Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/99 leq. 1
  • Mokhoa oa ho Fumana Thabo e Eketsehileng Libokeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mokhoa oa ho Fumana Thabo e Eketsehileng Libokeng
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Liboka Tsa Lipaki Tsa Jehova li ka U Tsoela Molemo Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ba Teng Kamehla Libokeng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Na U Kenya Letsoho ho Etsa Hore Liboka Tsa Bokreste e be Tse Hahang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Liboka li Ruisa Bacha Molemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
km 10/99 leq. 1

Mokhoa oa ho Fumana Thabo e Eketsehileng Libokeng

1 Liboka ke tsa bohlokoa haholo hore re thabe moeeng. Thabo eo re e fumanang ho tsona e amana ka ho toba le seo re se etsang pele ho liboka, nakong ea tsona le ka mor’a tsona. Re ka etsa joang hore thabo ea rōna le ea ba bang e lule e ntse e khaphatseha ha re le libokeng?

2 Pele ho Liboka: Tokisetso e na le tšusumetso e tobileng mabapi le thabo eo re e fumanang libokeng. Ha re lokiselitse hantle, re ba le tšekamelo e khōloanyane ea ho mamelisisa le ho kopanela. Ho phaella moo, kabelo leha e le efe ea liboka eo re e fumanang e lokela ho lokisetsoa hantle ka sepheo sa ho fetisa boitsebiso ka nepo ho ea ka litaelo le ka sepheo sa ho hapa thahasello ea bamameli. Re lokela ho itlhakisa ka ho phethahetseng. Ha re tlatsetsa libokeng tse phelang le tse hahang tse tsoelang e mong le e mong molemo, tsoelo-pele ea rōna ea totobala ’me re ba le thabo e khōloanyane.—1 Tim. 4:15, 16.

3 Nakong ea Liboka: Ho fana ka litlhaloso libokeng ho ka re thusa hore re li thabele haholoanyane. Lipuo tse hlokang hore bamameli ba kopanele ho tsona li lokela ho talingoa e le likabelo tse tobaneng le e mong le e mong ka phuthehong. Litlhaloso tse khutšoanyane le tse tobileng hangata li finyella ho hoholo. Ho pheta liphihlelo tse hahang ka bokhutšoanyane e ka ba ho khothatsang le ho matlafatsang haholo, ’me re lokela ho ba hlokolosi hore rea li kenyelletsa neng le neng ha lenaneo le li hloka. (Liprov. 15:23; Lik. 15:3) Ha re fana ka puo sebokeng, re lokela ho bua ka cheseho le ka kholiseho, re etse hore e be e thahasellisang, ea sebele le e sebetsang.

4 Ka Mor’a Liboka: Ho arolelana le ba bang mantsoe a mosa, tumeliso e nang le botsoalle le lintlha tse seng kae tse hlahlobiloeng libokeng, li tla re tsoela molemo bohle. Ho bonahatsa thabo ea rōna ha re bona ba banyenyane, ba hōlileng le ba bacha ’neteng ba kopanela ho tebisa lerato la bara ba motho. Ho e-na le ho bua hampe ka ba bang ba ka ’nang ba fosoa ke liboka, re lokela ho kopanela le bona thabo eo re e tlisetsoang ke ho ba teng libokeng, kahoo re ba khothatsa hore ba be teng.—Baheb. 10:24, 25.

5 A re se keng ra itima tokisetso ena ea bohlokoahali ea ho khothatsana. (Baroma 1:11, 12) Ka ho tlatsetsa ka boiteko bo bong le bong bo tiileng ka letsoalo le letle, kaofela re ka lula re e-na le thabo ka ho ba teng libokeng tsa Bokreste.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela