Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
THLOKOMELISO: (1) Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e tla ba le kemiso ea Seboka sa Tšebeletso bakeng sa beke e ’ngoe le e ’ngoe nakong ea kopano, ’me ho tla ba le tlhahlobo ea metsotso e 30 ea lintlha tse khōlō tsa lenaneo kemisong bakeng sa beke ea la 27 December. Liphutheho li ka ’na tsa etsa liphetoho moo ho hlokahalang e le hore li be teng Kopanong ea Setereke ea “Lentsoe la Molimo la Boprofeta” ebe li etsa tlhahlobo Sebokeng sa Tšebeletso bekeng e latelang eo.
(2) Ho qala ka tokollo ena ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, Kemiso ea Liboka tsa Tšebeletso e tla akarelletsa kemiso ea Seboka sa Tšebeletso se qalang khoeli e latelang. Phetoho ena e etsetsoa ho koala sekheo sa ho lieha ho ka ’nang ha e-ba teng thomellong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.
Beke e Qalang ka la 6 December
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Khothalletsa bohle hore ka kōpo ba kopanele tšebeletsong ea tšimo qalong ea December. Ba tla beng ba le sieo kapa ba ile kopanong qetellong ea khoeli ba lokela ho fana ka litlaleho tsa bona pele ba tsamaea. Hatisa bohlokoa ba hore bohle ba fane ka litlaleho tsa bona tsa December khoeling ena.
15 mets: “Etsisa Jehova ka ho Hloka Leeme.” Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ’me ho latele puisano ka lipotso le likarabo. Hlalosa se boleloang ke ho hloka leeme, kamoo Jehova a ho bontšang kateng le kamoo re ka ho bontšang kateng tšebeletsong ea rōna.—Bona Insight, Moqolo 1, leqepheng la 1192, serapeng sa 4-7.
20 mets: “Na Hase Seo re Kileng ra se Utloa?” Puo le puisano le bamameli. Khothalletsa bamameli ho hlalosa kamoo ho pheta-phetoa ha lintlha ho ba thusitseng ho utloisisa le ho ananela ’nete haholoanyane kateng.—Bona Molula-Qhooa oa July 15, 1995, leqepheng la 21-2 le August 15, 1993, leqepheng la 13-14, serapeng sa 10-12.
Pina 218 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 13 December
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Fana ka litlhahiso tsa kamoo motho a ka arabelang ka masene kateng litumelisong tsa matsatsi a phomolo. Haeba phutheho e e-na le likopi tsa buka ea Motho e Moholo kapa Mosuoe e Moholo setokong, bontša kamoo li ka sebelisoang hamolemo kateng tšebeletsong nakong ea matsatsi a phomolo ea Keresemese.
15 mets: “Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo sa 2000.” Puo ka molebeli oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Hlahloba liphetoho tse latelang tse kemisong ea selemo se secha. Kabelo No. 3 e tla thehoa ho “Lihlooho Tsa Bibele Tsa Puisano” tse fumanehang ho Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste. Kabelo No. 4 e tla thehoa bukeng ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo ’me likhoeling tse tharo tse qetellang selemong e tla thehoa ho “Lihlooho Tsa Bibele Tsa Puisano” tse fumanehang ho Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste. Moo letšoao lena (#) le hlahang teng pel’a nomoro ea kabelo ena, ho ka ba molemo ha e ka fanoa ke mor’abo rōna. Khothalletsa bohle hore ba tsamaisane le ’malo oa bona oa Bibele oa beke le beke le hore ba leke ka matla ho nehelana ka likabelo tsa bona tsa sekolo.
20 mets: “U Tla Re’ng ho Motho ea sa Lumeleng Hore Molimo o Teng?” Lipotso le likarabo. Hlahloba mabaka a sa tšoaneng a entseng hore ba bangata ba felloe ke tumelo ho Molimo. Etsa litlhahiso mabapi le litsela tse ling tseo re ka ’nang ra ba atamela ka tsona ho ba thusa ho bona hore ho lumela hore Molimo o teng ke ntho e utloahalang. E-ba le pontšo e le ’ngoe kapa tse peli tse khutšoanyane. Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona buka ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 329-36, le Moloko oa Batho o Batla Molimo, khaolo ea 14.
Pina 220 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 20 December
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. E-re bahoeletsi ba phete ka bokhutšoanyane liphihlelo tse loketseng tseo ba sa tsoa li thabela tšebeletsong ea tšimo.
15 mets: Ho Arabela ba ka ’Nang ba Khaoletsa Moqoqo. Puisano le bamameli le lipontšo. Bala “Litlhaloso” tse leqepheng la 15-16 la buka ea Ho Bea Mabaka. Khetha mehlala e ’meli kapa e meraro ea ‘ba khaoletsang moqoqo’ leqepheng la 16-20, kapa u sebelise e meng eo le atisang ho kopana le eona tšimong ea lōna. Hlahloba tse ling tsa likarabelo tse buelloang, ’me le sekaseke hore na ke hobane’ng li ka ’na tsa sebetsa tšimong ea lōna. Etsa lipontšo tse khutšoanyane ka tse seng kae tsa tsona. Mema bamameli hore ba bolele likarabelo tseo ba ileng ba li sebelisa ’me ba fumana liphello tse molemo.
20 mets: Na ke Lokela ho Amohela Mosebetsi o Amanang le Mokhatlo oa Bolumeli? Puo ka moholo, e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa April 15, 1999, leqepheng la 28-30. Batho ba bang ba ile ba amohela mosebetsi o joalo ’me hamorao ba fumana hore seo ba se etsang ha se lumellane le melao-motheo ea Bibele. Hlahloba lipotso tseo re lokelang ho nahana ka tsona ha re etsa qeto ka mosebetsi oa boipheliso o amanang le bolumeli ka tsela e itseng. Khothalletsa bohle ho hahamalla tsela e tla tiisa hore ba ba boemong bo botle ka pel’a Jehova.—2 Bakor. 6:3, 4, 14-18.
Pina 109 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 27 December
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba Tsa Puso ea Molimo. Haeba phutheho ea lōna e tla fetola linako tsa liboka selemong se secha, ka mosa khothalletsa bohle hore ba tsoele pele ba e-ba teng libokeng kamehla ka linako tse ncha. Tsebisa liithuti tsa Bibele le batho ba bang ba thahasellang ka liphetoho leha e le life, ’me le qale ho sebelisa limemo tse bontšang kemiso e ncha. Hopotsa bohle hore ba nehelane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa December.
30 mets: Tlhahlobo ea Kopano ea Setereke ea “Lentsoe la Molimo la Boprofeta.” E lokela ho neheloa ke baholo ba bararo, ba abetsoeng hoo esale pele. Hlahloba lintlha tse khōlō tsa letsatsi leo u le abetsoeng ka tsela e thahasellisang le e hlasimollang. Tlhahlobo ena e lokiselitsoeng hantle e tla thusa phutheho ho hopola lintlha tsa sehlooho tseo batho ka bomong ba ka li sebelisang le tse ka sebelisoang tšimong. Litlhaloso leha e le life tseo bamameli ba fanang ka tsona le liphihlelo tseo ba li phetang e lokela ho ba tse khutšoanyane ’me e be tse tobang taba.
Pina 224 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 3 January
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bohle hore ba nehelane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa December.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho.
20 mets: Tseba ho Fana ka Karabo. (Bakol. 4:6) Puo le puisano le bamameli. Buka ea Ho Bea Mabaka ke thuso e babatsehang bakeng sa ho betla tsela ea ho kopanela ’nete ea Bibele le ba bang. Ha mong’a ntlo a hanyetsa e ’ngoe ea litumelo tsa rōna, mohlomong re ka sebelisa sehloohoana se reng “Haeba e Mong a Re—” se qetellong ea karolo e buang ka tumelo eo. Tšohla litlhaloso tse buang ka Bibele tse leqepheng la 60-3, ’me le hlahlobe hore na ke hobane’ng ha likarabo tse khothalelitsoeng moo li ka ’na tsa ipaka e le tse sebetsang.
Pina 56 le thapelo e koalang.