Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 8/15 maq. 8-13
  • Ho Thabile ba Sebelisang Matla Hantle!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Thabile ba Sebelisang Matla Hantle!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova—O Matla, Empa Hape o Bohlale, o na le Toka
  • Mohlala oa Jesu Kreste
  • Ba Bang Ba Sa Kang Ba Sebelisa Matla Hampe
  • “Jehova o Matla Haholo”
    Atamela ho Jehova
  • Itebele Khahlanong le ho Sebelisa Matla Hampe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Jehova—Ea Sefutho ho Sebeliseng Matla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • “Batlang Jehova le Matla a Hae”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 8/15 maq. 8-13

Ho Thabile ba Sebelisang Matla Hantle!

“Jehova o pelo e telele, o moholo ka matla, ha a latolele motho molato oa hae. Jehova . . . [“ha a tlohele ho otla,” NW]—NAHUME 1:3.

1. Ke hobane’ng ha hore motho a be le matla a mofuta o itseng e se lebaka la ho ithorisa?

HO NA le mefuta e mengata ea matla eo batho ba bohlale ba ka e sebelisang ka mokhoa o nepahetseng. Ka baka la seo re se filoeng ka tlhaho kapa ka lebaka la maemo, re ka ’na ra ba le matla a khethehileng a mofuta ona kapa oane. Empa na lee ke lebaka la ho ikhantša? Le hanyenyane. Re bala eng ho Jeremia 9:23? “Ea leng bohlale a se ke a ithorisa bohlaleng ba hae, ea matla a se ke a ithorisa matleng a hae, mofumi a se ke a ithorisa lefumong la hae.” Hobane’ng? Moapostola Pauluse o fana ka karabelo e ntle ho 1 Ba-Korinthe 4:7: “Ke mang ea u khethang ho e mong? ’Me u na le eng eo u sa kang ua e fuoa? ’Me ekare ha u e filoe, u ka ithorisa joang, joale ka hoja u sa ka ua e fuoa?”

2. Ke hobane’ng ha re hloka hore re itebele ha ho fihloa tabeng ea ho sebelisa matla?

2 Ke hobane’ng ha re lokela ho itebela khahlanong le tšebeliso leha e le efe e mpe ea matla ao e ka ’nang eaba re na le oona? Hobane “mehopolo ea motho e le mebe le bocheng ba hae.” (Genese 8:21) Kaha bohle re na le tšekamelo ena eo re e futsitseng ea boikhabi, ho hlokahala hore ka linako tsohle re itebele hore na re sebelisa ka nepo matla leha e le afe ao re nang le oona. Seroki se kile sa bolela khopolo ena: ‘‘Ha ho letlotlo leo motho a keng a be le lona a sa le bokotse. Ha ho matla a keng a tle a sa hulanye leraba le sa bonahaleng.” E, ka lebaka la ho se phethahale ho futsitsoeng, kamehla ho ba le tšekamelo ea ho sebelisa matla ka boikhabi.

Jehova—O Matla, Empa Hape o Bohlale, o na le Toka

3. Ka ho Jehova ho lutse matla a mefuta efe?

3 Ha ho e mong ntle ho ’Mōpi, Jehova Molimo, ea re behelang mohlala o motle, e, o phethahetseng tšebelisong Ea matla. Ha a potlake empa o lieha ho halefa leha ho hlokahala hore a bontše matla a hae ka ho iphetetsa. (Nahume 1:3) Ha ho ea nang le matla a fetang a Molimo, e leng lebaka leo ka lona re mo bitsang ea matla ’ohle. O itšebelisetsa ka nepo tlotla, “Molimo o matla ’ohle.” (Genese 17:1) Hase feela hore o na le matla a feletseng ka kutloisiso ea hore matla a hae ha a lekanyetsoe, empa hape o na le matla ’ohle ka hore o na le boholo bohle ka lebaka la boemo ba hae e le Morena ’Musi oa bokahohle boo a bo bōpileng. Ke ka lebaka leo ho seng ea ka iketsisang ho ‘thibela letsoho la hae, kapa a re ho eena, U etsa’ng na?’—Daniele 4:35.

4. Ke hobane’ng ha e le bohlale ho tšaba Jehova?

4 Ka lebaka la ’nete ea hore Jehova Molimo o matla ’ohle, ke bohlale ho rōna ho tšaba ho mo halefisa. E, “qalo ea bohlale ke ho tšaba Jehova; ho tseba Ea halalelang ke hlalefo.” (Liproverbia 9:10) Pauluse o re lemosa hore re se ke ra boulelisa Jehova Molimo ka ho kopanela borapeling bofe kapa bofe ba litšoantšo hobane “hleka re mo fetisa ka matla na?” Le hanyenyane! (1 Ba-Korinthe 10:22) Empa, bohle ba tlōlang ka boomo litaelo tse lokileng tsa Molimo, ba itšoara joalokaha eka ba matla ho feta Jehova! Mantsoe a tsoelang pele a Pauluse a hatisa ntlha ena: “Molimo oa rōna ke mollo o timeletsang.”—Ba-Heberu 12:29.

5. Ke hobane’ng ha ho sa hlokahale hore re tlakaselle Jehova ka lebaka la matla ’ohle a hae?

5 Linnete tsena li ka ’na tsa re etsa hore re ikutloe re tlakasela kapa re thothomela hoja Jehova Molimo o ne a sa leka-lekanye ka ho phethahetseng matla ’ohle a hae le litšoaneleho tse ling tsa hae tse tharo tse ka sehloohong: bohlale, toka le lerato. Tšebeliso ea hae ea matla ka ho iphetetsa kamehla e tumellanong kapa kutloanong le makhabane ana. Ka mohlala, ruri Moroallo oa mehleng ea Noe e ne e le pontšo e khōlō ea matla a Jehova. Empa na tšebeliso ea Molimo ea matla e ne e le e sa lokang kapa e se nang lerato? Le hanyenyane! Batho ba ne ba silafalitse tsela ea bona hoo Molimo o ileng oa utloa bohloko pelong ka seo o neng o se bona. (Genese 6:5-11) Kaha batho bao ba khopo ba mehleng ea pele ho Moroallo ba ne ba sebelisa mahlohonolo a Molimo hampe, o ile oa nka bohato ka nepo ho ba hlakola lefatšeng, haholo-holo kaha ba ne ba hlokomoloha litemoso tsa “’moleli oa ho loka,” Noe.—2 Petrose 2:5.

6. Litšebelisano tsa Jehova le Sodoma le Gomorrha li bontša eng?

6 Ha baahi ba Sodoma le Gomorrha ba ipontša hore ke baetsalibe ba feteletseng, ka ho sebelisa hampe mahlohonolo ao bona, joaloka karolo ea batho, ba neng ba a thabela letsohong la Jehova, a laela hore baahi bao ba timetsoe. Ka lebaka la ho nahanela motsoalle oa hae Abrahama, Jehova a bolella monna eo oa tumelo ka morero oa Hae mabapi le Sodoma le Gomorrha. Abrahama ho bonahala a ne a nahana hore hona e tla ba tšebeliso e mpe ka ho fetisisa ea matla, eaba o botsa Jehova: “Hleka Moahloli oa lefatše a ke ke a etsa ka ho loka na?” Leha ho le joalo, Abrahama a sebetsa ka ho se utloisise. Qetellong, a tlameha ho lumela hore ruri taelo ea Jehova e lokile, hobane ho ne ho ke ke hoa fumanoa leha e le meea e leshome e lokileng metseng eo e ’meli. Ka sebele hona ho bontša kamoo Jehova Molimo a leng seli ho sebelisa matla a hae ka toka.—Genese 18:17-33; Esaia 41:8.

7. Ke hobane’ng ha Faro a ile a lokeloa ke ho fumana pontšo e iphetetsang ea matla a Jehova?

7 Hamorao, ha ho fihla nako ea hore a lokolle Baiseraele bokhobeng bo sa lokelang Egepeta, Jehova a nea Faro monyetla oa ho sebelisana le eena. Faro le sechaba sa hae ba ne ba ke ke ba hlaheloa ke kotsi. Empa ’musi eo ka boikhohomoso le ka manganga a hana ho lumellana le kōpo ea Jehova. Ka hona Molimo oa nea Faro letoto la pontšo ea matla a oona ka Likotlo tse Leshome holim’a Egepeta. (Exoda 9:16) Kamor’a hore Faro a lumelle Baiseraele ho tsamaea, ka manganga a tsoela pele ho qholotsa Jehova ka ho lelekisa Baiseraele. Kahoo, Jehova ka toka a sebelisa matla a hae ho felisa Faro le lebotho la hae Leoatleng le Lefubelu. (Pesaleme ea 136:15) Ho ke ho hlokomeloe hore ka lekhetlo le leng le le leng, Jehova o boetse a sebelisa matla a hae a maholo ho boloka bahlanka ba hae ba tšepahalang: Noe le lelapa la hae, Lota le barali ba hae ba babeli, le sechaba sa Iseraele.—Genese 19:16.

8. Ke ka lebaka lefe le letle Jehova a sebelitseng Sankeribe ka tsela eo a entseng ka eona?

8 Makholo a lilemo hamorao, mehleng ea Morena Ezekiase, Jehova Molimo a bontša matla a hae a maholo ka tsela e matla ka ho fetisisa le e lokileng ha morena oa Assyria Sankeribe a sokela Jerusalema. Batho ba Jehova, ba eteletsoe pele ke Morena Ezekiase ea tšabang Molimo le ea tšepahalang, ba ipiletsa ho Eena bakeng sa thuso. Ba ne ba mo sebeletsa ka botšepehi, kahoo Molimo oa nka bohato molemong oa bona. Ka lehlakoreng le leng, lenģosa la Morena Sankeribe, le ne le ile la ithorisa: ‘Le se ke la mamela Ezekiase, le se ke la mamela ha a le thetsa ka ho tšepisa hore Jehova o tla le lopolla. Na ho teng melimo ea lichaba tse ling e tsebileng ho lopolla batho ba eona letsohong la Sankeribe? Kaha ha ho le o mong oa melimo ena o bileng le hona ho etsa joalo, ke hobane’ng ha le ka nahana hore Jehova o tla tseba ho le loela.’ (Esaia 36:13-20) Ka lebaka la boithoriso bo joalo, Molimo o ile oa tlameha hore o sebelise matla a oona a maholo, o etsa hore masole a 185 000 a oe ka bosiu bo le bong, a paka hore ka sebele phapang e teng pakeng tsa melimo ea lichaba le Jehova.

9. Ke mehlala efe e meng e ka qotsoang ho bontša hore Jehova o hlokolosi ka hore na o sebelisa matla joang?

9 Nahana hape ka mehlala e meng e seng mekae e mengata e neng e ka fanoa. Ha Jehova a otla Meriame ka lepera, hoo e bile pontšo e nepahetseng ka ho phethahetseng le e bohlale ea matla a oona. Meriame o ne a lokeloa ke kotlo e joalo ka lebaka la ho bua ka boikhohomoso hakaalo khahlanong le ngoan’abo Moshe, mokhethoa oa Molimo. (Numere 12:1-15) Ho bile joalo le ha Morena Oziase ka boikhantšo a kena ka sehalalelong se khethehileng sa tempele ’me a inkela matla a ho chesa libano aletareng ea gauda, ka boikhohomoso a hana keletso ea baprista ba Balevi. Jehova a bontša matla a hae ka hore ka toka a otle morena ka lepera. (2 Likronike 26:16-21) Joalokaha libe tsa bona li ne li sa tšoane ka botebo, le kotlo ea Jehova ho bona e ne e sa tšoane ka botebo: Lepera la Meriame e bile la nakoana, empa Oziase o shoele e le molepera. Kahoo re ka bona hore ka linako tsohle Jehova o hlokolosi ho sebelisa matla a hae ka tsela e bohlale le e lokileng, a khona ho boloka ba tšepahalang, ba mo ratang le ho timetsa ba khopo.—Pesaleme ea 145:20.

Mohlala oa Jesu Kreste

10, 11. Ke liketsahalo life tse bontšang hore Jesu o ne a amehile ka tšebeliso e nepahetseng ea matla?

10 Mora oa Molimo ka ’nete e bile moetsisi e motle oa Ntate oa hae tšebelisong ea matla. Har’a liketsahalo tsa pele-pele ke nako eo ka eona Satane a ileng a tseka le eena setopo sa Moshe. Lentsoe habonolo feela a ka be a ile a ahlola Satane ka matla. Ho e-na le hoo, Lentsoe a chechela morao, kamoo re ka bolelang kateng, ho lumella hore khalemelo e tsoe ho Jehova Molimo ka boeena.—Juda 8, 9.

11 Moleko oa pele feela oo Satane a ileng a o hlahisa ho Jesu lefeelleng o ne o amana le taba ena ea ho sebelisa matla hampe. Satane a leka Jesu hore a sebelise matla a hae ao e seng a tlhaho ka morero oa boikhabi, hore a fetole majoe lijo. Hona e ne e le teko ea sebele hobane Jesu o ne a sa ka a ja ka matsatsi a 40, ’me o ne a ‘ikutloa a lapile.’ Satane a hlahisa moleko ona ka tsela e neng e tla tšoasa Jesu hore a nke tsela ea boikhabi, hobane o qalile ka ho re, “HA u le Mor’a Molimo, e-re, majoe ana a fetohe mahobe.” Ha ho pelaelo hore o ne a tšepile hore Jesu o tla lumela, ‘E hlile ke mora oa Molimo, ’me ho ho paka ke tla fetola majoe ao bohobe.’ Jesu, ho e-na le ho lekoa kapa ho tšoasoa hore a etse ka boikhabi kapa ka bothoto, a arabela: “Ho ngoliloe, ho thoe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela le ke polelo tsohle tse tsoang molomong oa Molimo.” (Mattheu 4:1-4) A hlokomoloha maikutlo ao a ho belaela hore na ke mora oa Molimo, ’me a hana ho sebelisa hampe matla ao Molimo o neng o mo file oona.

12. Jesu o ile a boela a bontša joang hore ha a nyoreloa matla?

12 Hamorao, kamor’a hore Jesu Kreste a fepe banna ba 5 000 ntle ho basali le bana ba bangata, Bajode ba ne ba batla ho mo etsa morena. Hoja a amohela mpho ea bona, hoo e ka be e bile tšebeliso e mpe ea matla ao a neng a e-na le oona ho susumetsa batho ka mehlolo ea hae. O tsebile hore o tlameha ho lula a sa jele paate lipolotiking tsa lefatše le hore o tlameha ho emela Jehova Molimo hore a mo nee borena. (Johanne 6:1-15) Hamoraonyana, ha matšoele a tlile ho tla mo tšoara, a ka be a ile a kōpa lilegione tse 12 tsa mangeloi ’me kahoo a thibela hore a ka tšoaroa. Leha ho le joalo, hoo e ka be e bile ho sebelisa matla hampe, hobane e ne e le thato ea Ntate oa hae hore a ikokobetse.—Mattheu 26:39, 53.

Ba Bang Ba Sa Kang Ba Sebelisa Matla Hampe

13, 14. (a) Ke mohlala ofe o motle oo Gideone a o beileng a bontša hore ha a meharo ea matla? (b) Saule o beile mohlala o joang ha a qala ho ba morena?

13 Har’a batho ba sa phethahalang ba hanneng moleko oa ho sebelisa matla hampe, Moahloli Gideone o tlameha ho boleloa. Hoba a lopolle Iseraele letsohong la Mediane, batho ba ne ba batla ho mo etsa morena oa bona. Gideone a hana, ka nepo a re: “Ha e le ’na, nke ke ka le busa, le eena mor’a ka a ke ke a le busa. Jehova ke eena ea tla le busa.” E, boitlhompho boo a ileng a bo bontša qalehong ea mosebetsi oa hae e le moahloli bo ne bo ntse bo le teng. ’Me karabelo ea Gideone e bonahalitse tsela eo Jehova Molimo ka boeena a neng a ikutloa ka eona ka hore Iseraele e be le morena oa motho. Re ka hlokomela hoo karabelong ea Molimo ha Iseraele e ne e batla morena mehleng ea moprofeta Samuele.—Baahloli 8:23; 6:12-16; 1 Samuele 8:7.

14 Leha ho le joalo, ha morena a khethiloe, qalong Saule a bea mohlala o motle oa ho ikhalemela tšebelisong ea matla. Batho ba bang ba maoatla ba re: “Motho eo a ka re namolela joang? Ba mo nyelisa ke hona . . . a mpa a se ke a re letho.” A ka be a ’nile a phosumela litaba ka matla a hae a borena, empa ha a ka a ho etsa. Ka ho tšoanang, hoba Saule a hlōle Baammone, ba bang ho batho ba hae ba nahana hore ena e tla ba nako e ntle ea ho iphetetsa ho ba ileng ba nyelisa Saule. Eaba ba re ho eena: “Ke mang ea itseng: Saule e ke ke ea e-ba morena oa rōna? Hlahisa banna bao, re tle re ba bolaee.” Leha ho le joalo, Saule o ne a se na maikutlo ao ho hang. A arabela: “Ho ke ke ha bolaoa motho tsatsing lena, hobane Jehova o loetse Iseraele haholo kajeno.” Re ka bona hore ka sebele Saule o qalile hantle le ka boitlhompho. (1 Samuele 9:21; 10:20-23, 27; 11:12, 13) Ke ho soabisang hakaakang hore e be o ile a qala ho sebelisa matla a hae a borena hampe ’me kahoo a qetella hampe!—1 Samuele 28:6; 31:3-6.

15, 16. (a) Moahloli Samuele o bile le hona ho fana ka bopaki bofe mabapi le tšebeliso ea hae ea matla a boahloli? (b) Ke mohlala ofe o joalo oo Davida a faneng ka oona?

15 Samuele, moprofeta eo e neng e boetse e le moahloli oa Iseraele, o beile mohlala o motle. Molimo o mo sebelisitse ka matla ho tloha bocheng ba hae. Samuele ka toka a ahlola batho ba hae ’me a ba lopolla. Na o kile a ipha monyetla ka boemo ba hae bakeng sa moruo oa boikhabi? Le hanyenyane! Polelong ea hae ea ho qetela ho sechaba o itse: “Le ka bona hobane ke mametse mantsoe a lōna kahohle kamoo le mpoleletseng kateng, ka ba ka le beela morena . . . Mponeng, ke ’na enoa; le mpakele pontšeng ea Jehova le pontšeng ea motlotsuoa oa hae: na ke nkile khomo ea mang? kapa ke nkile esele ea mang? ke jele ntho ea mang? kapa ke tšoentse mang? kapa ke matsohong a mang ke amohetseng moputso oa hore ke foufatse mahlo a ka ka oona?” Sechaba sa hae sa lokela ho lumela hore bophelo ba Samuele bo ne bo se na sekoli litabeng tsena tsohle. O ne a sa sebelise matla a setulo sa hae sa boahloli hampe.—1 Samuele 12:1-5.

16 Leha e le hore re ka hlokomoloha mohlala o motle o beiloeng ke Davida. Ka makhetlo a mabeli Morena Saule o ne a le matleng a hae ’me a ka be a ’molaile. Davida a ka be a ile a bea lebaka la hore: ‘Saule o futuhile ho mpolaea, ka hona ke ’na kapa eena.’ Kapa ka boikhabi o ne a ka ’na a bea lebaka la hore: ’kaha Samuele o ntlotselitse ho ba morena oa kamoso oa Iseraele, ena ke tsela eo ho tlamehang hore ho qetelle ho tlile ka eona. Ke hobane’ng ha e ke ke ea e-ba hona joale?’ Che, Davida a ema ka mamello ho fihlela nako ea Jehova hore a mo nee ’muso. (1 Samuele 24:1-22; 26:1-25) Leha ho le joalo, le hoja ho le bohloko ho ho bolela, hoba Davida e be morena, ka makhetlo a mabeli o ile a sebelisa matla a hae hampe: ka ho etsa hore Uria a bolaoe le ka ho bala lebotho la Iseraele.—2 Samuele 11:15; 24:2-4, 12-14.

