Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/97 leq. 1
  • Bua ka Jehova Letsatsi le Leng le le Leng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bua ka Jehova Letsatsi le Leng le le Leng
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ela Hloko Tsela eo U Buang ka Eona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Rorisa Jehova Letsatsi le Letsatsi
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Rorisang Jehova Kamehla
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Re Rata Ntate oa Rona Haholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
km 12/97 leq. 1

Bua ka Jehova Letsatsi le Leng le le Leng

1 Batho ba thabela ho bua ka eng kapa eng eo ba e ratang haholo, etsoe molomo o bua se tletseng ka pelong. (Luka 6:45b) Ntho ea bohlokoa ke eng lipelong tsa rōna? Mopesaleme o ile a ngola: “Leleme la ka le tla bolela ho loka ha hao, le u rorise ka matsatsi ’ohle.” (Pes. 35:28, BPN) O ne a ananela Jehova ka botebo ’me a nka hore ke tokelo ea bohlokoa ho bua ka Molimo le ho mo rorisa neng kapa neng. Kaha mopesaleme o ne a tloaelane haholo le Jehova, o ne a e-na le lintho tse ngata tse molemo tse mo thabisang. (Pes. 35:9) Re ka etsisa mohlala oa hae o motle joang?

2 Bua ka Jehova Lapeng ha Hao: Jehova o lokela ho fetoha puo ea letsatsi le leng le le leng ka lapeng. Batsoali ba ratang Jehova ka matla, ka tloaelo ba tla bua ka eena mesebetsing eohle ea bona. (Deut. 6:5-7) Ha ba ntse ba etsa joalo, bana ba tla lemoha hore ntat’a bona le ’m’a bona ba phelela tumelo le hore ba rata molao oa Molimo. Ke moo joale bana ba tla talima thuto ea lelapa ea Bibele e le pontšo ea ’nete ea boinehelo ba bomolimo ba batsoali ba bona.—2 Pet. 3:11.

3 Bua ka Jehova ho Barab’eno: Kemisong ea rōna ea puso ea Molimo ea beke le beke, re na le menyetla e mengata ea ho fepa likelello tsa rōna le lipelo ka lijo tsa moea. Ha ho mohla re felloang ke litaba tse monate. (Luka 6:45a) Na ho na le ntlha eo u e fumaneng thutong ea hao ea botho kapa ’malong oa hao oa Bibele oa beke le beke eo u e thabetseng ka ho khetheha? E kumele barab’eno, kahoo u ba thuse ho hōlisa lerato la bona ho Jehova.—Pes. 35:18; Baheb. 10:24.

4 Bua ka Jehova ho ba Bang: Litšebelisanong tsa rōna le batho ba bang letsatsi le leng le le leng—mosebetsing, sekolong haesita le litho tse sa lumelang tsa lelapa—ho lokela hore ho totobale hore taba e tlang pele bophelong ba rōna ke ho paka ka Jehova. Ho e-na le ho silafatsoa ke lipuo tse tala le tse hlaha tsa lefatše, lipuo tsa rōna li lokela ho tlotlisa Molimo. Letsatsi le leng le le leng, ha ho hlaha monyetla, bua le ba bang ka litaba tse molemo tseo a re laelang hore re li bolele.—Lik. 5:42; Bakol. 4:6.

5 Joaloka barapeli ba ’nete ba Jehova, e se eka letsatsi le leng le le leng re ka falimehela menyetla ea ho bua ka Jehova, Molimo oa rōna eo ho seng ea tšoanang le eena.—Pes. 106:47.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela