Tsela ea ho Fumana Tšepo Nakong ea ho Nyahama
AK’U nahane u se u feta liphihlelong tse latelang: Lintho tsa hao tsohle tse bonahalang li sentsoe, u setse lepalapaleng. Bana ba hao—thabo ea bophelo ba hao—ba shoele. Molekane oa hao a sa u khothatse. U kula hampe. U le mahlomoleng letsatsi le leng le le leng.
Haeba boo e ne e le boemo ba hao bophelong, na u ne u ka fumana lebaka la ho tsoela pele u phela? Kapa na u ne u tla inehella ho nyahama?
Matšoenyeho ana a bakang masoabi a sa tsoa hlalosoa e bile phihlelo ea sebele bophelong ba Jobo, motho ea phetseng linakong tsa Bibele. (Jobo khaolo ea 1, 2) Ha a tepeletse maikutlo haholo Jobo o ile a belaela: “Pelo ea ka e khoboheloa ke bophelo ba ka.” O ne a tla amohela lefu e le pheko. (Jobo 10:1; 14:13) Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe mahlomola a hae a tebileng, Jobo o ile a boloka botšepehi ba hae ho Molimo. Ka lebaka leo, Jehova o ile a “hlohonolofatsa qetello ea Jobo ho fetisa qalo ea hae.” Kahoo o ile a shoa ka khotso, “a tsofetse, a atetsoe ke matsatsi.”—Jobo 42:12, 17.
Jobo o behile mohlala oa mamello o rorisoang ho fihlela kajeno. Liteko tsa hae li ile tsa ntlafatsa botho ba hae ’me tsa susumelletsa ba bang mesebetsing e metle. (Jakobo 5:10, 11) Habohlokoa ka ho fetisisa, botšepehi ba Jobo bo se nang sekoli bo ile ba thabisa pelo ea Jehova. (Liproverbia 27:11) Kahoo, phihlelo e tšosang ea bohloko bo tebileng e ile ea qetella e bile tlhōlo e tsotehang ea tšabo ea bomolimo, tumelo le botšepehi tse ileng tsa tlisa mahlohonolo ho Jobo le ho bohle ba susumelitsoeng ke mohlala oa hae.
Tšepo ho sa Tsotellehe Liteko Tse sa Tšoaneng
U ka ’na ua ba le liteko tse tšoanang le tseo Jobo a bileng le tsona. E ka ’na eaba ho lahleheloa ke moratuoa ho u siile u ferekane maikutlo. E ka ’na eaba ho kula ho matla ho entse hore bophelo ba hao bo tlale ka bohloko. Ho ka ’na ha bonahala eka tsela eohle ea hao ea bophelo e sentsoe ke tlhalo e sisimosang pelo. Ho ka etsahala hore ebe mathata a moruo a u siile lepalapaleng. U ka ’na ua hlorisoa ka sehlōhō ke bahanyetsi ba lonya ba borapeli ba ’nete. Ho loanela ho sebetsana ka katleho le liteko tsa hao ho ka ’na ha be ho u siile u e-na le boikutlo ba ho hloka tšepo mabapi le bokamoso ba hao.—1 Petrose 1:6.
Ho e-na le ho inehella ho nyahama, ipotse, ‘Ke hobane’ng ha ke le mahlomoleng?’ U mahlomoleng hobane u phela lefatšeng le ‘rapaletseng matleng a ea khopo,’ Satane Diabolose. (1 Johanne 5:19) Ka lebaka leo, motho e mong le e mong o mahlomoleng. Ka tsela e itseng kaofela ha rōna re angoa ke lehloeo la molaetsa oa ’Muso le susumetsoang ke Diabolose, mantsoe a ba bang a bontšang ho hloka lerato kapa liketso tse tšosang tsa boitšoaro bo bontšang ho se tšabe Molimo tse atileng hakana ‘linakong tsena tse mahlonoko.’—2 Timothea 3:1-5.
Haeba ho etsahetse ntho e sithabetsang bophelong ba hao, e ka ’na eaba u bile phofu ea “nako le ketsahalo e sa lebelloang.” (Moeklesia 9:11, NW) Ka lehlakoreng le leng, ka linako tse ling lintho lia fosahala bophelong ka lebaka la ho futsa sebe ha rōna. (Baroma 5:12) Esita le haeba u entse phoso e tebileng empa u bakile ’me u batlile thuso ea moea, u se ke ua ikutloa eka Molimo o u lahlile. (Pesaleme ea 103:10-14; Jakobo 5:13-15) O re tsotella ho feta mang kapa mang. (1 Petrose 5:6, 7) U ka kholiseha hore “Jehova o haufi le ba pelo tse robehileng, o thusa ba meea e tetelitsoeng.” (Pesaleme ea 34:18) Ho sa tsotellehe hore na teko ea hao e ka sithabetsa hakae kapa e ka ba matla hakae, Jehova a ka u fa bohlale ba ho sebetsana le eona. (Jakobo 1:5-8) Kamehla hopola hore Jehova a ka folisa maqeba ’ohle. Ha u amoheloa ke eena, ha ho letho le ka u thibelang ho fumana moputso oa bophelo.—Baroma 8:38, 39.
Na Liteko li ka Tlisa Molemo?
Ho na le polelo ea khale e reng, “Ha ho senyeha ke ha ho loka.” Eo ke tsela e bonolo ea ho re ho sa tsotellehe hore na lintho li mpefala hakae, kamehla u ka fumana lebaka la ho ba le tšepo. Morero oa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ngotsoeng Lentsoeng la Molimo ke hore ‘re be le tšepo.’ (Baroma 15:4) Ho sa tsotellehe hore na matšoenyeho a hao a tebile hakae, litšepiso le melao-motheo tse ka Bibeleng li ka u tlisetsa thabo le tšepo e nchafalitsoeng.
Mangolo a bontša hore ‘matšoenyeho ke a motsotsoana hape a bobebe’ ha a bapisoa le mahlohonolo a ka ho sa feleng a behiloeng ka pel’a ba ratang Molimo. (2 Bakorinthe 4:16-18) Hape Bibele e bontša hore litšoaneleho tsa bomolimo tse hlaoleloang nakong ea liteko ke tsa bohlokoa ho feta botumo kapa leruo la lintho tse bonahalang. (1 Johanne 2:15-17) Kahoo, esita le ho utloa bohloko ho ka phetha morero o molemo. (Baheberu 5:8) Ha e le hantle, ho sebelisa se ithutiloeng nakong ea liteko ho ka u tlisetsa mahlohonolo a sa lebelloang.
Teko e boima e ka u nolofatsa haholoanyane. U ka ’na ua lumela hore nakong e fetileng u ne u e-na le tšobotsi e neng e halefisa ba bang ebile e sitisa tsoelo-pele ea hao moeeng. Mohlomong e ne e le ho itšepa ho tlōla. Ka mor’a hore u utloisoe bohloko ke tlokotsi e itseng, kapele u ka ’na ua hlokomela hore na u fokola hakae le hore na u hloka ba bang hakae. Haeba teko ea hao e u rutile thuto eo ’me u entse liphetoho tse hlokahalang, e u tsoetse molemo.
Ho thoe’ng haeba, nakong e fetileng, ba bang ba ne ba fumana ho le thata ho sebetsana le uena hobane u ne u e-na le bothata ba ho laola bohale ba hao? E ka ’na eaba sena se bile se u baketse ho kula ho itseng ’meleng. (Liproverbia 14:29, 30) Leha ho le joalo, hona joale, e ka ’na eaba boemo bo molemo haholoanyane hobane u tšepile moea oa Molimo hore o u thuse ho ba le boitšoaro.—Bagalata 5:22, 23.
Joaloka ba bang, mohlomong ka nako e ’ngoe u ne u se na kutloelo-bohloko bakeng sa ho hauhela ba fosang. Empa haeba uena ka bouena u ile ua oela boemong boo ho bona u ileng ua ikutloa u hloka ho bontšoa mohau haholo, mohlomong hona joale u sekametse haholoanyane ho hauheleng ba bang. Qenehelo e thobang pelo, kameho le mohau tseo u ileng ua li bontšoa li entse hore u hlokomele hore u lokela ho bontša litšoaneleho tse tšoanang ho bafosi ba bakileng. Haeba mahlomola a hao a u susumelelitse ho lokisa bofokoli bona bothong ba hao, ona ke molemo o mong oo u o fumaneng phihlelong ea hao. U ithutile hore “mohau o thaba ka ho fetisisa ka tlhōlo holim’a kahlolo.”—Jakobo 2:13; Matheu 5:7.
Ho thoe’ng haeba taeo e tsoang phuthehong ea Bokreste e entse hore u lahleheloe ke litokelo tseo u li nkang e le tsa bohlokoa le tlhompho ea ba bang? U se ke ua inehella ho nyahama. Khalemelo e thusa ho boloka phutheho e hloekile, empa lipakane tsa eona li akarelletsa ho tsosolosa mofosi moeeng. Bonneteng, “ha ho taeo eo hona joale e bonahalang e thabisa, empa e baka mesarelo; empa leha ho le joalo ka mor’a moo ho ba koetlisitsoeng ke eona e beha litholoana tsa khotso, e leng, ho loka.” (Baheberu 12:11) Le hoja taeo e ka sithabetsa ka ho feletseng, ha e siee motho ea bakileng ka boikokobetso a se na tšepo. Morena Davida oa boholo-holo oa Iseraele o ile a lauoa ka matla ka lebaka la ho etsa bobe, empa o ile a baka ’me qetellong o ile a amohela pabatso e khethehileng joaloka motho oa tumelo e ikhethang.—2 Samuele 12:7-12; Pesaleme ea 32:5; Baheberu 11:32-34.
Teko e ka ba le phello e tebileng ponong ea hao. Nakong e fetileng, mohlomong u ne u lebisitse tlhokomelo ea hao lipakaneng tsa lintho tse bonahalang le linthong tseo u li finyeletseng tse neng li etsa hore batho ba lebise tlhokomelo ho uena le hore u be boemong bo phahameng sechabeng lefatšeng lena. Mohlomong teko e amanang le ho oa licheleteng kapa ho lahleheloa ke lintho tse bonahalang e entse hore u lebise mehopolo ea hao linthong tsa bohlokoa haholoanyane. (Bapisa le Bafilippi 1:10.) Hona joale u hlokomela hore litekanyetso le lipakane tsa moea tšebeletsong e halalelang ke tsona feela lintho tse tlisang thabo ea ’nete le khotsofalo e tšoarellang.
Tšepa Jehova
Ho etsetsa Jehova tšebeletso e halalelang ho ka ’na ha fella ka ho hlorisoa le ho utloisoa bohloko ke ba hanyetsang litumelo tsa hao tsa Bokreste. U ka ’na ua ikutloa u le tlas’a khatello ka lebaka la teko ena, empa e ka tlisa molemo. Teko ena e ka ’na ea matlafatsa tumelo ea hao. Ho feta moo, ba bang ba hlorisoang ba ka ’na ba khothatsoa le ho matlafatsoa ke ho lemoha mamello ea hao. Lipaki tse boneng ka mahlo boitšoaro ba hao bo botle li ka ’na tsa susumelletseha ho tlotlisa Molimo. Esita le bahanyetsi ba hao ba ka ’na ba hlajoa ke lihlong ’me ba hlokomela mesebetsi ea hao e molemo!—1 Petrose 2:12; 3:16.
Ho hlokahala hore u tšepe Jehova, e le hore u qobe ho nyahama ha u hlorisoa. Lentsoe la hae le bontša hore u tla fela u lokolohe tekong, empa e ka ’na ea se be kapele kamoo u ka lakatsang kateng. Ho sa le joalo, ‘u se ke ua tela ho etseng se nepahetseng.’ (2 Bathesalonika 3:13) Tsoela pele ho batla litsela tsa ho sebetsana le liteko ka katleho le ho mamella. Esita leha ho bonahala eka ha ho na tšepo, “jarisa Jehova phahlo tsa hao, ’me o tla u tšehetsa; a ke ke a lumela hore ea lokileng a ’ne a sisinngoe.” (Pesaleme ea 55:22) Ho e-na le ho ameha ka ho teba ka ho iqenehela, nahana ka kamoo u hlohonolofalitsoeng kateng hore ebe u tseba Jehova, u na le sebaka har’a batho ba hae, ’me u na le tšepo ea bophelo bo sa feleng.—Johanne 3:16, 36.
Boloka kelello ea hao e tsepamisitsoe linthong tse hlokahalang. E-ea ho Jehova letsatsi le leng le le leng ka thapelo, u kōpe matla a ho mamella. (Bafilippi 4:6, 7, 13) Leleka mehopolo leha e le efe ea ho iphetetsa ho ba u utloisang bohloko. Tlohella lintho matsohong a Jehova. (Baroma 12:19) Tsoela pele ho batla litsela tsa ho ntlafatsa botho ba hao, u hlaolele litšoaneleho tsa Bokreste. (2 Petrose 1:5-8) Ananela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba bang ba u etsetsang eona, ho akarelletsa le baholo bao ka lerato ba hlokomelang litlhoko tsa hao tsa moea. (Baheberu 13:7, 17) Tšepahala ho Molimo, ’me u tsepamise mahlo a hao moputsong oa bophelo, u kholisehile hore esita le lefu le ke ke la u amoha oona.—Johanne 5:28, 29; 17:3.
Haeba hona joale u masoabing a maholo kapa litekong tse matla, ‘ho tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle,’ le thabo e ngata qetellong li tla nkela mesarelo le bothata ba hao sebaka. (Liproverbia 3:5, 6; Johanne 16:20) Masisa-pelo a tla nkeloa sebaka ke thabo ha Molimo a u hlohonolofatsa joalokaha a ile a hlohonolofatsa Jobo. Mahlomola a kajeno hase letho ha a bapisoa le moputso oa hao. (Bapisa le Baroma 8:18.) Ho mamella ha hao ka botšepehi ho ka khothatsa ba bang le ho u thusa ho hlaolela litšoaneleho tse ntle tsa Bokreste tse tlisoang ke “botho bo bocha.” (Baefese 4:23, 24; Bakolose 3:10, 12-14) Ka hona he, fumana sebete keletsong e bohlale ea moapostola Petrose: “Ba utloang bohloko tumellanong le thato ea Molimo a ba ’ne ba tsoele pele ho beha lisoule tsa bona kalosong ea ’Mōpi ea tšepahalang ha ba ntse ba etsa se molemo.”—1 Petrose 4:19.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
E-ba joaloka Jobo. Le ka mohla u se ke ua felloa ke tšepo
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle