Bohle Rea Hlokahala Hore Mosebetsi o Phethoe
1 Ho hlokahala hore morutuoa e mong le e mong oa Jesu Kreste a utloisise hore boiteko ba hae ba ho tšehetsa le ho kopanela mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso ke ba bohlokoa. Jesu o ile a hlokomela hore barutuoa ba hae ba ne ba tla beha litholoana tsa ’Muso ka tekanyo e sa tšoaneng. (Mat. 13:23) Le hoja boholo ba mosebetsi oa boboleli bo etsoa ke bo-pula-maliboho ba bangata ba sebetsang ka thata, bohle ba ikitlaetsang ka matla ho tsoela pele ho tlotlisa Molimo ka ho hlahisa litholoana tse joalo ba babatsoa haholo.—Joh. 15:8.
2 Boiteko bo Kopanetsoeng bo Finyella ho Hongata: Jesu o boletse esale pele hore boiteko bo kopaneng ba barutuoa bohle ba hae bo ne bo tla hlahisa mesebetsi e meholo ho feta ea hae. (Joh. 14:12) Ebang maemo a rōna a botho a lekanyetsa seo re ka se etsang kapa a re lumella ho qeta nako e ngata boboleling ba ’Muso, kaofela ha rōna rea hlokahala hore mosebetsi o phethoe. Ho joalokaha Pauluse a boletse: “’Mele oohle, ka ho ba o kopantsoeng hammoho ka tumellano le ka ho etsoa hore o sebelisane ka lenonyello le leng le le leng le fanang ka se hlokahalang, ho ea ka tšebetso ea setho se seng le se seng ka tekanyo e loketseng, o sebeletsa khōlo ea ’mele.”—Baef. 4:16.
3 Ba bang ba ka ’na ba ikutloa hore boiteko ba bona ha bo tlatsetse ka letho. Leha ho le joalo, mahlong a Jehova ntho ea bohlokoa ke tšebeletso ea rōna ea moea oohle. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re mo etsetsang eona ke ea bohlokoa ho eena ’me oa e ananela.—Bapisa le Luka 21:1-4.
4 Tsoela pele ho Tšehetsa Mosebetsi: Kaofela ha rōna re na le monyetla oa ho etsa monehelo oa lintho tse bonahalang bakeng sa mosebetsi oa lefatše lohle. Ba bang ba ka boela ba thusa ka mosebetsi oa matsoho o amehang bakeng sa ho tšehetsa mosebetsi oa ’Muso. E mong le e mong a ka ikitlaetsa ka matla ho fana ka litlhaloso tse lokiselitsoeng hantle libokeng le ho kopanela Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Ka ho sebelisa menyetla ea ho khothatsa ba bang, re etsa monehelo oa bohlokoa haholo o tlatsetsang bomoeeng ba phutheho, ’me sena se eketsa matla a eona a ho finyella mosebetsi o behiloeng tlhokomelong ea eona.
5 E, bohle rea hlokahala hore mosebetsi o phethoe. Ha ho ea lokelang ho ikutloa hore eena ha a hlokahale hore mosebetsi o phethoe. Boiteko ba rōna bo kopaneng, bo boholo le bo bonyenyane ba ho sebeletsa Jehova bo re khetholla e le rōna feela barapeli ba ’nete ba Molimo. (Mal. 3:18) E mong le e mong oa rōna a ka kopanela ka tsela e nang le morero ho tlotliseng Jehova le ho thuseng ba bang ho mo tseba le ho mo sebeletsa.