong o mong le o mong o mocha hore Lipaki tsa Jehova li lumelloe ka molao e le bolumeli. Ho fumana tumello ea molao ho ne ho kopanyelletsa mehato e mengata. Pele, ho ne ho hloka hore ho etsoe mokhatlo oa molao o nang le palo e itseng ea litho le o nang le lipakane tsa sechaba le tsa bolumeli, tse kang ho ruta batho Bibele. Joale, mokhatlo ona oa molao o ne o lokela ho ngolisoa. ’Muso o ne o lokela ho lumela hore lipakane tseo li molaong. Haeba ’muso o lumela, joale ho ne ho tla fanoa ka nomoro ea ngoliso. Ka nomoro ena, ho ka etsoa kōpo bakeng sa hore o lumelloe ka molao e le mokhatlo oa bolumeli. Ho fihlela ka 1981, Lipaki tsa Jehova ha lia ka tsa amoheloa ka lebaka la boikaketsi la hore lipakane tsa tsona tsa sechaba le tsa bolumeli ha li molaong hobane mosebetsi o ne o thibetsoe.
Ka November 1976, likhoeli tse peli feela ka mor’a hore thibelo ea mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova e tsosolosoe, ofisi ea lekala e ile ea kōpa lekhotla la Argentina la sechaba ka matla hore le tlose thibelo. Ho phaella moo, lekala le ile la etsa boipiletso linyeoeng tse amang ho lelekoa ha bana ba Lipaki sekolong ka lebaka la ho hana ho kopanela meketeng e bontšang ho rata naha, ho koalloa chankaneng ha barab’abo rōna ka lebaka la ho hana tšebeletso ea sesole ka lebaka la bolumeli le ho nkoa ka mahahapa ha lingoliloeng tsa Mokhatlo oa Watch Tower.
Ka la 10 October, 1978, boipiletso bona bo ile ba boela ba etsoa le ho Komisi ea Litokelo Tsa Botho ea Amerika. Komisi ena e ile ea etsa qeto ea hore ’muso o hataketse litokelo tsa botho tsa Lipaki tsa Jehova ’me ea buella hore thibelo e tlosoe.
Ka la 12 December, 1980, puso ea sesole e joaloka ea molao e ile ea amohela puello ea Komisi ea Litokelo Tsa Botho ea Amerika ’me ea tlosa thibelo. Sena se ile sa lumella batho ba Jehova Argentina ho kopana ka bolokolohi. Sena se ile sa tlisetsa barab’abo rōna thabo e kaakang! Le hoja mesebetsi ea Lipaki tsa Jehova e ne e se e sa thibeloa, leha ho le joalo, mokhatlo oa tsona oa bolumeli e ne e le hona o tla lumelloa ka molao.
Qetellong, ka la 9 March, 1984, ’muso o ile oa lumella Mokhatlo oa Lipaki Tsa Jehova ka molao e le bolumeli. Lilemo tse telele tsa ho loanela tumello ea molao li ne li felile. Qetellong, Liholo tsa ’Muso li ne li ka tsebahatsoa ka boto e ngotsoeng! Ho bile le thabo e kaakang har’a barab’abo rōna ba Argentina! Bohle ba ile ba pheta mantsoe a mopesaleme: “Jehova o entse ntho e khōlō ka seo a se entseng ho rōna.”—Pes. 126:3.
Empa tumello ea molao e ne e sa bolele ho beha letšoao feela Holong ea ’Muso. Ciríaco Spina, eo e neng e le moholo oa Mokreste Buenos Aires, o ile a re: “Ha thibelo e tlosoa ’me re khona ho boela re e-ba le likopano tse khōlō, re ne re batla ho sebelisa mehaho e metle ka ho fetisisa e fumanehang bakeng sa ho tlotlisa Molimo oa rōna, Jehova. Re ne re lekile ka makhetlo ho sebelisa City Stadium e ncha ea Mar del Plata, empa ka lebaka la ho se lumelloe ka molao, ha ho mohla re kileng ra lumelloa ho e sebelisa. Joale ka 1984, ka thuso ea Jehova, Lipaki li ile tsa fumana tumello ea molao. Hona joale re sebelisa City Stadium, ’me lilemong tsa morao tjena, re sebelisa Setsi sa Lipapali se secha bakeng sa likopano tsa rōna.”
Ho ne ho fetile lilemo tse ngata esale barab’abo rōna ba thabela tikoloho e khothatsang ea pokano e khōlō, kahoo lekala le ile la etsa qeto ea ho sebelisa ka botlalo monyetla oa ketelo e tlang ea molebeli oa libaka, Fred Wilson. Ka nako e ka tlaase ho libeke tse peli, ho ile ha etsoa litokisetso bakeng sa hore barab’abo rōna ba Buenos Aires Eohle ba be Vélez Sarsfield Stadium, e le seboka sa pele se seholo esale thibelo e tlosoa. Ho sa tsotellehe tsebiso e entsoeng nako e se e le khutšoanyane, letšoele la ba ka bang 30 000 le ile la e-ba teng ‘moketeng’ oa moea o thabisang ka la 15 February, 1984.—Pes. 42:4.
Phello ea Thibelo
Tlas’a puso ea masole, batho ba likete ba ile ba jeoa ke ha-re-tsebe ’me ba bolaoa. Ka ho makatsang, ho sa tsotellehe boemo bo matla ba ’muso khahlanong le Lipaki tsa Jehova, ha ho le ea mong oa Lipaki ea bileng har’a ba nyametseng.
Bophelo ba tsona ha boa ka ba bolokoa feela empa hape li ile tsa tsebahala hamolemo ka lebaka la thibelo. Pele ho thibelo, ba neng ba botsa Lipaki hore na bolumeli ba tsona ke bofe ba ne ba makala ha ba utloa karabo e reng “Lipaki tsa Jehova.” Ha hoa ka ha e-ba joalo ka mor’a thibelo. Susana de Puchetti, ea sebelelitseng e le mosebeletsi oa nako e tletseng ka lilemo tse 37, o itse: “Ha thibelo e fela, re ne re sa hlole re bitsoa Bara ba Jehova, kapa Ma-Jehova; ’me re ne re sa nkoe hore re karolo ea lihlopha tsa boevangeli. Nakong ea thibelo, lebitso la rōna le nepahetseng le ne le bitsoa khafetsa seea-le-moeeng le likoranteng. Ho bile le phello e thabisang—qetellong batho ba ile ba tseba lebitso la Lipaki tsa Jehova.”
Ho Lokolloa ka Molao Tšebeletsong ea Sesole
Hoo e ka bang ka nako ena, Dr. María T. de Morini, mongoli ea tlaasana oa borapeli ea neng a nkile khato ea ho amohela Mokhatlo oa Lipaki tsa Jehova e le bolumeli, o ile a lokisetsa seboka sa bohlokoa sa baemeli ba Mokhatlo oa Lipaki tsa Jehova, mongoli e moholo oa borapeli le letona la tšireletso. Sepheo sa seboka e ne e le ho tšohla ho lokolloa ha Lipaki tsa Jehova tšebeletsong ea sesole. Komiti ea Lekala e ne e tšepile hore bo-pula-maliboho ba kamehla ba tla lokolloa tšebeletsong ea sesole, empa ba boholong ba ne ba ikemiselitse ho etsa ho fetang hoo.
Ba boholong ba ne ba ikemiselitse ho lokolla e mong le e mong ea nkoang e le seithuti, ’me bohle ba neng ba ngolisitse Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ba ne ba nkoa e le liithuti tsa thuto ea bolumeli. Ha mor’abo rōna ea kolobelitsoeng a e-ba lilemo li 18 ’me ho hlokahala hore a itlhahise bakeng sa tšebeletso ea sesole, baholo ba phutheho ea habo ba ne ba ka tlatsa foromo e pakang boitšoaro ba hae bo botle ’me ba e saena. Foromo ena e ne e romeloa ofising ea lekala hore e saenoe e be e romeloe moo ho ngolisoang borapeli teng. Ha e fihla teng, ba ne ba etsa lengolo la bopaki leo mor’abo rōna a tla le fa ba boholong sesoleng e le hore a lokolloe tšebeletsong ea sesole. Mokhoa ona o atlehang o ile oa sebelisoa ho fihlela tšebeletso e qobelloang ea sesole e khaotsa lilemong tsa bo-1990.
Hohle ho na le Khōlo e Makatsang
Pakeng tsa 1950 le 1980, mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ne o thibetsoe ke ’muso. Barab’abo rōna ba ile ba tsoela pele ka cheseho ba bolela lentsoe nakong e likhathatso. Ka lebaka la sena, Jehova o ile a ba hlohonolofatsa ka keketseho. Ka 1950 ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 1 416 Argentina. Ka 1980 ba ne ba le 36 050!
Tumello ea molao e ile ea etsa hore ho be le keketseho e ’ngoe tumellanong le Esaia 60:22, e reng: “E monyenyane o tla fetoha ba sekete, ’me ea fokolang e be sechaba se matla. ’Na, Jehova, ke tla ho potlakisa ka nako ea teng.” Ho habanya litlaleho tse tsoang naheng eohle ho bontša bonnete ba mantsoe ana. Ka mohlala, ho tloha ha thibelo e tlosoa, hona joale bahoeletsi ba 70 ba Phutheho ea Francisco Solano, Buenos Aires Eohle ba eketsehile ho ea ho ba 700 liphuthehong tse supileng.
Alberto Pardo, eo e leng moholo Cinco Saltos, Río Negro, o sa hopola ha ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 15 feela Cinco Saltos. Kajeno ho na le liphutheho tse tharo le bahoeletsi ba etsang kakaretso ea ba 272, e leng karo-karolelano ea Paki e le ’ngoe ho baahi ba 100. Marta Toloza oa Phutheho ea Carmen de Patagones, Buenos Aires o re: “Hoa hlolla ho nahana ka sehlopha se senyenyane se neng se kopanela kamoreng e nyenyane morao koo ka 1964 le ho se bapisa le bara le barali babo rōna ba 250 ba Liholong tse tharo tsa ’Muso kajeno.”
Ka lebaka la khōlo e potlakileng Palmira le litoropong tse potolohileng, ho ne ho hlokahala hore ho be le puo ea phatlalatsa le Thuto ea Molula-Qhooa habeli mafelo-beke a mang le a mang e le hore bara le barali babo rōna ba ka lula ba iketlile ka Holong ea ’Muso. Ho ile ha hiroa holo e khōloanyane bakeng sa Sehopotso, kaha palo ea ba bang teng e ne e lula e feta 250. Ho tloha ka 1986, ho thehiloe liphutheho litoropong tse fapaneng tse ’nè tseo qalong li neng li abetsoe Phutheho ea Palmira.
Phuthehong ea pele ea José León Suárez, Buenos Aires Eohle ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 33 ba ileng ba eketseha ho ba liphutheho tse hlano. Juan Schellenberg, eo e leng moholo sebakeng sena, o re: “Nako le nako ha re theha phutheho e ncha, tšimo ea rōna e ne e nyenyefala. Hona joale re na le karolo e nyenyane ea tšimo e bolelele ba literata tse 16 le bophara ba literata tse 8 feela. Re akaretsa sebaka seo re se abetsoeng hanngoe kapa habeli ka beke. Batho ba bangata bao re ba pakelang ha ba thahaselle, empa re ntse re e-ba le liphihlelo tse ntle ’me re khona ho qalisa lithuto tse ling tsa Bibele. Holo ea ’Muso e bohareng, kahoo boholo ba bahoeletsi ba 100 ba ka ea ka maoto libokeng.”
Moea oa Bopula-maliboho oa Hōla
Ha ho tlosoa thibelo, ho ile ha buleha mosebetsi o moholo. Ho ne ho e-na le masimo a mangata moo tlhokahalo ea baboleli ba ’Muso e neng e le khōlō.
Ka December 1983 lihlopha tse leshome tsa banyalani ba bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana li ile tsa romeloa ka likhoeli tse tharo ho bula mosebetsi oa boboleli libakeng tse neng li akaretsoa seoelo ke Lipaki tsa Jehova. Banyalani ba khethiloeng e ne e se e ntse e le bo-pula-maliboho ba kamehla kapa ba thusang ’me ba ne ba bueletsoe ke balebeli ba potoloho. Pakane e ne e le ho fana ka bopaki bo pharaletseng ka ho tsamaisa lingoliloeng le ho leka ho qalisa lithuto tsa Bibele. Ba neng ba bontša thahasello ba ne ba tla hlokomeloa ke bahoeletsi ba liphuthehong tse haufi kapa ka ngollano. Phutuho ena e ile ea hlahisa liphello tse babatsehang. Hona joale ho na le liphutheho litoropong tse robong ho tse leshome tseo bo-pula-maliboho bao ba neng ba sebeletsa ho tsona.
E mong oa bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana ke Argentina de González. Argentina le monna oa hae ba ile ba abeloa Esquina. Ba ile ba fihla teng hammoho le bana ba bona ba bane. E ’ngoe ea likamore tsa ho robala ntlong ea bona e ne e fetoloa sebaka sa liboka hararo ka beke. Ha ba e-ea ka ntlo le ntlo, hoo e batlang e le e mong le e mong o ne a ba amohela. Pele mong’a ntlo o ne a batla ho tseba hore na ba tsoa hokae, ba na le bana ba bakae le hore na ba lula hokae. Argentina o re: “Ha re qeta ho arabela lipotso tsa bona, ba ne ba ikemiselitse ho mamela molaetsa oa rōna. Ke ile ka khona ho qalisa lithuto tse supileng tsa Bibele, e ’ngoe ea tsona ka e qalisa le mosali e mong le bana ba hae ba bane. Ba ile ba qala ho tla libokeng hang-hang ’me ha baa ka ba fosoa ke liboka. Ka likhoeli tse seng kae feela, ’mè o ile a kolobetsoa le morali oa hae, eo hamorao a ileng a nka bopula-maliboho. Hoa nthabisa ho tseba hore bohle ba ntse ba sebeletsa Jehova ka botšepehi.”
Ho Khotsofala Maemong Afe Kapa Afe
Ba bang ba nang le moea oa bopula-maliboho ba ne ba ikemiselitse ho tloaelana le boemo ba leholimo bo bobe, ho ba thōko esita le ho tloaelana le maemo a bophelo a fetiloeng ke nako. Ha José le Estela Forte ba romeloa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng Río Turbio profinseng ea Santa Cruz, ho ne ho se Lipaki tse ling kapa liithuti tsa Bibele sebakeng sena. Ho phaella phephetsong ena, Río Turbio e karolong ea Argentina e qetellong ka boroa moo hangata mohatsela o theohelang tekanyong e ka tlaase ho ntlha ea khoamo ka likhato tse 18 tsa Celsius.
Ba ha Forte ba ne ba lula ntlong e nyenyane ea batho ba bang ba amanang le Lipaki, ’me ba ne ba tsamaea lik’hilomithara tse 300 ho ea phuthehong e haufi ea Río Gallegos. Ka lekhetlo le leng ha ba tsoa sebokeng, ha ba le tseleng e khōlō e sa tsamauoeng, enjene ea koloi e ile ea chesa haholo ka lebaka la metsi a neng a lutla ho radiator. Ho ne ho bata ka mokhoa o kotsi, ’me ba ile ba qala ho hlaheloa ke seo batho ba sebaka sena ba reng ke el sueño blanco, ho tšoaroa ke boroko ka sekhahla ho isang lefung. Ba ile ba rapela Jehova hore ba se ke ba khaleha. Ba ile ba leboha hakaakang ha ba fihla motebong o haufinyane, moo ba ileng ba khona ho iphuthumatsa le ho tlatsa radiator ka metsi!
Qalong, ba ha Forte ba ile ba ameha haholo ka ho bolela sebakeng se nang le batho ba bangata haholo ’me ka potlako ba ne ba e-na le lithuto tsa Bibele tse tsoelang pele tse fetang 30. Ka nako e khutšoanyane, ho ile ha thehoa sehlopha toropong. Joale, ha etsoa boiteko ba ho buisana le batho ba lithabeng le libakeng tsa mahaeng. Hang ka selemo, José o ne a nka leeto la ho bolela la matsatsi a tšeletseng kapa a supileng a palame pere. Ka lekhetlo le leng, José le motsoalle oa hae ba ile ba atamela motebo oo ho oona ba ileng ba amoheloa ke mosali ea nang le ntja e bohale e lebelang. Ha ba ipolela hore ke Lipaki tsa Jehova, mosali enoa o ile a ba sheba ’me a tšeha haholo. O ile a re: “Lea fihla le moo!” Ha ba mo botsa hore na ke hobane’ng ha a arabetse ka tsela eo, o ile a hlalosa hore o ne a lula haufi le Bethele, Buenos Aires. O ile a phaella: “Ha ho mohla nkileng ka nahana hore Lipaki tsa Jehova li ka fihla sebakeng se thōko hakana, ’me ho feta moo, li bile li apere joaloka li-gaucho.” Mosali enoa o ile a ba memela lijong, ’me ba ile ba e-ba le moqoqo o susumetsang oa Bibele. Boiteko bo phehellang ba ba ha Forte bo ile ba hlahisa litholoana; hona joale Río Turbio ho na le phutheho e atlehang e entsoeng ka bahoeletsi ba 31.
Holo ea ’Muso e Phaphamalang
Ba ikemiselitse ho sebelisa hamolemo nako e tšoanelang ea ho bolela, ba bang ba ile ba amohela phephetso ea ho pakela baahi ba sehlekehleke sebakeng se molomong oa Nōka ea Paraná, haufi le Buenos Aires. Ho paka sebakeng se molomong oa nōka hase papali ka lebaka la sebaka se pakeng tsa lihlekehleke, lipalangoang tsa teng le boemo ba leholimo bo sa tsitsang. Ho nka leeto ka likepe tsa praefete ho turu, ebile ho ka ba kotsi. Leha ho le joalo, ho phehella ho hlahisitse litholoana. Ka 1982 sehlopha se ka thōko se ile sa thehoa e le karolo ea Phutheho ea Tigre.
E le ho fokotsa litšenyehelo, Alejandro Gastaldini, mor’abo rōna ea tsoang Phuthehong ea Tigre, o ile a etsa El Carpincho, sekepe se bobebe sa polasetiki se limithara li supileng se nang le enjene e tsamaisoang ke propane. Hoo e ka bang ka nako e tšoanang, Ramón Antúnez oa Buenos Aires le lelapa la hae ba ile ba nehelana ka seketsoana sa bona bakeng sa ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso sebakeng se molomong oa nōka. Bara bana babo rōna ba chesehang ba ile ba etella pele ka mafolofolo, ba mema bahoeletsi ba liphutheho tse ling ho tšehetsa tšebeletso ea bona ka mafelo-beke. Lithuto li ile tsa qala ho hōla le ho beha litholoana ha malapa ’ohle a amohela ’nete.
Kaha ke batho ba fokolang feela ba lulang lihlekehlekeng tsena ba neng ba e-na le liketsoana ’me ho ne ho se lipalangoang tsa sechaba, batho ba bangata ba thahasellang ba ne ba thatafalloa ho ba teng libokeng. Kahoo barab’abo rōna ba ne ba thusana bakeng sa hore ba bokane le ho matlafatsana moeeng. Ka mohlala, e le ho nolofalletsa bohle ho ba teng Sehopotsong, seketsoana se ile sa tsamaea se palamisa Lipaki tse kolobelitsoeng le batho ba thahasellang e le hore ba ka ketekela Sehopotso ka seketsoaneng.
Hamorao, Carlos Bustos, mosali oa hae Ana le morali oa bona Mariana ba ile ba abeloa ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho sebakeng se molomong oa nōka. Lekala le ile la ba thusa ka ho reka seketsoana se tsamaisoang ke enjene se bitsoang Precursor I, se nang le kichine, bathroom le sebaka seo ho sona ho ka robalang batho ba bararo. Bethe ea Mariana e neng e le bokamoraong ba seketsoana e ne e bitsoa el sarcófago hobane e ne e le moqotetsane hoo e neng e tšoana le lekese!
Hona joale, ho na le bahoeletsi ba 20 ba lulang sebakeng se molomong oa nōka, ba sebeletsa Jehova e le karolo ea Phutheho ea Tigre. Barab’abo rōna ba bangata ba se ba e-na le liketsoana kahoo ba hlomeletsoe hamolemo ho hlokomela boikarabelo ba bona ba puso ea Molimo. Leha ho le joalo, ho ne ho bonahala pakane ea ho haha Holo ea bona ea ’Muso e ke ke ea etsahala. Hobane’ng?
Ka lebaka la meroallo e etsahalang hangata sebakeng sena, ho fumana sebaka se loketseng bakeng sa ho haha ho turu haholo. Bakeng sa sehlopha se senyenyane se nang le chelete e fokolang, ho ne ho bonahala tšitiso ena e ke ke ea hlōloa. Leha ho le joalo, le hoja sebaka se fokola, metsi a ne a le mangata. Kahoo ke hobane’ng ha ba ne ba sa hahe Holo ea ’Muso e tla phaphamala? Lekala le ile la etella pele ho haheng Holo e joalo ea ’Muso, ’me e ile ea phethoa ka June 1999. Hona joale baholo ba Phutheho ea Tigre ba fapanyetsana ka ho etela Holong ea ’Muso ho tla tšoarela sehlopha sena liboka.
