Na Hase Seo re Kileng ra se Utloa?
1 Ka sebele re kile ra se utloa! Jehova o pheta lintho tse ngata Lentsoeng la hae molemong oa batho ba hae. Khafetsa Jesu o ne a pheta lithuto tsa hae mabapi le litšobotsi tse sa tšoaneng tsa ’Muso. Baapostola ba hae ba ne ba lula ba hlahloba lintho tsa moea le ba neng ba tsepame ’neteng.—Baroma 15:15; 2 Pet. 1:12, 13; 3:1, 2.
2 Mehleng ea rōna mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o lokiselitse hore lintlha tsa bohlokoa li hlahlojoe khafetsa libokeng tsa phutheho. Ho ’nile ha ithutoa likhatiso tse itseng ka makhetlo-khetlo. E, ke habohlokoa ho utloa lintho tseo re kileng ra li utloa pele!
3 Ho Pheta-pheta ho Finyella Tlhoko ea Bohlokoa: Likhopotso tsa Jehova li tebisa kutloisiso ea rōna, li atolosa pono ea rōna le ho matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho lula tseleng ea moea. (Pes. 119:129) Ho hlahloba litekanyetso tsa Molimo le melao-motheo ea hae ho tšoana le ho icheba ka seiponeng. Ho re thusa ho itlhahlobisisa le ho loantša tšekamelo ea ho ba ‘bautloi ba lebalang.’—Jak. 1:22-25.
4 Haeba re sa lule re ikhopotsa ’nete, lintho tse ling li tla susumetsa lipelo tsa rōna. Likhopotso tsa Molimo li re matlafalletsa ho hanela litšusumetso tse silafatsang tsa lefatše la Satane. (Pes. 119:2, 3, 99, 133; Bafil. 3:1) Likhopotso tsa kamehla tseo re li fumanang mabapi le ho phethahala ha merero ea Molimo li re susumelletsa hore re ‘lule re lebetse.’ (Mar. 13:32-37) Ho pheta-pheta linnete tsa Mangolo ho re thusa ho lula re le tseleng e isang bophelong bo sa feleng.—Pes. 119:144.
5 Tsela ea ho Rua Molemo ka Bomong: Re lokela ho ‘etsa hore lipelo tsa rōna li sekamele likhopotsong tsa Molimo.’ (Pes. 119:36, NW) Haeba sebokeng sa phutheho ho il’o ithutoa taba eo re e tloaetseng, re lokela ho lokisetsa esale pele, re shebe mangolo a bontšitsoeng, ’me re nahane kamoo re ka sebelisang boitsebiso boo kateng. Re se ke ra fosa ho lokisetsa tlhahlobo e ngoloang ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, ra nahana hore ha ho hlokahale. (Luka 8:18) Ha re batle hore le ka mohla re be ba sa mameleng hobane linnete tsa motheo li phetoa khafetsa libokeng tsa rōna.—Baheb. 5:11.
6 E se eka re ka ba le boikutlo bo kang ba mopesaleme: “Ke ithabela tseleng ea likeletso tsa hao, joalo ka hoja eka ke ruile maruo kaofela.” (Pes. 119:14) E, re kile ra utloa lintho tsena tsa bohlokoa pele, ’me mohlomong re tla boela re li utloe. Hobane’ng? Hobane Jehova oa tseba hore re lokela ho li utloa!