17. Pauluse o bontšitse joang hore ha ho mohla a bileng meharo le hore ha a ka a sebelisa matla a hae hampe?

17 Har’a balateli ba Jesu Kreste, moapostola Pauluse o beile mohlala o motle tabeng ena. A ka be a ’nile a laela liphutheho tseo a neng a li sebeletsa hore li mo phelise. Empa ha a ka a ipha monyetla oa sena. A bolella baholo ba Efese: “Ha kea ka ka lakatsa silevera, leha e le gauda, leha e le kobo ea e mong. ’Me lea tseba e le lōna hobane matsoho ana a sebelitse se neng se hlokoa ke ’na le ke bao ke neng ke na le bona.” (Liketso 20:33, 34) Ha a ngolla phutheho e Korinthe, moapostola o itlhalositse ka matla haholoanyane ntlheng ena. (1 Ba-Korinthe 9:1-18) O ne a e-na le matla a ho tlohela mosebetsi oa boipheliso, hobane ke lesole lefe le eeng le kene tšebeletsong ka litšenyehelo tsa lona? Na Moshe ha a ka a re ho se ke hoa tlangoa molomo oa poho e polang? “Empa,” Pauluse a hlalosa, “ha kea ka ka ithusa ka e ’ngoe ea tseo.” Moputso oa hae e bile ofe? “Ha ke ntse ke bolela Evangeli, ke behela batho Evangeli ea Kreste ka mokhoa o sa ba etsetseng boima, hore ke se ke ka ithusa ka tokelo eo ke nang le eona Evangeling.”

18. (a) Re lokela ho ikutloa joang ka mohlala o motle oa Jehova oa ho sebelisa matla? (b) Ke hobane’ng ha ho ka thoe ba mo etsisang ntlheng ee ba thabile?

18 Ka sebele ho ka thoe, ‘ho thabile bohle ba sa sebeliseng matla a bona hampe.’ Jehova Molimo o na le lebitso le babatsehang hakaakang ka lebaka la ho bea mohlala o motle hakaalo, a lumella matla ’ohle a hae hore kamehla a leka-lekanngoe ke litšobotsi tse ling tsa hae tsa bohlale, toka le lerato! Kahoo, re ka re le mopesaleme Davida: “Boka Jehova, moea oa ka; tsohle tse ka ho ’na a li ke li boke lebitso la hae le khethehileng.” (Pesaleme ea 103:1) Bohle ba latetseng mohlala oa Jehova ka tšebeliso e nepahetseng ea matla, ruri ba thabile. Mehlala eo re buisaneng ka eona e tsoa Mangolong e paka hore le hoja re le batho ba sa phethahalang, le rōna re ka sebelisa ka nepo matla ao re nang le oona. Ka ho etsa joalo, re ke ke ra ba le letsoalo le hloekileng feela empa hape re ka ba le kamohelo ea Molimo le tlhompho ea batho ba bang.

Na U Sa Hopola?

◻ Ke hobane’ng ha ho hlokahala keletso tabeng ea ho sebelisa matla hampe?

◻ Ke mehlala efe e bontšang hore Jehova Molimo o sebelisa matla a hae ka nepo?

◻ Ke hobane’ng ha ho ka thoe Jesu o ne a le hlokolosi hore a se ke a sebelisa matla hampe?

◻ Ke batho bafe Mangolong a Seheberu ba bontšang hore ha baa ka ba sebelisa matla hampe?

◻ Moapostola Pauluse o iponahalitse e le ea beang mohlala joang tšebelisong ea matla?

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Makhabane a ka sehloohong a Jehova a leka-lekanngoa ka ho phethahetseng

Lerato Matla Toka Bohlale

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Molimo o bontšitse matla a oona ka toka:

ka Moroallo

Sodoma le Gomorrha

Leoatleng le Lefubelu

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela