Maeto a ho Tla Bona Mehaho ea Lekala la Afrika Boroa
Re kōpa hore ba etelang ofising ea lekala la Afrika Boroa ba ele hloko linako tse ncha tseo ka tsona baeti ba tla qala ho bontšoa mohaho fekthering le sebakeng sa bolulo. Linako tsena li sebetsa har’a beke le ka Moqebelo hoseng.
Ka masoabi re ke ke ra bontša baeti mohaho ka linako tse ling ntle ho tsena.
Ho khothalletsoa hore le mpe le tl’o bona mohaho har’a beke kaha hase mafapha ’ohle a sebetsang ka Moqebelo hoseng. Lihlopha tse tsamaeang ka libese li ka qala ho bontšoa sebaka ha li fihla, empa li lokela ho etsa litokisetso le Mokhatlo esale pele.
[Lebokose le leqepheng la 2]
FEKTHERI
8:15 hoseng
9:15 hoseng
10:15 hoseng
1:45 thapama
2:45 thapama
SEBAKENG SA BOLULO
8:45 hoseng
9:45 hoseng
10:45 hoseng
1:15 thapama
2:15 thapama