Ho Finyella Baahi ba Makorea
Lipaki tsa Jehova Argentina ha li leke feela ho finyella batho ba leng libakeng tse sa tšoaneng ho ea ka sebōpeho sa naha empa hape li etsa boiteko ba ho bolela ho batho ba lichaba tse fapaneng. Pele ho etsoa thibelo ea bobeli, mor’abo rōna oa Lekorea, Hwang Yong Keun le lelapa la hae ba ile ba fallela Argentina ka 1971 eaba ba qala ho kopanela le phutheho e buang Sepanishe. Ho beha litholoana ha mosebetsi oa ho etsa barutuoa har’a Makorea le ho falla ha Lipaki tse eketsehileng tsa Korea ho ile ha nolofalletsa hore ho thehoe sehlopha sa Sekorea, Morón, profinseng ea Buenos Aires. Ka potlako ba ne ba tšoara liboka tsohle tse hlano tsa phutheho beke le beke, e leng ho ileng ha etsa hore ho thehoe phutheho ea pele ea Sekorea Argentina ka 1975. Selemo hamorao, ba ile ba nehela Holo ea bona ea pele ea ’Muso ho Jehova.
Nakong ea thibelo, phutheho ea Sekorea e ne e arotsoe ka lihlopha tse nyenyane. Kaha barab’abo rōna ba Makorea ba ne ba labalabela ho kopana e le phutheho, ho ile ha etsoa litokisetso bakeng sa hore ba kopane hanngoe ka khoeli serapeng sa boikhathollo bakeng sa puo ea phatlalatsa le Thuto ea Molula-Qhooa. Kaha ho hang mapolesa a ne a sa tsebe Sekorea, a ne a sa tsebe hore liboka tseo ke tsa bolumeli!
Ka mor’a hore thibelo e tlosoe, tšimo ea Sekorea e ile ea e-ba le keketseho e hōlang. Kaha Makorea a tletse-tletse ka har’a naha, hangata ho a pakela ho hloka ho tsamaea lik’hilomithara tse makholo ho batla ba tšoanelehang. Habeli kapa hararo ka selemo, Lipaki tsa Makorea li ne li e-ea liprofinseng tse hōle li leka ho batla bahoebi ba Makorea. Jehova o hlohonolofalitse mahlahahlaha a tsona. Kajeno, bahoeletsi ba Makorea ba etsang kakaretso ea ba 288 liphuthehong tse ’nè ba bolela lentsoe ka cheseho.
Ho fihlela morao tjena, liphutheho tsa Sekorea li ne li eteloa ke molebeli oa potoloho ea buang Sepanishe ea neng a hloka mofetoleli bakeng sa liboka, tšebeletso ea tšimo le maeto a bolisa. Leha ho le joalo, ka 1997, Steven le June Lee (Yi Sung Ho le Kim Yun Kyeong), liithuti tsa sehlopha sa bo102 sa Gileade, ba ile ba abeloa ho sebeletsa liphutheho tsa Sekorea Argentina, Brazil le Paraguay. Kaha ba ha Lee ke Makorea ’me ba bua puo ena ka mokhoa o phollatsi, barab’abo rōna ba rua molemo o moholo ketelong ea bona. Bohle ba leboha haholo bakeng sa tokisetso ena e lerato ea Molimo oa rōna ea hlokang leeme, Jehova.—Lik. 10:34, 35.
Ho hlokahala hore ba ha Lee ba lule ba ntse ba itloaetsa boemo ba mohatsela le mocheso, metsi le lijo tsa linaha tse tharo. Ka nako ea likhoeli tse tšeletseng, ba Argentina ka likhoeli tse tharo, ba Brazil ka tse peli ’me ba Paraguay ka e le ’ngoe. Le hoja ba sebeletsa liphutheho tsa Sekorea, ba ntse ba tlameha ho bua lipuo tsa sebaka sena. Ho phaella ho bueng Sepotoketsi ha ba le Brazil, ba ha Lee ba tlameha ho tloaelana le mekhoa e ’meli e khethollehileng ea ho bua Sepanishe. Leha ho le joalo, ba thabela potoloho ena eo e leng ea machaba kannete. Ka mor’a lilemo tse peli, palo ea bo-pula-maliboho potolohong e ile ea eketseha ho tloha ho 10 ho ea ho 60!
Litholo li Rorisa Jehova
Lilemong tsa bo-1970, sehlopha se seng se nang le litlhoko tse khethehileng se ile sa totobala ha batho ba bang ba litholo ba qala ho ba teng libokeng tsa phutheho. Bakeng sa hore ba joalo ba rue molemo libokeng, ho ne ho hlokahala bafetoleli ba puo ea matsoho. Ka 1979 ho ne ho e-na le sehlopha se kopanang lapeng la Coco le Coca Yanzon, banyalani ba litholo Villa Devoto, Buenos Aires. E ne e mpa e le qalo feela.
Palo ea litholo tse amohetseng ’nete e ile ea tsoela pele ho hōla nakong ea thibelo esita le lilemong tsa bo-1980 le bo-1990. Lilemong tsa bo-1980, bara le barali babo rōna ba litholo hammoho le bafetoleli ba bona, ba ile ba abeloa liphuthehong tse khethiloeng Buenos Aires Eohle. Lenaneo lohle le ile la fetoleloa molemong oa litholo ho li nolofalletsa ho rua molemo libokeng.
Leha ho le joalo, litholo li ne li lakatsa ho kopanela ka botlalo haholoanyane phuthehong. Kahoo ka 1992 lekala le ile la etsa qeto ea ho li kopanya le bafetoleli phuthehong e le ’ngoe ea puo ea matsoho. Ka tsela ena, bahoeletsi ba litholo ba ile ba qala ho kopanela ka mafolofolo ho ruteng, ho faneng ka litlhaloso le ho boleleng ka puo ea bona.
Silvia Mori, morali’abo rōna oa setholo ea hōlisang ngoana oa hae e le motsoali ea mong, o re: “Phutheho ea puo ea matsoho e bile karabo lithapelong tsa ka. Ke thabile haholo ho kopana haholoanyane le bara le barali babo rōna ba litholo. Pele, re ne re arotsoe har’a liphutheho tsa batho ba utloang hantle litsebeng ’me re bonana feela hanngoe ka beke.”
Elba Basani, morali e mong oabo rōna oa setholo, o re: “Ha ho ne ho se na phutheho ea puo ea matsoho, ke ne ke atisa ho nyahama, empa hona joale ke thabile haholo hobane ke khona ho ba pula-maliboho ea thusang, ke khona ho tšoareha ho sebeletseng Jehova le ho kopana haholoanyane le barab’eso ba moea. Ke leboha Jehova haholo.”
Kaha puo ea matsoho ke mokhoa o bonahalang oa puisano, livideo tsa Mokhatlo li atleha ka ho khethehileng. Video ea Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name e se e fumaneha ka puo ea matsoho ea Argentina. Ho phaella moo, ho ntse ho lokisetsoa video ea bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? le lingoliloeng tse ling. Hona joale ho na le liphutheho tse ’nè tsa puo ea matsoho ho pholletsa le Argentina, tseo ka kakaretso li nang le bahoeletsi ba 200, ho kopanyelletsa le barab’abo rōna ba 38 ba litholo ba sebeletsang e le baholo le bahlanka ba sebeletsang.
Ho Thusa Batho ba Buang Senyesemane
Ho elella mafelong a 1993, likhoebo tse hlahang linaheng lisele li ile tsa qala ho sebetsa Argentina. Ba bang ba bahiruoa ba ileng ba romeloa Argentina e ne e le Lipaki tse kolobelitsoeng tse neng li sa tsebe Sepanishe hakaalo empa li utloisisa Senyesemane. Bakeng sa ho hlokomela litlhoko tsa tsona tsa moea le ho finyella ba tšimong e hōlang ea Senyesemane, phutheho ea pele ea Senyesemane naheng ena e ile ea thehoa Buenos Aires. Batho ba bang ba Argentina ba ithutileng Senyesemane ba ithaopetse ho tšehetsa phutheho ena e ncha.
Ho tloha ha phutheho ena e thehoa ka June 1994, ho kolobelitsoe batho ba leshome, ’me ba bang ba bangata ba leng Argentina ka nakoana ba ka thabela liboka tse tšoaroang ka puo eo ba e utloisisang ’me ba rua molemo ho tsona.
Mapuche e Monyenyane o Betla Khoro
Ho thusa “batho ba mefuta eohle” hore “ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete” ho kopanyelletsa ho fihla ho Maindia a lulang libakeng tse khethetsoeng ’ona feela. (1 Tim. 2:4) Profinseng e ka boroa-bophirimela ea Neuquén, ho na le sebaka se khethetsoeng Maindia a Mapuche moo morena oa motse a ileng a hanela Lipaki ho kena ka lebaka la boitšoaro ba lihlopha tse ling tsa bolumeli nakong e fetileng. Mosetsana e mong oa Mapuche, Patricia Sabina Guayquimil, o ile a fumana likhatiso tse ling ho ’mè oa hae, ea ileng a li fumana ha a ntse a sebetsa ka ntle ho sebaka seo se khethetsoeng bona feela. Patricia o ile a ngolla lekaleng a kōpa boitsebiso bo eketsehileng. Mónica López, morali’abo rōna ea neng a abetsoe ho mo araba, o ile a romela Patricia buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ’me a hlalosa tokisetso ea thuto ea Bibele. Patricia o ile a lumela, ’me ba ile ba ithuta ka ngollano ka selemo ho se mohla ba kileng ba kopana.
Ka letsatsi le leng motho o ile a kokota monyako oa Mónica. O ile a tlala thabo ha a bona Patricia, ea neng a tlile toropong ka ambulense, a felehelitse ausi oa hae ea neng a tlil’o pepa. Nakong e khutšoanyane eo ba bileng hammoho ka eona, Mónica o ile a mo bontša Holo ea ’Muso, a hlalosa kamoo liboka li tšoaroang kateng, ’me a mo memela ketelo e tlang ea molebeli oa potoloho.
Ka mor’a ho khutlela hae, Patricia o ile a ’na a etsa tsoelo-pele e babatsehang. Ha e le hantle, hoseng ho hong ha temana ea letsatsi e hatella bohlokoa ba boboleli, o ile a qhaneha pere ea hae e tšehali ’me a pakela baahelani ba hae ho tloha ka hora ea bosupa hoseng ho fihlela motšehare oa mantsiboea. Mosebetsi oa hae oa bopaki o ile oa betla khoro bakeng sa Lipaki tsa Jehova tse tsoang ka ntle hore li bolele sebakeng sena se khethetsoeng batho ba habo. Patricia o ile a kolobetsoa ka 1996 ’me o tsoela pele ho atolosa “litaba tse molemo tsa poloko” sechabeng sa Maindia. (Pes. 96:2) Libaka tse ling tse khethetsoeng Maindia li eteloa kamehla ke Lipaki.
Ho Hlokahala Liholo Tsa ’Muso
Ha Lipaki tsa Jehova Argentina li ntse li atolosa mosebetsi oa tsona oa boboleli ka cheseho nakong e tšoanelang ka mor’a thibelo, ho ne ho hlokahala Liholo tsa ’Muso tse loketseng. Liholo tse ling tsa ’Muso li ne li sa hahuoa hantle. Ka mohlala, mabota a holo e ’ngoe profinseng e ka leboea ea Santiago del Estero a ne a entsoe ka polasetiki. Luis Benitez, ea ’nileng a kopanela mererong ea kaho ea Liholo tsa ’Muso ka lilemo tse ngata, o re: “Leetong le eang Formosa, ’na le Mor’eso Eisenhower re ile ra fumana barab’abo rōna ba kopanelang mohahong o nang le mabota a bophahamo ba limithara tse 1,2 empa o se na marulelo, mamati kapa lifensetere. Bakeng sa litulo, barab’abo rōna ba ne ba sebelisa mapolanka a behiloeng holim’a litene. Ha re ba botsa hore na ba etsa joang ha pula e na, ba ile ba re, ‘Ba bang ba tla ka likhele, ’me ba bang bona baa koloba.’”
Ka mor’a hore thibelo e tlosoe ka 1980, baholo phuthehong ea Trelew, profinseng ea Chubut, ka potlako ba ile ba hlokomela hore ha ba na sebaka se seholo hoo se ka lekanang palo e khōlō ea batho ba tlang bakeng sa taeo ea moea. Morali’abo rōna ea neng a sebeletsa lelapa le nang le holo o ile a kōpa hore holo eo e sebelisetsoe liboka. Kōpo ea hae e ile ea amoheloa, ’me phutheho e ile ea kopanela holong eo ntle ho tefo ka likhoeli tse supileng kapa tse robeli. Hamorao ka nakoana ba ile ba sebelisa lebenkele la mor’abo rōna leo a etsetsang litulo ho lona. Leha ho le joalo, phutheho e ne e ke ke ea sebelisa sebaka sena kamehla, kahoo ba ile ba tlameha ho lokisetsa hore ba bokane ka lihlopha tse nyenyane malapeng a barab’abo rōna. Ho ne ho totobetse hore ba hloka sebaka se tiileng seo ba tla bokana ho sona. Litho tsa phutheho li ne li ikemiselitse ho haha Holo ea tsona ea pele ea ’Muso. Ka mor’a lilemo tse hlano Lipaki tsa Jehova tsa Trelew li ntse li batla sebaka seo li ka bokanang ho sona, qetellong li ile tsa e-ba le Holo ea ’Muso eo li ka e nehelang ho Jehova. Empa kapele keketseho palong ea bahoeletsi e ile ea boela ea etsa hore ho hlokahale hore ho hahuoe Holo e ’ngoe ea ’Muso.
Ho pholletsa le naha, liphutheho li ne li hloka Liholo tsa ’Muso. Ho ne ho hlokahala hore ho etsoe ho hong bakeng sa hore ho be le mehaho e loketseng bakeng sa borapeli ba ’nete.
Lekala Lea Phalla
Ho arabela tlhokong ena, lekala le ile la theha lenaneo la kaho ea Liholo tsa ’Muso. Le ile la etsa tokisetso ea kalimo ea chelete bakeng sa kaho haesita le lipolane tse entsoeng ke litsebi bakeng sa liholo tse ntle le tse itekanetseng. Ho phaella moo, ho ile ha etsoa litlhahiso tsa kamoo ho ka hlophisoang mosebetsi oa kaho kateng. Barab’abo rōna ba tšoanelehang ba ile ba abeloa ho fana ka thuso ea thekniki. Ka lenaneo lena, ho ile ha hahuoa Liholo tsa ’Muso ka likhoeli tse peli, ’me hamorao, ka matsatsi a 30 feela.
Liphutheho tsa Trelew tse neng li hloka Holo e ’ngoe ea ’Muso li ile tsa rua molemo lenaneong lena le nolofalitsoeng la kaho. Matsatsi a 60 feela ka mor’a hore kaho e qale, li ile tsa thabela ho bokana holong ea tsona e ncha. E ile ea e-ba bopaki bo boholo ho batho ba motse, ba ileng ba bona ha setša se se nang letho seo ho lahleloang lithōle ho sona se khabisoa ke Holo e ntle ea ’Muso ka ho panya ha leihlo. Lihahi tsa sebaka sena li ile tsa khahloa haholo hoo li neng li batla ho hira barab’abo rōna!
Liholo Tsa Kopano Bakeng sa Lipokano Tse Khōlō
Ho sa le joalo, barab’abo rōna ba Argentina ba ile ba lemoha tlhokahalo ea Liholo tsa Kopano bakeng sa ho tšoara lipokano tse khōlō. Oberá profinseng ea Misiones e ka leboea, lelapa le leng le ile la nehelana ka setša, ’me barab’abo rōna ba sebaka sena ba ile ba emisa mohaho o se nang mabota. Ho ile ha tšoaroa kopano mona ka 1981, ’me ha e-ba teng ba 300. Hona setšeng sena, hona joale ho na le mohaho o tiileng haholoanyane o ka nkang batho ba 2 200.
Ka mor’a hore Mokhatlo oa Lipaki tsa Jehova o ngolisoe ka 1984, ho ile ha neheloa Liholo tse peli tsa Kopano ho Jehova Buenos Aires—e ’ngoe Moreno ka 1986 ’me e ’ngoe Lomas de Zamora ka 1988. E leng Lomas de Zamora qalong e ne e le fektheri e seng e sa sebelisoe le setoro. Ka la 9 July, 1985, baithaopi ba ka bang 1 500 ba ile ba e-ba teng ho qala morero oa matsatsi a 18 oa mosebetsi o thata o sa khaotseng. Ba ile ba hloekisa mohaho ’me karolo ea fektheri ba e etsa holo e ka nkang batho ba 1 500 ba lutseng hantle. Ba bang ba ile ba sebetsa bosiu bohle ho etsa hore holo e lokele kopano ea pele, e ileng ea tšoaroa ka la 27 July, 1985. Kajeno, ho na le Liholo tse ’nè tsa Kopano, ho kopanyelletsa le e ileng ea neheloa ka 1993 Córdoba.
Likopano Tsa Setereke li ka Tšoareloa Hokae?
Ka lebaka la khōlo e sa khaotseng, ho ile ha e-ba thata ka ho eketsehileng ho hira libaka tse loketseng bakeng sa likopano tsa setereke. Rente ea liholo e ne e phahame haholo, ’me hangata baokameli ba ne ba sa boloke se boletsoeng tumellanong. Ho ne ho le thata ho tsamaisa le ho kopanya tsamaiso ea molumo le thepa e ’ngoe e hlokahalang. Ho phaella moo, mabaleng a maholo a bulehileng a lipapali, bamameli ba ne ba lula pepeneneng tlas’a boemo ba leholimo, e leng ho neng ho etsa hore ho be thata ho rua molemo ka ho feletseng lenaneong.
Ho rarolla mathata ana, ho ile ha rekoa setša Cañuelas, e leng sebaka sa mahaeng se ka boroa-bophirimela ho motse-moholo. Ho ne ho tla hahuoa Holo ea Kopano e tla sebelisoa bakeng sa likopano tsa setereke esita le likopano tse ling. E ne e tla tlatsetsa Liholong tse ’nè tsa Kopano tse seng li ntse li le teng naheng ena.
Holo e khōlō ea Kopano e lulisang batho ba 9 400 e ne e loketse bakeng sa kopano ea pele ea setereke ka October 1995, likhoeli tse ka tlaase ho tse tšeletseng ka mor’a hore morero o qale. (Joele 2:26, 27) Ka March 1997 mohaho ona o ile oa neheloa ho Jehova. Carey Barber oa Sehlopha se Busang o ile a fana ka puo e chesehang ea nehelo, ’me letsatsing le hlahlamang a boela a kopanela sebokeng se khethehileng se ileng sa tšoareloa River Plate Stadium e khōlō. Lebala la lipapali le ne le tletse barab’abo rōna ba 71 800 ba tsoang naheng eohle, ho kopanyelletsa le sehlopha se ileng sa tsamaea lik’hilomithara tse 3 000 ho tloha Patagonia.
Mehaho e Mecha ea Lekala
Ka December 1984 ho ile ha finyelloa tlhōrō e ncha ea baboleli ba ’Muso ba 51 962. Keketseho ena e ile ea baka tlhokahalo ea lingoliloeng tse eketsehileng, ’me sena se ne se hloka setsi se seholoanyane sa khatiso. Ho finyella tlhokahalo ena, mohaho o 1551 Caldas Street, Buenos Aires o ile oa rekoa oa ba oa nchafatsoa bakeng sa ho eketsa sebaka sa fektheri le liofisi. Lekala le ile la boela la reka fektheri ea letsopa e seng e sa sebelisoe 3850 Elcano Avenue, Buenos Aires, oa e heletsa, eaba o haha mohaho o mocha oa bolulo.
Basebetsi bohle ba nako e tletseng ba 640 ba ile ba kopanela morerong oa kaho, ho kopanyelletsa le ba 259 ba tsoang lenaneong la kaho la machaba. Ho phaella moo, ba bang ba makholo ba ile ba tla thusa ka mafelo-beke. Ho ba le baithaopi ba tsoang linaheng tse ling ba fetang 200 setšeng ho ne ho etsa hore ho be le maemo a thahasellisang. Mor’abo rōna e mong o ile a tlatsa foromo e kōpang li-palomos (maeba a matona) tse tšoeu tse 12. Molebeli oa Lefapha la Theko o ile a ipotsa hore na ke hobane’ng ha ho ne ho batloa linonyana. Ha e le hantle, mor’abo rōna o ne a batla li-pomos (meqomo) tse 12 tsa pente e tšoeu!
Nakong ea morero ona, Argentina e ne e hlasetsoe ke theko e phahameng ka ho fetisisa ea lintho. Ka linako tse ling theko ea thepa ea kaho e ne e eketseha hararo ka letsatsi, e baka mathata bakeng sa ba rekang thepa. Nakong ena, barab’abo rōna setšeng sa kaho le ka mohla ba ne ba sa lebale mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa—oa ho bolela lentsoe. Motho e mong eo ho neng ho rekoa thepa ho eena hangata o ne a romela baemeli setšeng; kamehla ba ne ba amohela bopaki bo feletseng hammoho le odara ea thepa. Ka kakaretso, basebetsi ba k’hamphani ena ba ile ba tsamaisetsoa limakasine tse 20 le libuka tse hlano, ’me ho ne ho e-na le limakasine ofising ea mong’a k’hamphani.
Kaho ka boeona e ne e le bopaki. Barab’abo rōna ba ile ba sebelisa mokhoa oa ho haha oa tilt-up oo ho oona mabota a konkreiti a tiisitsoeng ka tšepe a etsetsoang setšeng ao hamorao a phahamisoang le ho emisoa libakeng tsa ’ona ka kreine. E ne e le mokhoa o sa tloaelehang oa ho haha ’me o ile oa hapa tlhokomelo ea lihahi tsa sebaka sena. Ka Meqebelo hoseng, liithuti tsa koleche ea kaho li ne li e-tla ho tla shebella ’me li bontšoa sebaka.
Ka October 1990 mohaho ona o motle o ile oa neheloa ho Jehova. Theodore Jaracz oa Sehlopha se Busang o ile a fana ka puo e hlasimollang ea nehelo e thehiloeng ho Esaia 2:2-4. Ba bangata ba neng ba kopanetse ho jaleng peō ea ’nete Argentina, hammoho le baeti ba tsoang makaleng a mang, ba ile ba kopanela ketsahalong ena e thabisang.
Katoloso e ’Ngoe
Hang ha mehaho e mecha ea lekala e nehetsoe, ho ile ha qaleha katoloso e ’ngoe ea mohaho oa fektheri Caldas Street. Mohaho oa mekato e meraro o nang le mokato o mong ka tlaase-tlaase o ile oa hahoa setšeng se kopaneng le sena bakeng sa ho fana ka sebaka seo ho tla bolokoa lingoliloeng ho sona. Sehlopha sa baithaopi ba 25 se ile sa phetha morero ona ka likhoeli tse robeli.
Ha ho hlokahala sebaka se eketsehileng sa ofisi, mohaho o bohōle ba seterata se le seng ho tloha lehaeng la Bethele o ile oa rekisoa. Ha motse o ntse o e-ba thata haholoanyane ka ho fana ka mangolo a tumello ea ho haha, ho fumana setša se nang le mohaho e ne e le khetho e utloahalang. Le hoja mohaho oo o ne o feta lilemo tse 30 o le teng, o ne o entsoe ka thepa ea boleng bo phahameng, o kentsoe lepolanka la hardwood ka hare ’me ka ntle o kentsoe ’mabole. Mohaho ona, o ileng oa fumanoa le ho nchafatsoa, hona joale o na le liofisi tsa tsamaiso esita le lefapha la Theko, la Tšebeletso, la Kaho le la Litlaleho. O ile oa neheloa ka 1997 ka nako e tšoanang le Holo ea Kopano ea Cañuelas.
Ho Thusa Naha ea Boahelani
Nakong ea thibelo, Lipaki tsa Jehova linaheng tsa boahelani tse kang Brazil le Uruguay, li ile tsa thusa barab’abo rōna ba Argentina hore ba fumane lijo tsa moea. Hona joale, lekala la Argentina le thusa Chile ea boahelani. Ho tloha ka January 1987, ho ’nile ha romeloa limakasine Chile, qalong ka lipalangoang tsa khoebo ’me ho tloha ka 1992 ka literaka tsa Mokhatlo.
Leeto le eang Chile le hloka hore batho ba hloe mokoloko oa lithaba tsa Andes tse bophahamo ba limithara tse 3 100. Ho hlokahala hore mokhanni a be le tsebo e khōlō hore a tsamaise tereilara lithabeng tse koahetsoeng ke lehloa tseleng e matsoelintsoeke; karolo e ’ngoe e na le methinya e kotsi e 31. Empa leeto lena le lelelele lea putsa, kaha barab’abo rōna ba Chile ba amohela limakasine tsa bona ka nako.
Khatiso ea Mebala e Mene e Etsa Hore Limakasine li Ipiletse Haholoanyane
Ha lefatše le ntse le sekamela litšoantšong haholoanyane, Mokhatlo o ile oa nahana ho hatisa Molula-Qhooa le Tsoha! ka mebala e feletseng. Pakane e ne e le ho hlahisa limakasine tsa rōna li entsoe ka mokhoa o ipiletsang empa e le ka tsela e baballang ka hohle kamoo ho ka khonehang. Mokhatlo oa Watch Tower, United States, o ile oa romela mochine oa khatiso o lokisitsoeng oa Harris oa web offset oa mebala e mene lekaleng la Argentina. Mochine oo oa khatiso o ile oa tlameha ho qhaqhoa, ho pakoa le ho romeloa ho tloha Wallkill, New York. Ha thepa ena ea bohlokoa e fihla Buenos Aires ka la 10 October, 1989, e ile ea tlameha ho kopanngoa hape. Barab’abo rōna ba nang le phihlelo ba tsoang ntlo-khōlō ea lefatše ba ile ba tla Argentina ho tla hlokomela mosebetsi le ho koetlisa basebetsi.
Khatiso ea mebala e mene e ile ea eketsa kabo ea limakasine haholo. Ka mohlala, ka 1991, selemo ka mor’a ho qala ho hatisa ka mebala e mene, kabo ea limakasine e ile ea eketseha ka hoo e ka bang milione, ho tloha ho tse 6 284 504 ho ea ho tse 7 248 955!
Likopano Tsa Machaba li Fana ka Khothatso
Ka mor’a ho thibeloa ka lilemo tse ngata haholo, Lipaki tsa Argentina li ne li labalabela monyetla oa ho tšoara kopano e ’ngoe ea machaba. Qetellong, ka December 1990 li ile tsa khona ho amohela Buenos Aires ba ka bang 6 000 ba tsoang linaheng tse ling tse fetang 20 Kopanong ea Machaba ea “Puo e Hloekileng.” John Barr le Lyman Swingle ba Sehlopha se Busang ba ile ba e-ba teng ’me ba fana ka lipuo tse khothatsang. Lenaneo la matsatsi a mane le ile la fanoa mabaleng a lipapali a River Plate le Vélez Sarsfield, ’me ba bileng teng ba ile ba etsa kakaretso ea ba fetang 67 000.
Le hoja ba kopane borapeling, ho se tšoane ha setso sa ba tlileng kopanong ho ne ho totobetse ka mebala-bala. Motho o ne a ka bona baralib’abo rōna ba Masepanishe ka mese ea bona e metle ea setso, basali ba Majapane ka likimono tsa setso, le ba tsoang Mexico ka lisutu tse ntšo le likatiba tse mapeno a maholo.
Ha kopano e fela, ho ne ho se ea batlang ho tsamaea. Lichaba tse fapaneng li ile tsa qala ho bina lipina tsa ’Muso ka boithaopo ka lipuo tsa tsona, li tsoka lisakatuku. Sena se ile sa etsahala ka nako e ka etsang hora pele ba tlileng kopanong ba e-ea malapeng qetellong. Ralitšoantšo oa koranta e ’ngoe o ile a re: “Ha ho mohla sena se kileng sa etsahala Argentina . . . Boikutlo bo joalo le mofuthu o mokaalo!”
Nahana ka thabo ea batho ba Argentina ha ba memeloa ho ba teng kopanong ea machaba naheng e ’ngoe! Sena se etsahetse ka 1993. Hokae? Santiago, Chile. Ba fetang sekete ba ile ba tloha Argentina ho ea teng. Libese tse hiriloeng tse 14 li ile tsa nka leeto la lik’hilomithara tse 1 400 ho tloha Buenos Aires ho ea Santiago. Esita le ponahalo e babatsehang eo ba eang kopanong ba ileng ba e thabela ha ba hloa Lithaba tsa Andes nakong ea leeto la bona la lihora tse 26 e ne e ke ke ea bapisoa le thabo ea ho kopana le Bakreste-’moho le bona ba ka bang 80 000 ba tsoang linaheng tse 24 Kopanong ea Setereke ea “Thuto ea Bomolimo” ea matsatsi a mane.
Hamorao ka 1998, lekala la Argentina le ile la mengoa hore le romele baemeli São Paulo, Brazil, le San Diego, California, bakeng sa Likopano tsa Machaba tsa “Tsela ea Molimo ea Bophelo.” Sara Bujdud, eo e bileng pula-maliboho ea khethehileng ka nako e telele, o ile a thabela kopano haholo San Diego hammoho le baemeli ba fetang 400 ba tsoang Argentina. Oa hlalosa: “Tokisetso ea Sehlopha se Busang ea hore re fihlele malapeng a barab’abo rōna e ne e le e lerato haholo. E ile ea re fa tlhase ea kamoo bophelo bo tla ba kateng lefatšeng le lecha ha moeli oa morabe le puo o ke ke oa hlola o e-ba teng.”
“Leleme la ba Rutiloeng”
Ka lebaka la boboleli bo chesehang ba barab’abo rōna le mananeo a moea, ho kopanyelletsa le likopano tsa machaba, ba bangata ba ile ba arabela ’neteng ’me ea e-ba bahoeletsi. Ka 1992 ho ile ha finyelloa tlhōrō ea ba 96 780. Palo ea Lipaki e ne e imenne habeli ho tloha ha li ngolisoa ka molao ka 1984.
Ka ho hlakileng, ho ne ho hlokahala balisa ba eketsehileng ho hlokomela mohlape o ntseng o eketseha oa linku tsa Jehova. (Esa. 32:1, 2; Joh. 21:16) Kahoo, Jehova o ile a lokisetsa lenaneo la ho koetlisa baholo le bahlanka ba sebeletsang ba masoha hore ba hlokomele liphutheho—Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi. Sekolo sena se ile sa qala United States ka 1987, ’me se tšoanang le sona se ile sa qaloa Argentina ka November 1992. Mohaho oa khale oa Bethele o ile oa fetoha sebaka se loketseng bakeng sa ho tšoarela sekolo.
Liithuti tse 375, ho kopanyelletsa le tse 91 tse tsoang linaheng tsa boahelani, li bontšitse kananelo e fetisisang bakeng sa tokelo ena. Ho nka phomolo ea likhoeli tse peli mosebetsing oa boipheliso bakeng sa ho ba Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi e bile phephetso. Ba bang ba ile ba tela mesebetsi kapa ba lahleheloa ke eona. Leha ho le joalo, Jehova o hlokomela ba etelletsang lithahasello tsa ’Muso pele bophelong ba bona. Ba bangata ba ile ba hlohonolofatsoa ka mesebetsi e nang le moputso o molemo ho feta oa pele tlas’a maemo a molemo ho feta a pele.—Mat. 6:33.
Hugo Careño o ne a sebetsa bankeng ha a memeloa ho ba teng sehlopheng sa pele. O ne a amohela moputso o motle, ’me kemiso ea mosebetsi e ne e mo nolofalletsa ho bula maliboho. O ile a rapela Jehova ka tieo eaba o bua le mookameli oa hae empa a bolelloa hore a ke ke a lokolloa mosebetsing hore a ee sekolong. Eaba Hugo o re: “Ruri ke lokela ho ea, empa nka leboha haeba u ka mpolokela mosebetsi ho fihlela ke qeta thupelo.”
Ka mor’a hore boto ea batsamaisi e nahane ka taba ena, kōpo ea hae ea phomolo e ile ea amoheloa. Leha ho le joalo, ha Hugo a qeta ho fumana mangolo, o ile a khetheloa ho sebeletsa e le pula-maliboho ea khethehileng, e leng ho bolelang ho qeta lihora tse 140 tšebeletsong. Hugo o ile a rapela ka matla pele a tsebisa mookameli oa hae hore oa tsamaea. Mookameli oa hae o ile a itšoara joang? O ile a re: “Re masoabi ho lahleheloa ke uena, empa re u lakaletsa se molemo mosebetsing oa hao o mocha.” Hugo, eo hona joale a sebeletsang e le molebeli ea tsamaeang, o re: “Ke ’nile ka bona ka makhetlo-khetlo hore Jehova oa re tšehetsa ha re khetha ho etelletsa tšebeletso ea hae pele bophelong ba rōna.”
Liithuti tsena li haha liphutheho tseo li abetsoeng ho tsona ’me li tiisa bonnete ba mantsoe a Jesu: “Bohlale bo pakoa ke mesebetsi ea bona hore bo lokile.” (Mat. 11:19) Boleng ba liboka bo ntlafetse, e leng ho feletseng ka lenane le phahameng la ba bang teng libokeng. Ba sebelisa koetliso eo ba e fumaneng, barab’abo rōna ba leka ho lemoha kamoo ‘ka lentsoe ba ka arabang ea khathetseng kateng,’ ha ba lisa mohlape oa Molimo. (Esa. 50:4) Liithuti tse ling hona joale li sebeletsa e le balebeli ba potoloho, ’me tse ling tse ngata, e le balebeli ba potoloho ba tšoarang molepo.
Thuso ea ho ‘Ila . . . Mali’
Ha palo ea bahoeletsi e ntse e eketseha, le palo ea Lipaki tse hlokang tlhokomelo ea meriana e ile ea eketseha. Kaha li leka ho phela tumellanong le taelo ea Bibele ea ho ‘ila . . . mali,’ ho ile ha ipaka ho le molemo ho theha litšebeletso tse tlatsetsang bakeng sa ho li thusa.—Lik. 15:29.
Lingaka li ne li le leqe ho tlohela tšelo ea mali ha li nahana hore ea hlokahala. Ho phaella moo, baahloli ba bangata ka potlako ba ne ba laela hore bakuli ba Lipaki ba qobelloe ho tšeloa mali. Ketsahalong e ’ngoe moahloli o ile a laela hore tšelo ea mali e etsoe ho mokuli ea neng a e-na le tokomane e loketseng ea molao e bolelang hore o hana ho amohela mali tlas’a maemo leha e le afe.
Seboka sa machaba se thakholang lenaneo la Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele (HLC [Hospital Liaison Committee]) se ile sa tšoareloa Buenos Aires ka February 1991. Barab’abo rōna ba bararo ba tsoang lefapheng la Boitsebiso bo Mabapi le Litšebeletso tsa Sepetlele, Brooklyn, ba ile ba sebeletsa e le barupeli bakeng sa barab’abo rōna ba 230 ba tsoang Argentina, Bolivia, Chile, Paraguay le Uruguay. Ba ileng ba e-ba teng sebokeng ba ile ba ithuta kamoo ba ka lemohang litlhoko tsa bakuli ba Lipaki le kamoo ba ka thusang lingaka ka boitsebiso ba phekolo ntle ho mali.
Kajeno, li-HLC tse 17 tse entsoeng ka baholo ba 98, li mafolofolo metseng e meholo ho pholletsa le Argentina, li fa lingaka boitsebiso ba bohlokoa ’me li fana ka tšehetso e lerato ho Lipaki tsa Jehova. Mosebetsi oa tsona o tlatsoa ke baholo ba bang ba makholo ba itetseng ba etsang Lihlopha tse Etelang Bakuli, tse hloelang bakuli ba Lipaki ho ea ba thusa le ho ba khothatsa. Hona joale ho na le lingaka tse ka bang 3 600 Argentina tseo ka ho ithatela li lumelang ho phekola Lipaki tsa Jehova ntle ho mali.
Mosebetsi oa Liphallelo o Susumetsoang ke Lerato
Ho hlakile hore Argentina ha ea lokoloha likoluoeng tsa tlhaho. Lipaki tsa Jehova li sebetsana ka katleho joang le mahlomola a joalo? Ka la 23 November, 1977, tšisinyeho ea lefatše e entseng 7,4 sekaleng sa Richter e ile ea baka tšenyo e tebileng karolong eohle e ka bophirimela-bohareng ea Argentina. Le hoja mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ne o thibetsoe ka nako eo, ka potlako barab’abo rōna ba ile ba hlophisa liphallelo. Li susumetsoa ke lerato, Lipaki tse haufi li ile tsa kopanela mosebetsing ona, ho sa tsotellehe mathata a amehang.—1 Bathes. 4:9.
Ka letsatsi leo koluoa e etsahetseng ka lona, Lipaki tse tsoang liprofinseng tse haufi tsa Mendoza le San Luis li ile tsa leba sebakeng se amehileng li tsamaea ka lipalangoang tsa mefuta-futa. Ka lebaka la mangope a bakiloeng ke tšisinyeho ea lefatše, ba boholong ba ile ba koala hoo e batlang e le litsela tsohle tse eang motseng oa Caucete, o neng o senyehile. Li sebelisa litsela tse ling tse fetang litoropong tsa boahelani, Lipaki li ile tsa tlisa lijo, liaparo le thepa ea thuso ea pele. Ha li atamela motse, li ile tsa bona seo li neng li nahana hore ke mosi o nyolohang fatše, empa ha e le hantle e ne e le lerōle le bakiloeng ke tšisinyeho ea lefatše. Ka ho panya ha leihlo feela batho ba ile ba lahleheloa ke mahae a bona le lintho tse bonahalang, ’me ba bang ba ile ba lahleheloa ke bophelo. Sello se ne se utloahala hohle. Caucete, matlo a fetang sekete a ne a senyehile ka ho feletseng, ho kopanyelletsa le matlo ’ohle a barab’abo rōna. Ka potlako, Lipaki li ile tsa hloma matlo a nakoana. Lipaki tse ka bang lekholo li ile tsa kopanela mosebetsing oa liphallelo.
María de Heredia, eo e leng pula-maliboho oa kamehla Phuthehong ea Caucete, o re: “Morali oa moahelani oa ka o ne a le haufi le ho pepa ’me o ne a utloa mahlaba a pelehi. Barab’abo rōna ba ile ba hloma tente e khōlō setšeng sa moahelani oa ka bakeng sa ho fana ka bolulo. Hona bosiung boo ho ile ha e-ba le sefefo se matla. Moahelani oa ka ea nang le kananelo o ile a re: ‘Ho thata ho lumela hore ha ho motho kerekeng ea rōna ea ileng a tla bona hore na re sa phela kapa re shoele. Lipaki tsa Jehova li ile tsa re thusa ha re hloka bolulo!’”
Ka April 1998 Lipaki li ile tsa boela tsa ntšetsa pele mosebetsi oa liphallelo. Pula ea sekhohola e ile ea baka moroallo o moholo karolong e ka leboea ea Argentina, haholo-holo liprofinseng tsa Corrientes, Formosa, Chaco le Santa Fe. Ka nako ea lihora tse 72, motse oa Goya, Corrientes, o ile oa fumana pula ea lisenthimithara tse 60. Metsi a ile a tlala matlo ’me a senya thepa ea Lipaki tsa Jehova tse etsang karolo ea 80 lekholong sebakeng sena. Moroallo o ile oa hohola lijalo le liphoofolo esita le marokho le litsela tse khōlō, oa etsa hore ho be thata ho kena motseng. Mor’abo rōna Heriberto Dip, eo e neng e le molebeli oa potoloho sebakeng se amehileng, o ile a sebetsa le baholo ba sebaka sena, a arola sebaka sena ka likarolo, eaba o hloela barab’abo rōna malapeng a bona. Ba bang ba ile ba ntšoa sebakeng sena ka seketsoana ba isoa Holong ea ’Muso. Bohle ba ile ba fuoa lijo, liaparo le meriana.
Ha Lipaki tsa Jehova profinseng e haufi ea Entre Ríos li tseba bothata ba balumeli-’moho le tsona Goya, li ile tsa arabela ka potlako. Ka matsatsi a mabeli feela, liphutheho tse 12 tsa Paraná, profinseng ea Entre Ríos, li ile tsa bokella lijo tse sa senyeheng tse ka etsang bonyane lithane tse ’nè le liaparo eaba li li laela terakeng eo li neng li e alimile Lefapheng la Litsela tse Khōlō.
Ho aba liphallelo ho ne ho se bonolo ho hang. Marokho a mabeli a ne a hohotsoe. Lelibohong la pele moo ho neng ho e-na le borokho, barab’abo rōna ba ile ba emisa eaba ba thusa basebetsi ba tseleng e khōlō ho beha mekotla ea lehlabathe e makholo. Joale ba ile ba laolla thepa ea bona, ba e tšelisa nōka, eaba ba e laela literakeng tse neng li ba emetse.
Mokhahlelong oa bobeli oa leeto, ba ile ba tlameha ho tsamaea tseleng e nang le metsi a mangata a phallang hoo ho neng ho le thata ho tsamaisa literaka. Ka shoalane, ba ile ba fihla lelibohong la bobeli, moo masole a nang le seketsoana se seholo a ileng a lumela ho etsa maeto a ’maloa ho tšelisa thepa ea bona.
Sebakeng sena qetellong sehlopha sa liphallelo se ile sa kopana le barab’abo rōna ba Goya ’me sa tsamaea le bona leetong la sona. Ka sebele barab’abo rōna ba Goya ba ne ba anngoe ke lerato le boikemisetso ba balumeli-’moho le bona, ha ba leng Paraná ba ne ba khothalitsoe ke mamello e tiileng ea ba hlasetsoeng ke moroallo.
Liphutheho tse sebakeng se nang le moroallo le tsona li ile tsa etsa bopaki ka lipontšo tsa tsona tse ngata tsa lerato. Ketsahalong e ’ngoe monna ea sa lumelang oa morali’abo rōna o ile a hlalosa kameho ea hae e khōlō le masoabi ka boemo bo thata ba moruo bo bakiloeng ke pula. Morali’abo rōna o ile a mo tiisetsa hore phutheho e tla ba thusa. Letsatsing le hlahlamang, masoabi a hae a ile a fetoha ho makala ka thabo ha baholo ba fihla lapeng la bona ka lijo tse ngata! Ka nako eo liphallelo tsa ’muso le tsa sechaba li fihlang ho batho ka eona, Lipaki li ne li se li amohetse thuso ka makhetlo a mane kapa a mahlano.
Moea oa Bopula-maliboho ha oa ka oa Fokotseha
Le hoja barab’abo rōna ba anngoeng ke moroallo ba ne ba se na lintho tse bonahalang, ba ne ba ikemiselitse ho bolela lentsoe. Bahoeletsi ba bangata sebakeng se hlasetsoeng ke moroallo ba ile ba eketsa mosebetsi oa bona oa boboleli. Phuthehong e ’ngoe, ba bangata ba ile ba ngolisa e le bo-pula-maliboho ba thusang, le hoja karolo ea 80 lekholong ea tšimo ea bona e ne e koahetsoe ke metsi!
Liphutheho li ile tsa etsa litokisetso tsa ho bolela masimong a litsi tsa khoebo, lipetlele, boemelong ba libese le mehahong e melelele. Le hoja pula e ile ea tsoela pele, bo-pula-maliboho ba ne ba ka sebetsa libakeng tsena ’me ba ’na ba lula ba sa koloba hakaalo. Hape bo-pula-maliboho ba thusang ba ile ba ithuta ho sebetsa e le sehlopha, ba tšehetsa litokisetso tsa tšebeletso ea tšimo ’me ba bonahatsa boikutlo bo nepahetseng. Ka lebaka la ho latsoa tlhokomelo ea Jehova e lerato maemong a thata ka ho fetisisa, ba bangata ba bona hona joale ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba kamehla.
Boemo ba Lefatše Boa Fetoha
Ha lekala la Argentina le hlokomela hore “boemo ba lefatše lena boa fetoha,” le ile la khothalletsa balebeli ba potoloho ho feto-fetola likemiso tsa bona tsa tšebeletso e le hore ba ka buisana le batho ba eketsehileng. (1 Bakor. 7:31) Libakeng tse ling ho thata ho fumana batho malapeng motšehare kaha batho ba eketsehileng ba sebetsa ka nako e tletseng. Kahoo ho ile ha etsoa tlhahiso ea hore ho etsoe bopaki ba seterateng kapa ba libakeng tsa khoebo hoseng e le hore mosebetsi oa boboleli ba ntlo le ntlo o ka etsoa mantsiboea. Ho boetse ha hatisoa bopaki ba thelefono le bo sa reroang. Bahoeletsi ba khothalletsoa hore ba falimehele menyetla leha e le efe ea ho bua le batho.
Ha morali e mong oabo rōna a ntse a bolela ka ntlo le ntlo, o ile a bona monna ea bapalang le bana ba hae serapeng sa boikhathollo ka mose ho seterata. Le hoja ba ne ba le lesisitheho, eena le motsoalle oa hae ba ile ba mo atamela. Ba ile ba qala moqoqo ’me ba makatsoa ke karabelo ea hae e ntle. Monna enoa o bile a ba fa aterese ea hae. Morali’abo rōna le monna oa hae ba ile ba mo etela ’me ba fumana monna enoa le mosali oa hae ba ba emetse ka tabatabelo. Ka mor’a lipuisano tse ’maloa, ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele. E ne e se e le hangata Lipaki tsa Jehova li etela lelapa lena, empa ho ne ho se mohla mosali a kileng a bontša thahasello. Hona joale lelapa lena le tsoela pele hantle, le ba teng libokeng ebile le nka karolo ho tsona.
Profinseng e ka boroa ea Santa Cruz, Claudio Julian Bórquez o sebelisa boemo ba hae e le motho ea bontšang batho libaka bakeng sa ho paka ka mokhoa o sa reroang ho bahahlauli ba etelang Glaciers National Park. Serapa sena sa boikhathollo se na le lithaba tse khōlō tsa leqhoa tse 13, ho kopanyelletsa le Perito Moreno e ka bang bophara ba lik’hilomithara tse 5, e hohelang bahahlauli ba tsoang lefatšeng lohle. Ha bahahlauli ba makalla botle ba thaba ea leqhoa, mora enoa oabo rōna o lebisa tlhokomelo ho ’Mōpi ’me o aba lingoliloeng ka lipuo tse fapaneng. E, Lipaki tsa Jehova Argentina li sebelisa monyetla o mong le o mong ho bolela lentsoe ho “batho ba mefuta eohle.”—1 Tim. 2:4.
Ho paka seterateng ke mokhoa o mong oa ho finyella batho ka molaetsa oa Bibele. Victor Buccheer, ea mafolofolo bopaking ba seterateng, o ile a mema mohoeletsi ea sa tsoeng kamehla hore a tsamaee le eena. Mohoeletsi eo o ne a lokela ho kena mosebetsing ka 8:30 hoseng, kahoo ba ile ba rera ho qala bopaki ba seterateng ka 5:30 hoseng. Mosebetsi ona oa ka matjeke o ile oa thusa mohoeletsi le lelapa la hae la litho tse robong hore ba boele ba kopanele tšebeletsong kamehla. Ba ile ba khona ho qala lithuto tsa Bibele le ho tsamaisa limakasine tse ka bang 176 ka khoeli. Sena se ile sa khothalletsa ba bang ho kopanela bopaking ba seterateng ka matjeke.
Baromuoa ba Nako e Telele—E Ntse e le Basebeletsi ba Mafolofolo
Ho theosa le lilemo, baromuoa ba bangata ba sebelelitse Argentina, ba ithuta puo e ncha, ba itloaetsa mekhoa e mengata ea bophelo, ba mamella mathata a bophelo ’me ka sebete ba tobana le mathata nakong ea thibelo. Ba bang ba ile ba tlameha ho tsoa ka har’a naha ka lebaka la ho fetoha ha kabelo ea bona, mathata a bophelo kapa boikarabelo ba lelapa. Gwaenydd Hughes, mor’abo rōna ea neng a le sehlopheng sa botšelela sa Gileade, hamorao o ile a nyala ’me a hōlisa bara ba babeli; o ile a tsoela pele a sebeletsa Jehova ka botšepehi ho fihlela lefung. Ba bang ba kang Ofelia Estrada le Lorene Eisenhower, ba ile ba shoa ba ntse ba tsoela pele likabelong tsa bona. Leha ho le joalo, baromuoa ba bangata ba inehetseng ba lihlopha tse qalang tsa Gileade ba ntse ba le mafolofolo likabelong tsa bona.
Helen Nichols le Helen Wilson, ba sehlopha sa pele sa Gileade, ba ile ba abeloa ho ea Argentina ka 1948. Ka 1961 ba ile ba romeloa profinseng e leboea-bophirimela ea Tucumán. Ka nako eo, ho ne ho e-na le phutheho e le ’ngoe feela e nyenyane motseng oa San Miguel de Tucumán. Kajeno, ho na le liphutheho tse 13 le Liholo tsa ’Muso tse supileng motseng ona le liphutheho tse ling tse hlano sebakeng se haufi. E bile thabo e kaakang ho baromuoa baa hore ebe ba bile le kabelo keketsehong ee!
Charles Eisenhower, oa sehlopha sa pele sa Gileade, o ile a qala tšebeletso ea hae ea boromuoa Cuba, moo a ileng a sebeletsa ho tloha ka 1943 ho fihlela ka 1948 ’me a bona palo ea bahoeletsi e hōla ho tloha ho ba 500 ho ea ho ba 5 000. Joale o ile a abeloa ho ea Argentina, moo a ileng a sebeletsa e le moromuoa, eaba e ba molebeli oa potoloho, ea ntan’o ba molebeli oa setereke ho fihlela ka April 1953. Ka nako eo o ile a abeloa ho ba molebeli oa lekala. O bile le tokelo ea ho bona palo ea bahoeletsi Argentina e hōla ho tloha ho ba 900 ho ea ho ba fetang 120 000. Mor’abo rōna Eisenhower, ea sebeletsang e le mohokahanyi oa Komiti ea Lekala, o re: “Ha ho letho le ka thabisang bahlankana le baroetsana ho feta ho nehela bophelo ba bona ka ho feletseng tšebeletsong ea Jehova.”
Thabo ea ho Sebeletsa Jehova
Lipaki tsa Argentina tse kenetseng tšebeletso ea nako e tletseng e le mosebetsi oa tsona li boetse li thabela ho sebelisa bophelo ba tsona ho sebeletsa Jehova. Marcelo le María Oliva Popiel ba ile ba kolobetsoa ka 1942 le 1946 ka ho latellana. E bile bo-pula-maliboho ba khethehileng ka lilemo tse 44. Thibelo ea 1976 e ne e se phihlelo e ncha ho ba ha Popiel, kaha ba ne ba bile le phihlelo ea lithibelo mosebetsing oa bona hantle ka mor’a thibelo ea 1950. Ba ile ba thusa ba bacha ho sebetsana ka katleho le lithibelo tse bakiloeng ke thibelo e tsosolositsoeng ’me ba ba khothalletsa ho tsoela pele ka botšepehi tšebeletsong ea bona. Marcelo o ananela lilemo tseo a sebelelitseng Jehova ka tsona. O re: “Hoa thabisa hore ebe re khonne ho sebeletsa Jehova ka botšepehi. Re leboha Jehova haholo ka ho re fa tokelo ea ho mo sebeletsa le ho re lumella ho qeta lilemo tse molemo ka ho fetisisa tsa bophelo ba rōna re etsa mosebetsi oa bohlokoa e le kannete.”
Pietro Brandolini, ea ileng a kolobetsoa ka 1957 le ea sebelelitseng e le pula-maliboho ea khethehileng ka lilemo tse ka bang 40, o na le maikutlo a tšoanang. O thabetse hore ebe o sebelisitse bophelo ba hae tšebeletsong ea nako e tletseng, kaha o amohetse litlhohonolofatso tse ngata ho feta kamoo a neng a ka lebella kateng. Ka cheseho o re Jehova o mo hlokometse ka linako tsohle, moeeng le ka lintho tse bonahalang.
Pietro o ka holimo ho lilemo tse 70, ’me ka linako tse ling oa kula. Leha ho le joalo, o ntse a le mafolofolo e le pula-maliboho ea khethehileng. Morao tjena, o ile a kopana le monna eo e leng tichere sekolong sa K’hatholike. Pietro o ile a buella thuto ea Bibele ho eena, e leng seo tichere e ileng ea se amohela ka thabo. Ka mor’a thuto ea bone, monna enoa o ile a bolella Pietro hore o lumela hore o ithuta ’nete. Pietro o ile a mo lemosa hore ha baprista sekolong ba tseba hore o ithuta le Lipaki tsa Jehova, a ka ’na a lahleheloa ke mosebetsi. Leha ho le joalo, monna enoa o ile a bolela hore ha aa khathatseha, kaha a ka fumana mosebetsi sebakeng se seng. Pietro o ile a thaba hakaakang ha a utloa hore tichere ena e nka ’nete ea Lentsoe la Molimo e le ntho ea bohlokoa hakaalo!
Ho Chesehela Mesebetsi e Metle
Ba bang ba bangata ba elelletsoe ho potlaka ha nako ’me ba ipakile hore ba ‘chesehela mesebetsi e metle.’ (Tite 2:14) Hona joale, ho na le bahoeletsi ba fetang 120 000 Argentina, ’me ba fetang 7 000 ba bona ba butse monyetla bophelong ba bona bakeng sa tšebeletso ea bopula-maliboho ba kamehla. Hernán Torres ke e mong oa bona. Kaha a ka ba lilemo li 70, o foufetse ebile o sebelisa setulo sa likooa, ho hlokahala hore a etse boiteko bo eketsehileng hore a finyelle tlhokahalo ea lihora tsa bo-pula-maliboho. Ka matsatsi a mang o tsoha hoseng ’me o ea sebakeng se seng lehaeng la maqheku moo a lulang teng. O bua le ba bang ka Bibele, o etsa maeto a ho boela, ’me o tsamaisa limakasine ho batho ba lulang sebakeng sena ba leng tselaneng ea hae ea limakasine. Ha boemo ba leholimo bo le botle, o lula ka ntle ho lehae lena ’me o pakela ba fetang ka tsela. Ka matsatsi a mang, mora kapa morali oabo rōna o tsamaea le eena tšebeletsong ea ntlo le ntlo. Kaha ha a bone, ea tsamaeang le eena o mo tsebisa hore na o bua le mang. Haeba e le monna ea arabelang ha ho kokotoa, motsoalle oa hae o mo phathatsa hanngoe lehetleng. Haeba ke mosali, o mo phathatsa habeli. Haeba ke mocha, o mo phathatsa hararo.
Pula-maliboho e mong oa kamehla, Rolando Leiva, o kuta moriri. Sebakeng seo a kutelang moriri ho sona, o papanehile lingoliloeng tsa Mokhatlo oa Watch Tower. Litokollo tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa le Tsoha! li papanehoa kamehla. Batho bao a ba kutang moriri ba tloaetse ho fumana e le lingoliloeng tsa Watch Tower feela tseo ba ka li balang. Rolando o re: “Kaha ha ke kute moriri ka boturu, batho bao ke ba kutang moriri ba amohela seo ke ba fang sona.” Ha a ntse a kuta motho, o sheba ka seiponeng ho bona ba letileng. “Ha ke bona motho ea balang makasine ka thahasello, ke qala moqoqo le eena ha ke ntse ke mo kuta moriri.” Ka ho etsa joalo, Rolando o ile a fumana lipeeletso tse 163 ka selemo se le seng sa tšebeletso! O boetse o qalile lithuto tse ngata tsa Bibele le batho bao a ba kutang moriri. Tse robeli tsa lithuto tseo a li khannang hona joale o li fumane ka bopaki bo sa reroang sebakeng seo a kutelang moriri ho sona.
Le ba banyenyane ba bontša cheseho ho boleleng lentsoe. Elber Heguía, mor’abo rōna ea lilemo li 13, o ’nile a bula-maliboho ka lilemo tse peli Phuthehong ea Centro, San Pedro, profinseng ea Jujuy. Ha morali’abo rōna a mo fa aterese ea monna eo a kopaneng le eena ha a etsa bopaki ba seterateng, Elber o ile a etela monna enoa ’me a makala ha a fumana hore monna enoa o ruta ho loana ntle le libetsa. O ile a atamela mokoetlisi ’me a hlalosa lebaka leo a tlileng ka lona, ’me ka mor’a moo monna enoa a amohela kopi ea buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Monna enoa o ile a thabela buka ’me a kōpa likopi bakeng sa liithuti tsa hae tsa ho loana ntle le libetsa. Ka lebaka la sena, Elber o ile a tsamaisa libuka tse 50, libukana tse 40 le limakasine tse ’maloa. O ile a qalisa thuto ea Bibele le mokoetlisi le liithuti tsa hae tse 25. Tse ling li tsoela pele hantle.
Lipaki Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
Qalong bahoeletsi ba chesehang ba ile ba tlisa litaba tse molemo Argentina ba tsoa linaheng tse ling, ’me barab’abo rōna ba Argentina ba etsisitse moea oa bona oa ho itela. Lelapa la Bethele le hōtse ho ba le litho tse 286. Bara le barali ba bang babo rōna ba 300 ba kopanela litšobotsing tse ling tsa tšebeletso ea nako e tletseng.
Ba bang ba ithaopetse ho sebeletsa linaheng tseo ho tsona ho nang le tlhokahalo e khōloanyane. (Esa. 6:8) Ka mohlala, lilemong tsa bo-1980, Sehlopha se Busang se ile sa lokisetsa hore barab’abo rōna ba 20 ba tsoang Argentina ba sebeletse e le baromuoa Paraguay ba sa ka ba ea Sekolong sa Gileade. Morao tjena, palo e khōlō ea baralib’abo rōna ba masoha, esita le ba bang, e falletse sebakeng sena ho tla sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane. Ka boithaopo ba itloaelitse maemo a chesang le a mongobo a leholimo bakeng sa ho phatlalatsa litaba tse molemo. Ba bangata ba bara le barali babo rōna ba 73 ba Argentina bao hona joale ba sebeletsang Paraguay ba leka ho ithuta puo ea sebaka sena ea Seguarani bakeng sa ho finyella palo e khōloanyane ea batho.
Ha lilemo li ntse li feta, ba bangata ba ile Bolivia le Chile ho ea sebeletsa teng e le bo-pula-maliboho le balebeli ba tsamaeang. Ha mosebetsi o buleha Europe Bochabela, mor’abo rōna oa Argentina ea buang Sehungary o ile a ithaopa ’me hona joale o sebeletsa Hungary e le molebeli oa potoloho. Banyalani ba bang ba ile ba batlisisa mabapi le ho falla ho ea thusa mosebetsing oa boboleli Benin, Afrika, ’me ba ile ba romeloa teng e le baromuoa. Lerato la bona le bonahatsa boikutlo ba batho bohle ba Jehova ba lulang paradeiseng ea moea, moo ho se nang meeli ea lichaba.
Argentina, baboleli ba mafolofolo ba litaba tse molemo tsa ’Muso ba ’nile ba ikemisetsa ho ‘bolela lentsoe, ho ba ho lona ka ho phehella’ “nakong e tšoanelang” le “nakong e likhathatso.” (2 Tim. 4:2) Ka lebaka la boiteko ba bona bo phehellang, batho ba fetang 120 000 Argentina kajeno ba rorisa Jehova ’me ba thabela tlhohonolofatso ea hae e enneng.—Liprov. 10:22.
[Krafo/Setšoantšo se leqepheng la 186]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
KEKETSEHO EA PALO EA LIPAKI LILEMONG TSA THIBELO
1950 1960 1970 1980
1 416 7 204 18 763 36 050
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 148]
[Litšoantšo tse leqepheng la 150]
Ba ile ba thusa ho rala motheo oa boboleli ba litaba tse molemo Argentina: (1) George Young, (2) Juan Muñiz, (3) Carlos Ott, (4) Nicolás Argyrós
[Setšoantšo se leqepheng la 152]
A sebelisa bese ena, Armando Menazzi hammoho le Lipaki tse ling tse chesehang ba ile ba bolela bonyane ho pholletsa le liprofinse tse leshome
[Setšoantšo se leqepheng la 156]
Mor’abo rōna Knorr (ka ho le letona) ho e ’ngoe ea likopano tse ileng tsa tšoaroa ka 1953 nakong ea thibelo
[Setšoantšo se leqepheng la 161]
Mochine oa pele oa “web offset” o sebelisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 162]
Kopano ea Machaba ea “Tlhōlo ea Bomolimo” Río Ceballos, ka 1974
[Setšoantšo se leqepheng la 178]
Kopano e tšoaretsoeng morung linakong tse thata
[Setšoantšo se leqepheng la 193]
Holo ea ’Muso e phaphamalang molomong oa Nōka ea Paraná
[Setšoantšo se leqepheng la 194]
Steven le June Lee ba sebeletsa potolohong ea machaba bakeng sa Makorea
[Setšoantšo se leqepheng la 200]
E ’ngoe ea Liholo tsa ’Muso tse ka thōko ka leboea e hahuoeng ka potlako Ushuaia, Tierra del Fuego
[Litšoantšo tse leqepheng la 202]
Liholo tsa Kopano Argentina: (1) Moreno, (2) Córdoba, (3) Lomas de Zamora, (4) Misiones
[Setšoantšo se leqepheng la 204]
Holo ea Kopano ea Cañuelas
[Litšoantšo tse leqepheng la 208, 209]
Kopano ea machaba ea 1990
[Setšoantšo se leqepheng la 215]
Moroallo o moholo karolong e ka leboea ea Argentina o ile oa siea ba bangata ba se na bolulo
[Litšoantšo tse leqepheng la 218]
Baromuoa ba pele ba ntseng ba sebeletsa Argentina: (1) Filia Spacil (2) Edith Morgan (3) Sophie Soviak (4) Helen Wilson (5) Mary Helmbrecht (6) Charles Eisenhower
[Litšoantšo tse leqepheng la 223]
Komiti ea Lekala (ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona): M. Puchetti, N. Cavalieri, P. Giusti, T. Kardos, R. Vázquez, C. Eisenhower
Mehaho ea Lekala: (2) liofisi, (3) setsi sa khatiso, (4) Lehae la Bethele