Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/98 leq. 2
  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa June

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa June
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 1 June
  • Beke e Qalang ka la 8 June
  • Beke e Qalang ka la 15 June
  • Beke e Qalang ka la 22 June
  • Beke e Qalang ka la 29 June
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 6/98 leq. 2

Liboka Tsa Tšebeletso Tsa June

Beke e Qalang ka la 1 June

Pina 223

8 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Litaba tsa Puso ea Molimo. Hopotsa bahoeletsi ho tlaleha tšebeletso ea bona ea tšimo ea May kapele-pele. Mongoli le bakhanni ba thuto ea buka ba lokela ho hlahloba hore litlaleho tsohle tse saletseng tsa tšebeletso ea tšimo bakeng sa likhoeli tse fetileng lia tlisoa.

15 mets: “Ho Hlomelloa ka ho Feletseng Bakeng sa Mosebetsi o Mong le o Mong o Molemo.” Lipotso le likarabo. Fana ka litlhaloso tse khutšoanyane tse tsoang ho Molula-Qhooa oa February 15, 1989, leqepheng la 22-4.

22 mets: “Ho Pakela ‘Mefuta Eohle ea Batho.’” Moholo le sehlopha sa bahoeletsi ba nang le phihlelo ba buisana ka linehelano tseo ho entsoeng litlhahiso ka tsona. Ka bokhutšoanyane hlahloba seo malumeli a se etsang sebakeng sa lōna le hore na ke hobane’ng ha re lokela ho ba le se itseng seo re se nahanang bakeng sa ho qalisa puisano boemong bo bong le bo bong. Etsa pontšo e le ’ngoe kapa tse peli tse khutšoanyane.

Pina 112 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 8 June

Pina 209

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.

15 mets: “Ho Hlokomela Lintho Tsa Monghali.” Puo ka moholo, e akaretsang boitsebiso bo leng kenyelletsong.

20 mets: “Bohle Rea Hlokahala Hore Mosebetsi o Phethoe.” Lipotso le likarabo. Hlalosa lebaka leo ka lona baholo ba itšetlehileng ka baithaopi ba bangata hore lintho li phethoe. Hlahloba litlhoko tsa phutheho tse kang ho hloekisoa ha Holo ea ’Muso le ho bolokoa ha eona e le boemong bo botle, ho thusa ba kulang le ba hōlileng le ho akaretsa tšimo. Mema baholo ho bolela kamoo ba ananelang thuso ea boithaopo eo ba bangata ba fanang ka eona. Hatella kamoo boiteko ba e mong le e mong bo hlokahalang kateng.

Pina 153 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 15 June

Pina 7

10 mets: Litsebiso tsa phutheho.

20 mets: “Ikitlaetseng ka Matla.” Puo e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa January 15, 1986, leqepheng la 10-14. Tšohla bohlokoa ba tšebeletso ea bopula-maliboho ba kamehla, khothalletsa hore ba ngolise ka la 1 September.

15 mets: “Ho Paka ka Boitšoaro bo Botle.” Lipotso le likarabo. Buisana ka lipotso le bacha bao e leng mehlala. Ba bolela kamoo ba bang ba ileng ba khahloa kateng ke boitšoaro ba bona ba Bokreste. Pheta phihlelo e le ’ngoe kapa tse peli tse tsoang ho Molula-Qhooa oa January 1, 1995, leqepheng la 24-5.

Pina 170 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 22 June

Pina 61

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bolela hore na tlhahlobo ea lichelete tsa phutheho e phethiloe neng.

15 mets: Kamoo ho ka Qalisoang Tselana ea Limakasine Kateng. Bontša se hlokahalang: ngola lintho tsohle tse tsamaisitsoeng, khutlela nakong ea libeke tse peli, bolela lintlha tse ncha tse tsoang limakasineng tsa morao-rao le ho boloka thahasello e tsoela pele. Tselana ea limakasine e ka akarelletsa baahelani, basebetsi-’moho, litlelereke tsa mabenkele, basebetsi ba likaracheng tsa petrole le ba bang. Kōpa mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ho pheta phihIelo e mabapi le tselana ea limakasine.

20 mets: Bo-pula-maliboho ba Thusa ba Bang. Puo ka molebeli oa tšebeletso, o hlahloba tokisetso ea hore bo-pula-maliboho ka seqo ba thuse ba bang. O hlalosa kamoo mananeo a ho thusa ba bang a ileng a qalisoa kateng nakong e fetileng. (jv-SU 100; km-SU 8/79 1, 3) Ba bacha ba fetang milione ba ileng ba kolobetsoa lilemong tse tharo tse fetileng ba hloka koetliso. Lenaneo la “Bo-pula-maliboho ba Thusa ba Bang” le sebelisa phihlelo le koetliso ea bo-pula-maliboho ba kamehla le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba bileng teng Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho. Pakane ke hore pula-maliboho ka mong a thuse bahoeletsi ba babeli ka selemo tšebeletsong le hore ba kopanele haholoanyane. Ba thusoang ha ba na lebaka la ho ikutloa ba tšaba; ho hatelloa ho fana ka khothatso e lerato le e mosa. Lenaneo lena le lecha le fana ka thuso ho ba likete tse makholo hore e be baboleli ba atlehileng.

Pina 207 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 29 June

Pina 114

10 mets: Litsebiso. Hopotsa bohle ho tlisa litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa June. Bua ka lingoliloeng tseo ho tla nehelanoa ka tsona ka July.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho kapa Na ke KhoehIisitse? Puo ka moholo e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa December 15, 1987, leqepheng la 18-19, serapeng sa 14-16. Khothalletsa ba ’nileng ba e-ba mafolofolo ka lilemo tse ngata ho hlahloba boleng le bongata ba tšebeletso ea bona e halalelang.

20 mets: Kaofela ha Rōna re ka Paka ka Mokhoa o sa Reroang. Puo le puisano le bamameli e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa October 15, 1987, leqepheng la 22-7. Bontša kamoo bao nako ea bona e nkoang ke mosebetsi oa boipheliso, lelapa kapa boikarabelo ba botho, ba ka fumanang menyetla e mengata letsatsi le leng le le leng ho arolelana litaba tse molemo le ba bang kateng. Akarelletsa le liphihIelo tse ling tsa sebakeng sa lōna.

Pina 76 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela